Ho Hōlisa Bana ba Hao Hore ba Rate Jehova
“Mora oa ka, ha pelo ea hao e hlalefe, pelo ea ka le eona e tla thaba.”—Liproverbia 23:15.
1. Batsoali ba ka ba le thabo efe e khethehileng, ’me uena joaloka motsoali u ka etsa joang ka eona?
KE THABO e kaakang ho bona bana ba banyenyane ha ba hōla ’me ba fetoha bahlanka ba hōlileng tsebong ba Molimo! Mohato ka mohato ba thahasella lintho, ba rua tsebo, ba hlalefa, ba emela ’nete ea Bokreste, ba hōla tsebong, ba ineela ho Molimo ’me ba fetoha bahlanka ba tšepahalang ba oona. Haeba u motsoali, u ka thusa bana ba hao joang tseleng ee e ntle? Ho totobetse hore hona ho hloka boiteko. Moapostola Pauluse o botsitse hore na batho ba ka “lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae,” hona ba ka utloa joang ha ho se ea ba rutang?—Ba-Roma 10:14.
2. Re ka thusa bana ba rōna hore ba ananele Jehova Molimo joang?
2 Bana ba banyenyane baa makala. Serurubele, nonyana, palesa, joang, leholimo, naleli, lintho tsena tsohle tse joalo lia ba hlolla. Hona ho re nea menyetla e hlollang hakaakang ea ho bua ka ’Mōpi le ka mabaka a rōna a ho mo leboha! Mopesaleme o ngolile: “Ho monate ho roka Jehova.” (Pesaleme ea 92:1) U ka mo roka ka meeka ea tlhaho, lintho tse hlokahalang nameng le bakeng sa ’nete ea Lentsoe la hae. Bana ba hao ba tla hlokomela ho roka ha hao ’me ba ke ke ba ho lebala.—Pesaleme ea 8:3, 4; 19:1; Ba-Roma 1:20; Deuteronoma 8:10; Liproverbia 22:6.
3. Tsela e ’ngoe e ntle ea ho ruta bana ba rōna ke efe? Fana ka mehlala.
3 Bana ba rata lipale. Molimo o ho tsebile. O entse hore ka Bibeleng ho ngoloe lipale tse ngata tsa ’nete—lipale tse ka rutang le bana ba banyenyane haholo ka litsela tsa Molimo. Tsena ka mohlala, li bontša hore re lokela ho ba le tumelo joaloka Abrahama, re Mo tšepe joaloka Joshua le Kalebe, re Mo mamele bocheng joaloka Samuele le Timothea, le ho ema re tiile bakeng sa tumelo ea rōna joaloka bacha Shadrake, Meshake le Abede-Nego.a
4. Re na le mehlala efe ea bana ba ileng ba ithuta litsela tsa Molimo, kajeno le mehleng ea Bibele?
4 Bana ba ithuta kapele. Ba ithuta mapetjo a liphatlalatso le lintho tse ngata tseo ka linako tse ling u lakatsang eka ba ka be ba sa li utloa. Ke habohlokoa hakaakang ho ba thusa ho ithuta ka Molimo le litsela tsa oona! Batho ba bangata ba ’nile ba tsota kamoo bana ba fanang ka litlhaloso tse ntle libokeng tsa Bokreste, le kamoo ba ka kopanelang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Leholimo ba sa le tlase haholo lilemong. Bacha ba joalo ke mehlala e phelang ea bohlokoa ba litaelo tsa Bibele ka ho ruta bana. Batsoali ba Baiseraele ba ne ba tlameha ho ruta bana ba bona kamehla, le ba ‘banyenyane’ ba ne ba tlisoa ho tla mamela ha ho baloa molao oa Molimo. Bara ba bona ba ne ba lokela ho mamela le ho “ithuta ho tšaba Jehova.”—Deuteronoma 31:12, 13; 6:5-9.
5, 6. U ka thusa bana ba hao joang hore ba ithute litsela tsa Molimo?
5 U ka ’na ua tseba ho hongata ka Lentsoe la Molimo, empa hoo ha ho bolele hore ho joalo ka bana ba hao. Tsebo ha e jeoe lefa. Ho ho uena joaloka motsoali ho ba ruta lintho tse babatsehang tsa Molimo le ho etsa hore tsena li ipiletse, e le hore ba batle ho ithuta.
6 Na bana ba hao ba utloisisa lithuto tsa Bibele? Na ba ithutile metheo ea eona bakeng sa bophelo ba tsatsi le leng le le leng? Na u ithuta Bibele ka mehla le lelapa la hao? Haeba ba sa le banyenyane haholo, na le ithutile Ho Mamela Mosuoe e Moholo, ka likhaolo tsa eona tse mashome a mane a metso e tšeletseng tse ngotsoeng hore ba li utloisise? Haeba u ho entse, ’me bana ba hao baa hōla, na u ithutile le bona Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, e fanang ka boitsebiso bo botle haholo ho thusa bacha ho talimana le bophelo? Bibele e bolela hore ho tloha “bonyenyaneng” Timothea e mocha o ile a rutoa lintho tse joalo. Kameho ea Jakobo ka ho “lekanya . . . maoto a bana” tseleng e eang Seire e bontša bohlokoa ba hore u khanne ka tsela e lumellanang le matla a bona. Thuto ea hao le bona e be boemong boo ba tla e utloisisa, le e nkang nako e lekaneng lilemo tsa bona.—2 Timothea 3:15; Genese 33:14.
Matla a ’Nete
7, 8. (a) Ke hobane’ng ha tsebo ea ’nete e le ea bohlokoa hakana? (b) Batsoali ba ka thusa bana ba bona ho ananela libōka tsa Bokreste joang?
7 ’Nete ea Molimo ke matla a sefutho. E ka fetola monahano le botho ba banna ba tiileng. Bibele e re re “hlobole . . . motho oa khale, ea bolisoang ke litakatso tse thetsang; le ho nchafala mehopolong ea lipelo tsa [rōna].” (Ba-Efese 4:22-24; Ba-Kolosse 3:9, 10) E le matla joalo, ’nete ea Bokreste e ka fana ka tšireletso e kholo bakeng sa bana ba hao. Nako le nako bacha ba hlalosa kananelo ea bona bakeng sa boiteko ba kamehla ba batsoali ba bona ho ba isa libokeng tseo ho buuoang ka Lentsoe la Molimo ho tsona, le haeba ba ne ba batla tšimolohong kapa che. Mocha o itse: “Qalehong ke ne ke sa batle ho ea. Ke ne ke sa utloisise ho hongata. Joale ke ne ke hlile ke thaba hobane ke ile ka fumana hore: Jo, ke ithuta ka Bibele!”
8 Batsoali ba bangata ba lokisetsa pele le bana ba bona, e le hore bana ba ka utloisisa. Ba bang ba khothalletsa bana ba bona ho hopola lintlha tse seng kae libokeng ’me ba buisana ka tsona ha ba ea hae. Re ka inahanela ka lipuisano tse monate joalo ha malapa a Baiseraele a ne a khutlela hae a tsoa borapeling ba oona Jerusalema.—Deuteronoma 31:10-13; Luka 2:41, 42.
Tšebeletso ea Bomolimo
9, 10. U ka etsa joang ho thusa bana ba hao ho ananela le ho thabela tšebeletso ea Bokreste?
9 Ha e le ka ho kopanela mosebetsing oa boboleli oa pontšeng, bana ba hao ba ka ’na ba sheba tšebeletso ea bomolimo ka mokhoa o batlang o tšoana le oa Jeremia: “Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngoana.” Kahoo, ke habohlokoa ho ba ruta, mohato ka mohato. Ho latela lilemo tsa bona le tsoelopele ba ka kokota monyako, ba fana ka memo, ba bala temana ea Mangolo, ba fana ka libuka tse buang ka Bibele malapeng a bao le ahisaneng le bona, mohlomong ba ba ba khanna thuto tsa Bibele.—Jeremia 1:6, 7.
10 Boikutlo ba hao bo tla ama bana ba hao haholo. Paki e nyenyane e re: “’Mè o hlile o thabela tšebeletso. Nako le nako ha a khutla o na le ntho e ’ngoe e monate eo a e phetang.” Ha bana ba etsa mesebetsi e meng e le hore ’mè a ka qeta khoeli e le pula-maliboho (’moleli oa nako e tletseng), ba ikutloa hore ke karolo ea mosebetsi oa hae ’me ba lebella hore ba be le tokelo e joalo ka bobona. Ea lilemo li mashome a mabeli a motso o mong o re: “Batsoali ba ka kamehla ba totobatsa hore ba nahana hore ho bula maliboho ke tsela e ntle ka ho fetisisa ea bophelo.” Mocha e mong a hlalosa: “Ha ke hopole mohla ho bula maliboho ho neng ho sa beoe e le pakane.” Bacha ba ka nyakalla le ho ba le liphihlelo tse thabisang ba sebeletsa Jehova, hobane ‘ke Molimo o thabileng,’ ’me Kreste Jesu ke “ea lehlohonolo.”—1 Timothea 1:11; 6:15.
Kananelo
11-13. Melemo e meng eo tumelo ea hao e fanang ka eona ho bana ba hao ke efe mabapi le: (a) ho tšoha nako e tlang? (b) ho tšaba lefu?
11 Ke habohlokoa ho tiisa hore bana ba hao ba ananela lintho tseo ba nang le tsona tseo mohlomong batho ba bang ba li hlokang.
12 Ntho e ’ngoe eo ba nang le eona ke tšireletseho. Bacha ba kajeno ka kakaretso ba bua ka mathata a lefatše likolong, ’me ba a bona thelevisheneng. Ba bua ka tšilafalo, ntoa ea athomiki le monyetla oa hore lefatše le ka ’na la timetsoa. Ho fapana le bona, Lipaki tse nyenyane li na le tšepo le boikutlo ba tšireletseho. Baa tseba hore Molimo o ke ke oa tlohella lintho hore li fetelle joalo, empa hore o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
13 Metsoalle e mengata ea bona e tšohile lefu. Ea lilemo li leshome le metso e meraro o itse: “Ho hola feela ’me u na le tšepo ea ho shoa ho hang ha hoa nepahala.” Bana ba lōna baa tseba hore Bibele e re bafu “ha ba tsebe letho,” le hore ‘mehopolo ea bona e-ea timela,’ e le hore bafu ba ke ke ba ba hlokofatsong. Hape baa tseba hore Mangolo a tšepisa bophelo—hore batho ba bangata ba mabitleng a bona “ba tla tsoa,” hobane ho tla ba teng ‘tsoho ka letsatsi la bofelo.’ Bana ba hao ba ka bala lipolelo tsena tse tšelisang ka Bibeleng ho Moeklesia 9:5, 10; Pesaleme ea 146:4; Johanne 5:28, 29 le Johanne 11:11-25.
14. Ke hobane’ng ha ho ba le ’nete e lokela ho ba ha bohlokoa ho bana ba hao?
14 Hape, na bana ba hao ba hlokomela bohlokoa ba ’nete eo ba nang le eona? Paki e nyenyane eitse: “Se ileng sa nkatametsa ’neteng ke hore e seo e leng sona—’nete. Kamehla ke ne ke batla ho hlalosetsoa lintho, kamehla ke ne ke botsa: Hobane’ng? Bibele e hlakile joaloka motšehare, ruri u ka itšoarella ho eona.” Jesu o itse: “’Nete e tla le lokolla.” E lokolotse ba likete, e seng bohlankeng ba bolumeli feela empa hape le lithethefatsing, boitšoaro bo bobe, kotsi ea mafu a litšila, tumela-khoela, lithuto tsa bohata le matšoenyeho le likhathatso tse tšoaeang lefatše lena le khopo.—Johanne 8:32.
15. Ke joang batsoali le bana ba lokelang ho susumetsoa ke linnete tse boletsoeng ho: (a) 1 Johanne 4:9, 10? (b) 2 Petrose 3:13?
15 Na u rutile bana ba hao bohlokoa ba lerato la Molimo le mohau oa oona? Na ba ananela hore ho ile ha bolela eng ho eena hore a rōmele Mora oa hae lefatšeng e le topollo? (1 Johanne 4:9, 10; Ba-Roma 8:38, 39) Na ba nka tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e le ea bohlokoa? (2 Petrose 3:13) Kananelo ea hao bakeng sa mahlohonolo a joalo e tla khothalletsa bana ba hao ho hōla kananelong ea oona. Mangolo a bolela hore batsoali ba lokela ho tšaba Molimo le ho boloka melao ea oona “ba tle ba be lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng.”—Deuteronoma 5:29.
16. Bana ba lokela ho thusoa ho hlokomela eng ka bohlokoa ba Lentsoe la Molimo lelapeng la bo bona?
16 Na bana ba hao ba hlokomela hore na Lentsoe la Molimo le etselitse lelapa labo bona eng? Mohlomong bana ba hao ba na le methaka eo ba kenang sekolo le eona eo, ka baka la tlhalano, ba nang le bo-’mè ba babeli kapa ba bararo kapa bo-ntate. Haeba lelapa la lōna le kopane, ke leo batsoali ba itlammeng e mong le e mong ka e mong bophelo bohle, na bana ba lona ba ananela hore hona ho tumellanong le metheo ea Bibele? (Ba-Heberu 13:4) Na ba hlokomela hore metheo e fumanoang ka Bibeleng e ba thusa ho ikutloa ba sireletsehile, ba e-na le botsoalle, e le litho, ba na le morero, ba na le tataiso, ba tsebile ho finyella ho hong ba bile ba tšoaneleha joaloka batho, e leng tse hlokoang ke bacha ba bangata?
17, 18. Bana ba ka bona joang hore Lentsoe la Molimo ke la bohlokoa ho bona: (a) malapeng a arohaneng bolumeling? (b) malapeng a nang le motsoali a le mong?
17 Empa mohlomong u ntse u inahana: ‘Lelapa la ka le arohane—monna (kapa mosali) oa ka ha a sebelise metheo e joalo.’ Hoo ha ho u thibele hore u e sebelise. Bibele e bolela hore banna ba sa lumelang “ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona.” Haeba molekane oa hao ea sa lumelang a ka khahloa ke mohlala oa hao o motle, nahana ka phello eo ho sebelisa ha hao metheo ea bomolimo ka botšepehi ho ka bang le eona ho bana ba hao!—1 Petrose 3:1, 2.
18 Kapa mohlomong u motsoali a le mong, u tlameha ho hōlisa bana u le mong. Haeba ho joalo, lumela bothata bona ho bana ba hao. Tšehetsanang. Tlohella hore ba bone phapang pakeng tsa bophelo ba bona le ba malapa a mang a batsoali ba bang ba masooa ao ba a tsebang. Ke lehlohonolo le lekaakang leo ba nang le lona la ho phela lapeng leo ka ho lona ho sa keneng botahoa, ho lemalla tahi, bohlola le mesebetsi e meng ea nama!—1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Ba-Galata 5:19-21.
Liketso Tse Hahang
19, 20. (a) Batsoali ba ka thusa joang ho koala sekheo sa hore bana ba bona ba ikutloe ba hloka bao ba buisanang le bona le metsoalle? (b) Ka liphello life?
19 Bana ho hlokahala ba bapale. Bo bong ba maemo a thabo ao Bibele e a amahanyang le ho tsosolosoa ha tempele ea Jerusalema ke “bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a oona.” (Zakaria 8:5) Hape bana ba hloka nako ea hao. Ke feela ka ho ipha sebaka u e-na le bona, u ba tlohela hore ba bue, ’me u hlile u mamela seo ba se bolelang, le ka buisanang, ua ithuta ka mathata a bona ’me ua thusa. Le hoja bana ba Bakreste ba sa keteke matsatsi a itseng a phomolo a simolohileng boheteneng, batsoali ba bona ba atisa ho ba lokisetsa linako tsa thabo—ho tsamaela ntle, ho bokana hammoho kapa boithabiso bo bong bo hahang ba lelapa. Ba fuoa limpho nako le nako ka selemo sohle. Malapa a mang a ba le mokete ha bo-nkhono le ntate moholo ba etile. Batsoali ba khothalletsa setsoalle se hahang le bacha ba bang ba Bakreste. Haeba lelapa le le sebakeng se thoko, bana ba ka ba le metsoalle eo ba ngollanang le eona eo ba kopanang le eona likopanong tsa Bokreste.
20 Ntate e mong o atisa ho botsa bana ba hae: “Na le ikutloa le haelloa ke ho hong ka baka la tumelo ea lōna?” Karabo: “Le letho!” Mocha, ea neng a bapisa bophelo ba hae le ba methaka ea habo sekolong, o itse: “Ntho feela e mphapohileng ke likhathatso tse ngata.”
Thuso e Hlahang Kantle
21. Ba ntse ba hlokomela hore ho ruta bana ke boikarabelo ba batsoali, ba bang ba ka thusa joang?
21 Boikarabelo ba ho ruta bana ba rōna ke boikarabelo ba rōna. Bibele e bontša hore ntate o tla etella pele, ’me ’mè a thuse. E re: “Mora oa ka, mamela thuto ea ntat’ao, u se ke ua furalla taeo ea ’m’ao. (Liproverbia 1:8; Ba-Efese 6:4) Empa hona ha ho bolele hore ba bang ba ke ke ba thusa. Phutheho ke lelapa, ’me nako le nako banna ba hōlileng tsebong ba bolela ka thuso e khethehileng eo e mong ea ka phuthehong a ileng a fana ka eona ha ba sa le banyenyane. Lipaki tse chesehang li hopola ka thabo batho ba ileng ba ba kenya tšebeletsong ea Bokreste khale. Bacha ba hlile baa ho ananela ha ba hōlileng ba ba thahasella joalo ’me ba ba thusa ho lula tseleng e nepahetseng.—Liproverbia 13:20.
Mohlala oa Hao
22. Mohlala oo u o beang ke oa bohlokoa ba eng?
22 Ke habohlokoa hore bana ba hao ba bone hore u shebile tataiso ho Molimo le hore u fetotse Lentsoe la oona karolo ea hao—hore u hlile u-ua le kholoa le ho le sebelisa bophelong ba hao. (Pesaleme ea 143:10) Ba bona boikutlo ba hao. Haeba u nka liboka e le tloaelo feela, u nyatsa-nyatsa baholo, u sola litho tsa phutheho le ho belaella nako e sebelisitsoeng tšebeletsong ea Jehova, ho bonolo hore bana ba hao ba latele mohlala oa hao o mobe. Empa haeba u talima litokisetso tsena tsa puso ea Molimo e le mahlohonolo a fetisisang a tsoang ho Jehova, ho bonolo hore bana ba hao ba etse joalo le bona. Ho hōlisa bana hase feela ho etsa lintho tse seng kae tse khōlō empa lintho tse ngata tse nyenyane. Haeba u nepa lintho tse nyenyane tsatsi le leng le le leng, mohlomong u tla tseba ho sebetsa life kapa life tse khōlō tse ka hlahang.—Luka 16:10; Mattheu 25:21.
23. Litebello tsa hao li ka ama bana ba hao joang?
23 Ke habohlokoa haholo hore bana ba hao ba tsebe sebaka sa bohlokoa seo ba nang le sona pelong ea hao. Ba tsebe hore u ba rata ka sebele, le hore u ka sareloa ha ba hlōleha ho latela melao ea motheo ea bomolimo. Salomone o ile a ngola: “Mora oa ka, ha pelo ea hao e hlalefa, pelo ea ka le eona e tla thaba.” Hape: “Ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo; ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ka eena.” (Liproverbia 23:15, 24) Empa ho thoe’ng haeba ha bana ba hao ba hōla ’me ba ikutloa hore ba batla ho itaola—ba etsa ho hong hoo u buisaneng le bona ka hona ’me kahoo ba tseba hore ho fosahetse mahlong a Molimo? U se ke ua ba tela kapele kapa ua tlohela ho leka ho ba thusa. Hopola hore le bona ha baa phethahala ’me mohlomong ba feta nakong e boima ea phetoho. Ho sa tsotellehe masoabi a hao, tsoela pele ka tsela e nang le kutloisiso, e tiileng le e hlakileng hore ho latela melao ea motheo ea Molimo ho tla ba molemo haholo kannete bakeng sa bona.—Jakobo 3:2.
24. Batsoali ba ka lebella moputso ofe haeba ba holisitse bana ba bona ho latela metheo ea bomolimo?
24 Hoa khotsofatsa ho bona bana ba rōna ba hōla ho ba banna ba bacha le basali, ho ba bona ba nka boikarabelo ba bona ’me ba sebelisa bophelong lintho tseo re lekileng ho ba ruta tsona. Joalokaha Pauluse a ile a phehella Timothea e monyenyane, kahoo re re ho bana ba rōna: “U tiee matla ho iketsa ea lumelehang ho Molimo, mosebeletsi ea se nang ho nyatsuoa, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.” (2 Timothea 2:15) Joale re ka bua tjena ka bana ba rōna ba nama, bao hape joale e tla beng e le bana ba rōna ba moea: “Ho ’na ha ho thabo e fetisang ena, ea ho utloa hoba bana ba ka ba tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsena le litlaleho tse ling tse ngata li phetoa ka puo eo bana ba hao ba e utloisisang habonolo ho Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, e fumanehang ho bahatisi ba makasine ena, kapa mang le mang ho Lipaki tsa Jehova.
Na u Hopola Lintlha Tsee?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho ba khabane ho ruteng bana ba rōna ka Molimo le ’nete ea oona?
◻ U ka etsa hore liboka tsa Bokreste e be tse khahlisang joang ho bana ba hao?
◻ Joaloka batsoali ba lerato, re tla etella pele bana ba rōna joang, mohato ka mohato tšebeletsong ea bomolimo?
◻ Re batla ho tiisa hore ba ananela mahlohonolo afe?
[Lebokose le leqepheng la 27]
Bana ba batla khalemelo, tataiso le meeli. Bibele e re: “Bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana.” (Liproverbia 22:15) Empa ha batsoali ba thahasella hoo ba beang meeli le ho bona hore bana ba bona baa e utloisisa baa e boloka, bana ba Ikutloa ba sireletsehile—batsoali ba bona ba ke ke ba ba lumella ho etsa lintho tse tla ba ntša kotsi.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Ha mocha a hōla ’meleng . . . batsoali ba ka thusa hore a tsoele pele moeeng