Mantsoe a Futhumatsang Pelo
NTATE oa Debora ea lemo li robeli a mo botsa: “Na u rapela Jehova?” A re : “E, haholo.” “Neng?” “Ha ke le mong.” “Hobane’ng ha u le mong?” “Hore ho se be le ea ntsitisang!”
’Me a botsa Laurent ea lemo li tšeletseng: “Na u rata ha ke tlohela lebone le khantsitoe ka kamoreng ea hao bosiung bona?” (Laurent o ne a tšoha lefifi ’me o ile a bolelloa hore a rapele Jehova ka taba ena.) “Che, ha ke sa tšoha kahobane Jehova o na le ’na.”
Mosetsanyana ea lemo li tšeletseng a re thapelong ea hae: “Jehova, kea u leboha, ka baka la tšepo ea tsoho. Ke khopolo e ntle ka sebele!” Thapelong e ’ngoe a re: “Utla re etsetsa ho hongata haholo naheng ena ha re le Paradeiseng, Jehova, hobane pula e na haholo mona.”
Udo ea lemo li tharo a rapela: “Jehova Molimo, ke kōpa hore u thuse ntate oa ka ho bala Bibele e le hore a le shoe ka Armageddone!” Lemati la kamore ea nchanyana le ne le butsoe, ’me ntat’ae a utloa thapelo eo. Hoo ha felisa khanyetso ea hae bakeng sa ’nete, ’me kajeno lena ke mohlanka ea tšepahalang oa Jehova.