Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 10/15 leq. 32
  • “Matsoho a Hao U se ke ua a Neela Sebaka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Matsoho a Hao U se ke ua a Neela Sebaka”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Jala Peō ea ’Nete ea ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ke ne ke Iphelela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Ho Hasa Peō ea ’Muso ka Linako Tsohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • U se ke oa Tela!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 10/15 leq. 32

“Matsoho a Hao U se ke ua a Neela Sebaka”

Ka ho utloa thōmo ea Jesu Kreste ea ho bolela “Evangeli ena ea ’muso,” Lipaki tsa Jehova li etela ba ahisaneng le tsona hangata. (Mattheu 24:14) Ba bang baa mamela ’me ba arabela hantle molaetseng oa ’Muso. Ba bang ha ba mamele. Leha ho le joalo, Moeklesia 11:6 e-ea eletsa: “Jala peō ea hao e sa le hosasa, matsoho a hao u se ke ua a neela sebaka mantsiboea; hobane ha u tsebe hoba ho tla mela ntho efe, kapa ena, kapa eno, kapa ha ekaba li tla mela hantle tse peli.”

Ho ka hlaha molemo ka ho jala kamehla peō ea ’Muso tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Ka mohlala, mosali e mong o ile a fallela Minneapolis, Minnesota, United States, a e-tsoa motseng oa Hamilton Canada. Ha a le moo a kopana le Lipaki tsa Jehova ha li ntse li le mosebetsing oa tsona oa ho bolela pontšeng. O ngotse:

Ho Baena le Likhaitseli Hamilton:

Lengolo lena le ngoletseng lipaki tsohle tse Hamilton. Ka lilemo-lemo ke ’nile ka bona ba bangata ho lōna tšebeletsong ea lōna. Le lemile lipeō tse ngata bophelong ba ka ’me ke le leboha kaofela. Ha ke fallela Minneapolis, ke selemo joalo ke le teng, Lipaki tse peli hape tsa fihla ha ka. Ka lekhetlo lena ke ne ke lokile. Joale kea tseba hore matsatsi a lōna tšebeletsong e ka ba a nyahamisang, ’me ka lebaka leo ke batla hore le tsebe hore le ile la ama pelo ea nku e le ’ngoe bonyane. Le ile la thusa ho rala motheo oo ba bang ba neng ba ka haha holim’a oona. Ke ithuta Bibele habeli ka beke, empa ke sa ne le tsela e telele.

Joale ke le bolella hore bophelo ba ka bo tletse morero o utloahalang o neng o se teng pele.

Ke le leboha kaofela.

Laurie M.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela