Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/1 maq. 3-4
  • Pefo!—Tšokelo e Hōlang bakeng sa Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo!—Tšokelo e Hōlang bakeng sa Hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Mehla ea Rōna e Bohloko—Ke Eng ha e le Mabifi Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Hohle ho Tletse Pefo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/1 maq. 3-4

Pefo!—Tšokelo e Hōlang bakeng sa Hao

Ha u sheba molomo oa sethunya se letsohong la sekoeta se bonahalang se phothasela, ha u hloke hore motho e mong a u kholise hore pefo ea kajeno e hōlang ke tšokelo ea sebele ho UENA! Pelo ea hao e otla ka matla! Mofufutso oa ho tšoha o imathela ka bolokolohi! Ha e ka u tla tšoha hoo u tla thothomela, u ipotsa hore na e be u tla tsoa boemong bona u phela. Molomo oa sethunya o lonya, o soro ha o tšepise mohau—le lona leihlo le soele la ea nkileng sethunya! Ka tsela e matla ka ho fetisisa le e bohloko U ntse u hlakeloa ke lipalo-palo tsa morao-rao tsa pefo e ntseng e phahama!

NA ha u thabele hore u mpa u bala feela ka pono e hlalosoang kaholimo? Koana, re na le tšepo ea hore ha ho mohla u tla kena tlokotsing e joalo, ’me ha e le hantle, ha ho thuse letho ho itšoenya kamehla ka hore hona ho ka etsahala. Le teng, ekaba booatla ho iphoufaletsa se etsahalang.

Joaloka motho ea nang le tsebo, mohlomong u lumela habonolo hore re phela linakong tsa pefo. Empa le teng e ka ’na eaba ha u-ua ameha haholo ka eona hafeela e se uena ea shebileng molomo oa sethunya. Empa u ke ke ua hlokomoloha hore ho ka ’na ha etsahala hore u thulane le maemo a pefo.a Literateng le libakeng tse ling tsa bohle linaheng tse ngata ka linako tsohle ho na le tšokelo ea ho betoa kapa ea ho khangoa. Mefere-fere ea lipolotiki kapa ea basebetsi e ka ’na ea qhoma ho ba pefo neng kapa neng. Hape ho na le mekoloko ea boipelaetso e ka ’nang ea fella ka mefere-fere (le hona sepheo sa eona se ne se le setle), hammoho le tšenyo ea ka boomo e se nang kelello ka ho fetisisa—boferekanyi bo tlang bo sa lebelloa.

Empa hase phetho. Lapeng, pefo e atileng ho litho tsa lelapa e u hlakisetsa eona hantle. Sehlooho ho Toronto Star, tlas’a sehlohoana “Pefo e-ea Eketseha,” se tlaleha hore Canada “ka selemo ho khakhathoa basali ba ka bang 490 000.” ’Me ho la United States ho shapuoa basali ba limillione tse peli ho isa ho tse tšeletseng ka selemo ’me batho ba baholo ba halofo ea millione ba khahlapetsoa ke beng ka bona. Hona naheng eo, Setsi sa Sechaba sa Tlatlapo ea Bana le Tahlo ea bona se bolela hore “palo ea bana ba hlileng ba tlatlapuoang le ho lahloa ka selemo . . . bonyane ke 1 000 000.” Kahoo, mehleng ena, setsebi sa kahisano se re, “ho ka etsahala ha bonolo haholo hore u bolaoe, u ntšoe kotsi kapa u futuheloe ka lapeng ke motho eo u amanang le eena, ho feta kae kapa kae motseng.”

Ha u eketsa se boletsoeng kaholimo ka pefo e ntseng e hōla e etsoang ka ho tšoanang ke barati le libapali lipapaling, ho phahama ha eona ho lokiselitsoeng mananeong a TV, libaesekopong le li-cassetteng tsa “video,” hammoho le pefo ea lilemo-lemo ea ntoa le phutuhelano, u-ua ipotsa hore na ebe lefatše le sa nka hantle. Ho hlahisa lipotso: Ke hobane’ng ha linako tsa rōna li befile hakaale? Na haesale ho le tjee? Kapa, ho e-na le hoo, na seo re se bonang se bolela ntho e ’ngoe e khethehileng? Hape, na ho na le tsela ea ho balehela ruri bohlanya ba mehla ee ea pefo?

Sehlooho se latelang se lokiselitsoe ho arabela lipotso tsena le ho supa ntho e ’ngoe e molemo. Re na le tšepo ea hore se tla u thusa ho fumana pono e molemo le e tsitsitseng ea tšokelo ena e hōlang.

[Mengolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litlhahiso tse ntle haholo tsa kamoo u ka qobang liphello tse bohloko tse bakoang ke tlōlo ea molao e mabifi e hōlang li ka fumanoa ho Tsoha! ea April 8, 1980, maqephe 7-10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela