Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 5/1 maq. 3-6
  • ‘E Monyenyane O Atile ho Isa Seketeng’ Italy

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E Monyenyane O Atile ho Isa Seketeng’ Italy
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lihloohoana
  • Ho Atolosoa ha Lekala
  • Mehaho e Mecha
  • Boiteko bo Kopanetsoeng
  • Ho Khakoloa le ho Buloa
  • Katoloso e ’Ngoe
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 5/1 maq. 3-6

‘E Monyenyane O Atile ho Isa Seketeng’ Italy

“E MONYENYANE ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”—Esaia 60:22.

Ruri Lipaki tsa Jehova li ‘atile ho isa seketeng’ Italy lilemong tsa kamorao ho Ntoa ea II ea Lefatše. E le sehlopha sa bobeli se seholo sa bolumeli kajeno Italy ea Bok’hatholike, lenane la Lipaki le atile ho feta hasekete moo nakong eo—ho tloha ho tse 95 ka 1946 ho isa ho tse fetang 100 000 hona joale.

Jehova ke eena ea ka tlotlisoang bakeng sa khōlo ena ea mohlolo. Empa Lipaki tsa Mataliana le tsona li ile tsa ikitlaetsa, mamello ea tsona e khabane linakong tsa bothata le ho ithaopela ha tsona ho sebelisa nako, matla le lintho tse bonahalang tsa tsona tšebeletsong ea Jehova. Ho nka leoto le sena sohle, le ho fana ka tataiso le tšehetso tse hlokahalang, ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea Italy le eona e ile ea tlameha ho ’na e atolosoa ka lilemo.

Ho Atolosoa ha Lekala

Ofisi ea pele ea lekala e ile ea hlongoa Italy, Manila ka 1946. Kamorao ho lilemo tse peli ea fallisetsoa ntlong e nyenyane e neng e rekiloe ke Mokhatlo Roma. Ka 1972 lenane la Lipaki Italy le ne le nyolohetse ho 25 000. Eare ka selemo seo, setšeng se neng se rekiloe karolong e ka thōko ka leboea ho Roma, Mokhatlo oa haha mohaho oo e bileng lekala le lecha le lehae la Bethele.

Kamorao ho lilemo tse ’nè feela ho falletsoe mohahong oo, lenane la bahoeletsi ba ’Muso Italy la nyolohela ho 60 000. Hang hape ha hlokahala hore lisebelisoa tsa lekala li atolosoe. Leha ho le joalo ha bonahala hore ho fumana tumello ea ho haha ke mosebetsi o qetang matla. Qetellong, ka 1978 ha qaloa mosebetsi mohahong oa polasi ’me oa phethoa ka 1980. Hoetla ka 1979, ha qaloa mohaho o mocha oa bolulo oa Bethele le sebaka sa khatiso.

Mehaho e Mecha

Sebaka sa bolulo sa Bethele ke mohaho oa mekato e mene e nang le karolo e ka tlase. Karolong e lekaneng le lefatše ho na le sebaka sa boikhutso se setle se nang le ’mabole fatše se phethetsoeng ka patsi ea sefate sa mohloare. Hape ho na le ntlo ea ho jela le ea ho phehela tse nang le phahlo eohle e hlokahalang. Ntlo ea ho jela e ka amohela batho ba 200. Mabota a eona a khabisitsoe ka mekhabiso e metle. Holo ea ’Muso e nang le litulo tse 350 e mokatong oa pele. Sebaka sa pokello ea libuka se mokatong oa bobeli. Karolong e ka tlase ho lefatše ke sebaka seo ho lokisoang lisebelisoa tsa motlakase, mechine le moo ho bolokoang lintho.

Karolo e saletseng ea mohaho ke liphapusi tsa ho robala tse ntle tse 70, e ’ngoe le e ’ngoe e na le bate ea eona le lebala. Ha ho balelloa le liphapusi tsa ho robala mohahong oa hona joale, ho na le sebaka sa batho ba 170, kahoo litho tse 158 tsa lelapa la Bethele li lutse hamonate.

Mohaho oa fektri o khanya hantle haholo o bile o kenela moea o motle haholo, re leboha lifenstere tsa oona tse ngata. O na le sebaka se seholo ka holimo, hape o na le sebaka se ka tlase, libaka tsena tse peli li boholo ba limithara tse 1 161 ka seng. Ho na le mechine ea khatiso e meraro ea M.A.N. E ’meli ho eona, hammoho le o rokang libuka, ke e kentsoeng bocha.

Khoeli le khoeli mechine ena e hatisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse 2 300 000. Hona ruri ke tsoelopele, ha ho nahanoa hore ka 1946 bahoeletsi ba ’Muso ba 95 ba ile ba aba limakasine tsena tse 268 feela Italy. Mechine e hatisa libuka tse 60 000 ka beke.

Mohaho oa polasi o tseleng e lerootho limithara tse seng kae ho tloha mohahong o mocha. Polasi kaofela e na le sebaka se etsang hektere tse 50 ’me e hlahisa nama, mahe, lebese, meroho le litholoana bakeng sa lelapa la Bethele. Ka hona ho lokisetsoa lijo tse hahang ka theko e tlase haholo. Mehaho eohle e na le likofuto tse hulang mahlaseli a letsatsi bakeng sa ho futhumatsa metsi.

Boiteko bo Kopanetsoeng

Mosebetsi oa ho haha ke ntho e tloaetsoeng kajeno. Empa ke eng e neng e fapane ka ho emisa lehae lena le lecha la Bethele le khatiso? Mosebetsi ’ohle o entsoe ke Lipaki tse ka bang sekete tse ileng tsa ithaopela ho sebetsa. Libetli tsa mapolanka, baqapi, basebetsi ba mosebetsi o mong le o mong feela, lihahi, litei tsa motlakase, ba lilang, ba kenyang lipompo le ba bang ba tla ba e-tsoa Italy eohle, ho akarelletsa Sicily le Sardinia. Litsebi tse phahameng le ba bang ba mesebetsi e phahameng ba tla ho tla sebetsa ka thata ka matsoho. Libetli tse tharo tsa mapolanka—ntate le bara ba hae ba babeli—ba ne ba e-tla ho tla sebetsa nako le nako, le hoja ba ne ba sa tsoa lahleheloa ke chelete e ngata ka lebaka la ho cha ha sebaka seo ba betlelang ho sona. Moena e mong ea neng a sebetsa mohaho o ne a tsamaea likilomithara tse 100 mafelo a beke e ’ngoe le e ’ngoe ka likhoeli tse ngata e le hore hape a be le lelapa la hae ka nakoana.

Baena ba bangata ba tlohela mahae a bona le mesebetsi, kapa ba nka phomolo ea selemo ho tla sebetsa linako tse telele. Tlotla e lebisoa ho malapa ao ba neng ba a siile bakeng sa boitelo boo ba ileng ba bo etsa ho nolofaletsa setho se le seng sa lelapa hore se tle ho tla sebetsa morerong ona oa bohlokoa.

Kahobane baena boholo ba ne ba lula nakoana e khutšoanyane feela ho ne ho bolela hore basebetsi ba ne ba fetoha hoo e ka bang beke le beke. Hona e ne e le phephetso ea sebele ho baena ba okametseng mosebetsi. Empa e mong le e mong o ne a itokiselitse ho tenyetseha le ho latela litaelo tse fanoang. Ho utloisisa ha bona ho sebelisana ruri e ne e le pontšo ea “tholoana ea moea.”—Ba-Galata 5:22, 23.

Baena ba bangata ba tlatselletsa ka hore mesebetsi ea bona ea khoebo ba e lokollele ho sebelisoa ke Mokhatlo. Ka mohlala, feme e ’ngoe ea baena ea etsa mamati a 300 bakeng sa mohaho o mocha oa bolulo oa Bethele. Ba neng ba sitoa ho tla mosebetsing ba ne ba fana ka chelete le thepa. Le bana ba ne ba chesehela ho thusa. Ngoana e monyenyane a fana ka chelete eo a neng a e bokelletse ka lilemo tse hlano—sohle se neng se le ka lebokoseng la hae la chelete.

Ha molebeli e mong oa mosebetsi a bua ka moea o motle oa baithaopi, o itse: “Ho ne ho khothatsa ho bile ho ama ha ho fihla nako ea ho lumelisa baena bana. Ba ne ba re leboha bakeng sa tokelo ea ho kenya letsoho mosebetsing oa ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng.” Ntlheng ena, mohokahanyi oa Komiti ea Lekala a hlalosa: “Mohaho ona ha o-oa emisoa ka boitelo ba motho a le mong kapa batho ba itseng. O hahiloe ka lebaka la boiteko bo kopaneng ba batho ba Molimo Italy. Ke bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova.”

Ho Khakoloa le ho Buloa

Ho phethoa ha sebaka se secha sa lekala ho ile ha thabisa baena haholo. Hona ho ile ha bontšoa ka ho hlakileng nakong e khethehileng—ho khakoloeng le ho buloeng ha mehaho ena e mecha e neeloa ho Jehova! Hona ho etsahetse ka la 24 ’Mesa, 1982. Empa palo e kholoanyane ea Lipaki tsa Jehova e ne e ka kopanela joang ketsahalong ee e khothatsang? Hore ho be joalo, lenaneo le ikhethang Holong ea ’Muso le mohahong o mocha la hokelloa ka mehala le libaka tsa liboka tse Roma, Novara, Ascoli Piceno, Naples, Syracuse le Cagliari.

Letsatsi le khethiloeng la bonahala e le la moea, serame le pula. Ho sa tsotellehe sena le hore boholo ba lihlopha bo ne bo kopane mabaleng a lipapali a sa ruleloang, letšoele le thabileng la ba 27 372 la thabela lenaneo. Ka ba neng ba bokane Novara, Corriere della Sera ea tlaleha:

“Pula e ne e tšoloha har’a serame, litseleng tse fietsoeng ke moea. Batho ba bangata ba ne ba koaletsoe ka matlung a bona kapa bareng, empa bona [Lipaki tsa Jehova] e ne e le mekhelo. Ba ne ba nkile leeto ho tloha Trieste, Gorizia, Verona le Alessandria ka terene, libese le makoloi a manyenyane. Bana ba thatetsoe ka liaparo tse mofuthu, maqhekoana a tutuetse, banyalani ba tsofetseng ba itširelelitse ka likobo ha ba bokane ka ntlong e nyenyane ea lijo ea lebala la lipapali. . . . Ho ne ho sa bonahale ho hloka taolo, ho korotla kapa ho teneha ho hang.”

Thelevishene ea sechaba ea bua ka ketsahalo ena litabeng tsa mantsiboea. Ea akarelletsa likarolo tsa seboka le ho bontša sebaka se secha sa lekala.

Ea neng a le teng sebokeng le lekaleng e ne e le M. G. Henschel, sebui se seholo le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ho ne ho le teng le baromuoa ba neng ba sebelelitse Italy ka lilemo tse fetang 30. Hape ho le teng litho tsa lelapa la Bethele, ’me tse ling ho tsona li sebelelitse lekaleng ka lilemo tse fetang 35.

Ha Moena Henschel a qala puo ea hae ea pulo, a qotsa polelo e reng ‘e monyenyane o tla ata ho isa seketeng.’ Mantsoe ana a hopotsa metsofe lintho tsa khale. Empa le ho bohle ba teng a hlahisa teboho e tlohang botebong ba pelo ho Jehova Molimo, ea entseng hore ka sebele ‘ho phakise nakong ea teng.’—Esaia 60:22.

Katoloso e ’Ngoe

Le hoja “e monyenyane” a se a ‘atile ho isa seketeng’ Italy, ho totobetse hore ho sa na le mosebetsi o mongata bakeng sa Lipaki tsa Jehova. Ka lisebelisoa tse ncha le tse atolositsoeng tsa lekala, Lipaki li ikutloa li hlomeletsoe hantle bakeng sa mosebetsi o tlang. Li talimile ho Jehova ka tšepo hore a atise.

Ka sebele, Jehova o ntse a atisa. Ka Tlhakubele ngoahola kakaretso ea batho ba 233 042—ho feta palo ea bahoeletsi ba ’Muso ba Italy habeli—e bile teng Sehopotsong sa lefu la Jesu Kreste. Baena ba thabela hore ba na le tokelo ea ho thusa batho bana ba thahasellang hore ba tsoele pele moeeng. Boholo ba bona bo arabetse hantle. Ka Motšeanong 1983 tlhoro e ncha ea batho ba 105 463 e ile e kopanela ho boleleng litaba tse molemo tsa ’Muso tšimong ea Italy.

Lipaki tsa Jehova tsa Italy li ikutloa hore ruri Molimo ‘o li atiselitse neo e ’ngoe le e ’ngoe ea mohau.’ Ntle ho keketseho mananeng, li thabetse menono e mengata ea moea. Li leboha ho fana ha Jehova, ’me li ikemiselitse hore li ’ne li jale haholo lilemong tse tlang.—2 Ba-Korinthe 9:8-10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela