Ho Lumellana le “Khopolo ea Jehova” Kamoo e Senotsoeng Hona Joale
1. Ke sechaba sefe se ileng sa nkela Iseraele oa tlhaho sebaka, hona ka selekane sefe?
MORA oa Molimo o nkile sebaka sa moprofeta Moshe, eo e neng e le ’muelli oa selekane sa Molao pakeng tsa Molimo le Iseraele oa tlhaho. Jesu Kreste ke ’Muelli ea khethiloeng oa selekane se secha se profetiloeng sa Jehova. Selekane sena se entsoe le sechaba se nkileng sebaka sa Iseraele oa tlhaho oa boholo-holo ’me ke Iseraele oa moea, “Iseraele oa Molimo.” (Ba-Galata 6:16) Melao e Shome le melao e meng eohle e tsamaeang le eona ea selekane se neng se buelloa ke monna ea sa phethahalang Moshe e ne e ngotsoe libukeng empa ha e-ea ka ea hla ea ngoloa lipelong le likhopolong tsa Bajode, kapa Baiseraele ba nama ba bolotseng. Ka ho hlokomela ho hlōleha hoo mabapi le selekane sa Molao oa Moshe, Jehova Molimo a profeta ho etsoa ha selekane se secha ka moprofeta Jeremia, joalokaha ho tlalehiloe ho Jeremia 31:31-34.
2. (a) Jesu e bile ’Muelli oa selekane seo joang? (b) Se qalile ho sebetsa joang hona neng?
2 Jesu Kreste o tiisitse ‘selekane seo se secha’ se tšepisitsoeng ka mali a bophelo ba hae a shoa ka pelo e robehileng sefateng sa tlhokofatso kantle ho Jerusalema. Bosiung bo ka pele ho boo, ha a keteka Paseka ea hae ea ho qetela le baapostola ba hae ba khabane phethahatsong ea selekane sa Molao oa Moshe, Jesu a fetisetsa mohope oa veine ho bona ’me a e hlalosa bocha ka hore: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” (Luka 22:20; 1 Ba-Korinthe 11:23-26) Ka tsela ena ea e-ba ’Muelli oa selekane seo se secha, se ipakileng e le ‘selekane se molemo’ ho feta selekane sa Molao oa Moshe. (Ba-Heberu 8:6, NW; 9:11-28) Kahoo esale hoba a hlahise molemo oa mali a bophelo ba hae a phethahetseng leholimong ka 33 C.E. o sebelelitse e le ’Muelli bakeng sa barutuoa bao Jehova Molimo a ba tlisang selekaneng se secha.—1 Timothea 2:5, 6.
3. Ho ea ka Ba-Heberu 10:15, 16, Jehova o ngola melao ea selekane see hokae?
3 Ha a bua ka selekane se secha, ho Ba-Heberu 10:15, 16, moapostola o qotsa boprofeta ba Jeremia ho ea ka Septuagint Version ea Segerike ’me o-oa ngola: “Ke seo Moea o Halalelang le oona o re pakelang sona; hobane ha o se o boletse ka ho re: Selekane ke sena seo ke tla se etsa le bona ka mor’a litšiu tseo,” ho rialo Jehova. “Ke tla kenya melao ea ka lipelong tsa bona [kar·diʹas], ke e ngole likelellong tsa bona [di·aʹnoi·an].”
4. (a) Pelo ea tšoantšetso le khopolo li fapana joang? (b) Tumellanong le Pesaleme ea 119, Bakreste ba selekaneng se secha ba sebelisa pelo le khopolo joang? (c) Ho ngoloa ha melao ea Molimo lipelong le likhopolong ho qalile neng, joang?
4 Tumellanong le tšebetso ea pelo ea tšoantšetso le khopolo, Bakreste ba tlisitsoeng selekaneng se secha ka Kreste ’Muelli ba tla rata melao ea Jehova ka lipelo tsa bona, kahoo ba susumelletsoa ho mamela melao eo, ’me hape ba hopole melao eo ea Molimo ka matla. Joalokaha mopesaleme a boletse, “Molao oa hao ke o rata hakakang! Ke o nahana [“thuisa,” Revised Standard Version; Authorized Version] tsatsi lohle.” (Pesaleme ea 119:97) Ho kenya melao ea Jehova lipelong tsa tšoantšetso tsa barutuoa ba Kreste le ho e ngola likhopolong tsa bona ho qalile ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. ha moea o halalelang o ne o tšolleloa holim’a barutuoa ba Jesu Kreste ba letileng ’me ‘maleme a kang malakabe a mollo’ a bonahalang a lula holim’a lihlooho tsa barutuoa ba 120 ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele tseo ba sa kang ba ithuta tsona. Mohlolo ka sebele! Ka lebaka la bopaki bo fanoeng moo ho ba bokaneng ba shebelletseng, ho ile ha kolobetsoa ba 3 000 e le ba lumelang ho Jesu e le Kreste, kapa Messia ’me ba ile ba nkeloa selekaneng se secha le eena e le ’Muelli oa bona.—Liketso, khaolo ea 2: Joele 2:28-32.
5. Kajeno ke bo-mang ba nketsoeng selekaneng se secha, ’me ke bopaki bofe bo khethollang baa e le “makala”?
5 Kajeno, lilemo tse 1 900 hamorao, ho teng masala a “Iseraele oa Molimo” ao lipalo tsa oona li fanang ka bopaki ba ho nkeloa selekaneng se secha, a kolobetsoa ka moea o halalelang. A fana ka bopaki ba hore melao ea Jehova Molimo e kentsoe lipelong tsa ’ona tsa tšoantšetso le hore e ngotsoe likhopolong tsa ’ona. A phetha boprofeta ba ’Muelli oa ’ona joalokaha bo tlalehiloe ho Mattheu 24:14 le Mareka 13:10. Ke “makala” sefateng sane sa mohloare sa moea se hlalositsoeng ke moapostola Pauluse ho Ba-Roma khaolo ea 11, ’me a bea haholo.
6. (a) Ke tšobotsi efe e ’ngoe ea “khopolo” ea Jehova e senotsoeng ho tloha ka 1935? (b) “Linku tse ling” li fana ka bopaki bo kholisang joang ba hore li rata “molao” oa Molimo oa kajeno?
6 Tšobotsi e ’ngoe ea “khopolo” ea Jehova e senotsoe ho tloha kopanong ea Washington D.C., ea Lipaki tsa Jehova ka selemo sa 1935. Jehova o ne a ‘hopotse’ eng ka “bongata bo boholo” bo profetiloeng ho Tšenolo 7:9-17? Letšoele lena le profetiloeng la barorisi ba Jehova Molimo le Konyana ea hae, Jesu Kreste, le sebeletsang Molimo tempeleng ea oona ea tšoantšetso, le bonahetse ho tloha ka 1935. Ba 840 ba ileng ba kolobetsoa kamor’a moo Washington ka Moqebelo, la 1 Phupjane, ba ’nile ba eketsoa ho tla fihlela joale. Lefatšeng lohle kajeno ho teng ba fetang limillione tse peli le halofo ba ‘linku tsena tse ling’ tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, ba kopanelang kamehla le ba tsoetsoeng ka moea ba kopanelang selekaneng se secha le ba kopanelang mosebetsing oa bopaki ba ’Muso o profetiloeng ho Mattheu 24:14. (Johanne 10:16) Joaloka mopesaleme, ba fana ka bopaki bo kholisang ba hore ba rata “molao” oa Jehova bakeng sa ‘bofelo bona ba lefatše,’ le hore “molao” oa hae ke ntho e ’ngoe eo ba e thuisang likhopolong tsa bona le eo ba amehileng lipelo ka eona.
Pholoho ka Tumelo le Ho Ipolela Libe
7, 8. (a) Na pholoho e itšetlehile feela ka tsebo ea hlooho? (b) Ba-Roma 10:5-10 e bolela eng mabapi le tšebelisano ea pelo ea tšoantšetso le khopolo?
7 Ho fumana pholoho, hore na ke ’Musong oa Jehova maholimong kapa lefatšeng la Paradeise tlas’a puso ea Jesu Kreste ea lilemo tse sekete, hase taba feela ea tsebo ea hlooho, taba ea khopolo. Moapostola Pauluse o hlakisa sena ho Ba-Roma 10:5-10. Moo a bua ka taba ea Bakreste ba nang le lipelo tsa tlhaho, tsa nama, e seng tse fanoeng kapa tsona tsa maiketsetso. O tsoela pele ka khang ea hae ka tsela ena:
8 “Hobane Moshe o lekantse ho loka ho tsoang molaong ka hore: Motho ea etsang ntho tseo, o tla phela ke tsona. Empa ho loka ho tsoang tumelong ho bolela, ho re: U se ke ua re pelong ea hao: Ke mang ea tla nyolohela leholimong? Ho rialo, ke ho theola Kreste teng; kapa: Ke mang ea tla theohela mokoting? Ho rialo, ke ho nyolla Kreste bafung. Empa ho re’ng? Ho re: Polelo e haufi le uena, e molomong oa hao, e ka pelong ea hao; ke eona polelo ea tumelo eo re le bolellang eona, e reng: Ekare ha u bolela ka molomo oa hao hobane Jesu ke Morena, ’me u lumela pelong ea hao hobane Molimo o mo tsositse bafung, u tla bolokeha. Hobane motho o lumela ka pelo, hore a beoe ea lokileng, ’me o bolela ka molomo, hore a bolokehe.”
9. (a) Ho pholoha, ho ameha eng, ’me ke hobane’ng ha u arabela joalo? (b) Ke eng seo Mokreste a hlileng a tlamehang ho se lumela pelong ea hae? (c) Batho ba Athene ba bile le boikutlo bofe, hona hobane’ng?
9 Hona ho bontša hore taba e tebela haholo bothong ba motho ho feta ho tebela kelellong, kapa khopolong. Hase taba feela ea ho bokella boitsebiso, ho bo hlophisa ka khopolong ’me u khone ho bo pheta kantle le ho nahana. Hase khopolo ka tsebo ea eona tsa bohlokoa; mona ho ameha tšusumetso kapel’a Molimo. Tumelo ea Mokreste e tlameha ho susumelletsoa ke pelo ea tšoantšetso. O tlameha ho lumela tsoho ea Kreste ka pelo eohle ea hae, ka baka la kananelo e tlohang botebong ba pelo ba mohlolo ona o entsoeng ke Molimo o Matla ’Ohle. Hore Molimo o tsosetse Mora oa oona ea shoeleng bophelong leholimong, ke ntho eo Kreste a neng a ke ke a iketsetsa eona, leha e le hore e ne e ka etsoa ke motho e mong. (2 Ba-Korinthe 4:13) Rea hopola hore batho ba Athene ba bohlale ba mehleng ea moapostola Pauluse litabeng tse ling ba ne ba sekametse ho “soma,” ha ba utloa ka “tsoho ea bafu,” ha ba bang ba sa ka ba etsa qeto ea kapele tabeng ena, empa ba re: “Re sa tla boela re u utloe hape holim’a taba eo.” Likhopolo tsa bona tse tletseng tsebo tsa ba thibela ho amohela taba, le hoja e theiloe lintlheng tsa sebele. Ke ba fokolang ka palo ba ileng ba lumela ’me ba ikopanya le Pauluse.—Liketso 17:21, 32-34.
10. (a) Pelo e tlameha ho fana ka tšusumetso efe? (b) Ka lebaka leo, Jehova o hloka lintho life tse peli?
10 Kahoo pelo ea motho e tlameha ho mo susumelletsa ho lumela. Ka pelo ea hae o tlameha ho bontša tumelo. Ha a etsa joalo, pelo—bokahare ba motho—ea molumeli e tla mo susumelletsa ho bolela phatlalatsa ka molomo oa hae. Ka pelo eohle o tlameha ho bontša tumelo. Polelo ea phatlalatsa e entsoeng ka molomo, e susumelitsoeng ke pelo e lumelang, e tla latela. Ha molumeli a qoelisoa metsing tšoantšetsong ea ho inehela ho Jehova Molimo ka Jesu Kreste, o etsa polelo ea phatlalatsa e isang pholohong. Jehova Molimo ha a lekole pelo ea tšoantšetso feela ho bona hore na ho teng tumelo e susumetsang empa hape o mamela polelo ea phatlalatsa.
Ho Tšepahala ka Baka la “Pelo e Feletseng”
11. (a) Davida o ne a ka lula a tšepahala ho Jehova joang? (b) Ho sa tsotellehe sebe sa hae, ke hobane’ng ha Davida a ne a ka rapela joaloka ho Pesaleme ea 86:11? (c) Ke bo-mang ba latetseng mohlala o motle oa Davida?
11 Davida oa boholo-holo, joaloka rōna bohle, o tsoaletsoe bokhopong ’me o emoletsoe sebeng, empa a lula a tšepahala ho Molimo oa hae, Jehova, ka baka la ho ba le pelo “eohle” ea tšoantšetso ho Molimo oa sechaba sa Iseraele. (Pesaleme ea 51:5) Bopaki ba taba ena bo fanoe ho 1 Marena 15:3: ‘Pelo ea Abijame e se ea Jehova, Molimo oa hae, joale ka pelo ea ntat’ae Davida.’ Ke ’nete, Davida o ile a etsa sebe se tšabehang le mosali oa Uria Mohethe, empa ka pelo e feletseng a bakela hona ’me pelo ea hae ea ipaka e sa arohe le ho hlanama boinehelong ba hae ho Jehova e le Molimo oa hae. (1 Marena 15:4, 5) Davida o ne a e-na le lebaka le letle la ho rapela: “U tlamelle pelo ea ka eohle le tšabo ea lebitso la hao.” (Pesaleme ea 86:11) O beetse bahlahlami ba hae mohlala o babatsehang boreneng ba Iseraele, ’me Morena Asa e ne e le Moetsisi oa Davida ntlheng ena, rea bala ho 1 Marena 15:14: “Pelo ea Asa ea ’na ea khomarela Jehova hantle tšiung tsohle tsa ho phela ha hae.”
12. Ke’ng e hlokang sebete le ho hloka mano, ’me Ezekiase o bontšitse hoo joang?
12 Ka sebele ho hloka sebete le mano hore motho a buisane le Molimo o Halalelang Haholo, o lekolang lipelo tsa batho, ho mo kōpa ka phehello bakeng sa mohau le ho nahanela ho lerato. Empa sena ke se entsoeng ke Morena Ezekiase oa Iseraele. Ha a ne a tšoeroe ke lefu le neng le tla mo bolaea haeba Molimo oa hae o sa kenelle, Ezekiase a rapela: “Oho Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pel’a hao ka ’nete le ka pelo eohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao.”—Esaia 38:3.
13. Bakreste ba tlotsitsoeng ba lokela ho hopola eng kamehla, ba etsisa mohlala oa Jesu?
13 Ka mohlala o joalo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba kajeno, ba nketsoeng ‘selekaneng sa ’muso’ le Jesu Kreste maholimong, ba lokela ho hopola kamehla hore ba tlameha ho tsamaea ka pel’a Jehova “ka pelo e feletseng.” Joaloka ntat’ae Davida oa lelapa la borena, Jesu Kreste ha a le lefatšeng e le motho ea phethahetseng a tsamaea pel’a Ntate oa hae oa leholimo, Jehova, “ka pelo e feletseng.” Ka baka leo, Jehova Molimo, moetsi oa Morena, o ile a thabela haholo ho bea borena holim’a hae ’Musong oa khanya, ho ea busa moo e le “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi” hammoho le barutuoa ba hae ba tšepahetseng e le marena le babusi ba tlaasana.—Luka 22:29; Tšenolo 19:16.
14. Ke ka lebaka la eng ha “linku tse ling” li tlisitsoe ‘mohlapeng o le mong’ tlas’a ‘molisa a le mong’?
14 “Bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste bo lebelletse ho ba ba pele ho kena bo phela pusong ea lilemo tse sekete ea Jesu Kreste le babusi hammoho le eena ba 144 000. (Tšenolo 7:9, 10; Johanne 10:16; Tšenolo 14:1; 20:4-6) Ho tloha selemong seo sa liketsahalo sa 1935 litho tsa ‘bongata bo boholo’ li ’nile tsa kopana le masala a majalefa ao a ’Muso, a tsamaeang pel’a Jehova Molimo ka pelo e feletseng. Hobane ‘linku tsena tse ling’ tsa Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, li batla ho tsamaea pel’a Jehova Molimo “ka pelo e feletseng” hona joale li etsa ‘mohlape o le mong’ le masala a majalefa a ’Muso tlas’a ‘molisa a le mong,’ Jesu Kreste. Kahobane “linku tse ling” li boloka botšepehi ba tsona ka lipelo tse kopaneng, tse feletseng, li tla ba le monyetla oa ho phahamisa bobusi ba bokahohleng ba Molimo, Jehova, eo li bolelang hore ke lipaki tsa oona.—Esaia 43:10, 12.
15. Bohle re ka leboha eng hona joale?
15 Ka tsela e joalo rōna bohle, barutuoa ba Mora oa Molimo, Molisa oa rōna ea Molemo, re lumellana le “khopolo” ea Jehova e senoletsoeng barapeli ba hae ba inehetseng le ho kolobetsoa. Re ka leboha hakaakang hore Molimo o Holimo-limo leholimong o re senoletse “khopolo” e tlileng pele ea oona ’me ho sa ka ha hlaha ka motho ofe kapa ofe oa nama le masapo! Ka lebaka lena re susumelletseha ho nahana joalo ka Jehova mabapi le morero oa hae o khanyang.
16, 17. (a) Ho 1 Ba-Korinthe 2:16, ho bontšitsoe eng ka “khopolo ea Jehova” le “khopolo ea Kreste”? (b) Ba-Filippi 2:5-8 e senola eng ka “khopolo” ea Kreste?
16 Re ananela seo re se ngoletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 2:16, hore: “Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena [Jehova], a tle a mo rute? Empa rōna, re tsebile khopolo ea Kreste.” Mona lentsoe la Segerike bakeng sa “khopolo” ke nous ka mahlakore ka bobeli.
17 Ntle ho khanyetso, “khopolo” ea Kreste e ne e lumellana le “khopolo ea Jehova.” Mantsoe a bululetsoeng ho Ba- Filippi 2:5-8 a re thusa ho phenya “khopolo” le eona ea Mora oa Molimo ea bileng teng pele ho batho, hobane moo rea bala: ‘Bontšanang maikutlo [“khopolo,” AV; AS; RS] ana a neng a le ho Kreste Jesu: Eena, leha a ne a e-na le boleng ba Molimo, ha a ka a ikhopola hore o lekana le Molimo; empa o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekhoba, a tšoana le batho, a phela joaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ea e-ba ea mamelang ho isa lefung, le hona lefung la thupa ea tlhokofatso’ (Phetolelo e Ncha ea Sesotho).
18. Mora o ne a hlokoa eng ho lumellana le “khopolo” ea Ntate?
18 Jehova Molimo o hopotse ho lopolla batho lefung le sa feleng ’me Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ile a rata ho lumellana le khopolo ea Ntate oa hae oa leholimo tabeng ena, le hoja ho eena hona ho ne ho tla bolela ho utloa bohloko bo boholo holim’a lefatše.
19. (a) Re ka sebelisa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso joang kamanong le “khopolo” ea Jehova? (b) Re tlameha ho ntšetsa eng pele hona joale mabapi le “khopolo ea Kreste”?
19 Ka ho tšoanang, haeba kajeno re batla ho lumellana le “khopolo” ea Jehova re tlameha ho ikokobetsa ka tsela e tšoanang le ea Kreste ’me re ipee ka tlase ho thato ea Jehova ka bolokolohi bohle. Hona ho re tlama ho ba Lipaki tsa Jehova, ’me, re susumelelitsoe ke pelo [kar·diʹa] e lerato le e tšepahalang, re tlameha ho ntšetsa pele seo Jesu Kreste a neng a e-na le sona khopolong ea hae e bonelang hōle, ha a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle,” ho fihlela qetellong.—Mattheu 24:14; Mareka 13:10.
20. (a) Hona joale ke’ng e hlekelang mosebetsi o kopaneng oa lefatše lohle? (b) Mohlape o kopaneng oa batho ba Molimo o thabela katleho efe hona joale?
20 Kaofela ha rōna lipaki tse inehetseng, tse kolobelitsoeng tsa Molimo o Holimo-limo kajeno, re batla ho ba le ‘khopolo e le ’ngoe’ mabapi le tokelo ena ea tšebeletso. (Ba-Filippi 4:2) Hona ho hlekela mosebetsi o kopaneng lefatšeng lohle. Ka ho etsa joalo, Jehova Molimo o hlohonolofalitse “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste le masala a tlotsitsoeng a majalefa a Kreste a ’Muso ka katleho e thabisang eo bo e fumanang kajeno lefatšeng lohle ha bo bokella “linku tse ling” tsohle le ho hlokomelisa batho bohle la ho qetela pele a hlōla ka ho khanyang le ho phahamisa bobusi ba hae ba bokahohleng ka Harmageddone.—Tšenolo 16:16.
Lipotso tse ling tsa tlhahlobo:
◻ “Pelo” le “khopolo” li amehile joang ka ho ngola ha Jehova “molao” oa selekane se secha?
◻ Ke lintho life tse peli tse amehang ka ho fumana pholoho?
◻ Pelo “e feletseng” e re thusa joang ho tšepahala?
◻ Re ka bontša joang hore re na le “khopolo ea Jehova” le “khopolo ea Kreste”?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jehova o ngotse “molao” oa selekane sa hae se secha lipelong le likhopolong tsa batlotsuoa. Ka thabo, hona joale “linku tse ling” li kopanela le bona tšebeletsong e halalelang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ezekiase o bontšitse ho ba le pelo e ‘feletseng’ ha a le bothateng. Le rōna re ka etsa joalo