Lipotso Tse Tsoang ho Babali
■ Na ha Jesu a ne a bolela hore “lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo” o ne a hlalosa hore sena se tla etsahala har’a barapeli ba ’nete hona joale?
Re na le lebaka le letle la hore re lumele hore Jesu o ne a sa profete hore batho ba Jehova ba ne ba tla tapa haholo leratong la bona.
Baapostola ba ne ba kopile ‘pontšo ea ho ba teng ha Jesu le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ Jesu a profeta hore ho tla ba le lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, likhaello tsa lijo le ho hlorisoa ha Bakreste. Eaba o-oa eketsa: “’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.”—Mattheu 24:3-12.
Boholo ba boprofeta boo bo ile ba phethahala pakeng tsa nako eo (33 C.E.) le mahlomola a maholo a baketsoeng ke Baroma ka 70 C.E. (Bapisa Luka 19:41-44; 21:5-28.) Na e be nakong eo lerato la Bakreste ba tlotsitsoeng le ile la tapa? Che, ho-hang. Ba ileng ba kheloha tsela ea Bokreste molokong oo ho totobetse hore e bile ba fokolang haholo ka palo. Bakreste ba bangata ba neng ba hlorisoa ke Bajode “ba ne ba tsamaea ba ntse ba bolela lentsoe,” ba bonahatsa lerato la Molimo, ho ba sa lumelang le ho Bakreste hammoho le bona. (Liketso 8:1-25; 9:36-42) Ka baka leo Bakreste ba neng ba ipolela hore ke barapeli ba ’nete ba ile ba tapa leratong. Boholo ba bona ba hlokomoloha temoso ea Jesu, ba tsohela makhotla a Roma matla ’me ba ikhethela ho sireletsa sechaba sa bona ka mabifi.
Ho phethahala ha boprofeta ba Jesu ho ne ho sa tl’o fella lekholong la pele la lilemo feela empa ka tekanyo e khōlō bo ne bo tla fetela le mehleng ena. (Tšenolo 6:2-8) Joalokaha lerato la Bajode morao koo le ne le tapile, batho kajeno ba ntse ba felloa ke lerato. Batho ba limillione ba se ba lumela hore Molimo o teng. Esita le har’a batho ba Bojakane lerato la boahisani le qephile haholo, le bona batho ba fihlang likerekeng le ba nang le tsebo ea Bibele ba fokola haholo. Ba bangata ba bonahalang e le balumeli ba leka ho lokisa mathata a batho ka lipolotiki. Ka hona ho hlakile hore har’a batho ba joalo ba ipolelang hore ke barapeli ba Molimo lerato le tapile.
Leha ho le joalo, Bakreste ba ’nete ha ba lokela ho thabela ho ikhotsofatsa bobona. Kaha Bakreste ba bang lekholong la pele la lilemo ba ile ba felloa ke lerato leo ba neng ba e-na le lona pele kapa ba ile ba khelosoa ke mathata a itseng, le rōna re ka iphumana re se re tapa leratong. (2 Timothea 2:16-19; Tšenolo 2:4) E, ke ’nete hore haeba boemo bo joalo bo ka etsahala e tla be e le mokhelo mabapi le batho ba bangata ba Jehova, empa ’nete ea hore sena se ka etsahala ho rōna ka bomong e totobatsa hore re lokela ‘ho mamella ho isa bofelong’ e le hore e bolokoe.—Mattheu 24:13.
■ Haeba Mokreste a ikutloa hore motho e mong ka phuthehong ha se motsoalle ea molemo ka lebaka la boitšoaro kapa boikutlo ba motho eo, na eena ka boeena a ka ‘khetha’ motho eo ho ea ka 2 Ba-Thessalonika 3:14, 15?
Ba fetohang karolo ea phutheho ea Bokreste ba etsa joalo hobane ba rata Jehova ’me ka botšepehi ba rata ho phela ka melao-metheo ea hae. Ho molemo ho tloaelana le bana ho e-na le ho tloaelana le batho ba lefatše. Re ka ’na ra phutholoha haholoanyane ha re e-na le Bakreste ba itseng, joalokaha Jesu a ne a ‘rata moapostola Johanne haholo’ ’me o ne a tloaelane haholo le ba 3 ho ba 12. Leha a ne a khethile ba bang o ne a ba thahasella kaofela a bile a ba rata. (Johanne 13:1, 23; 19:26; Mareka 5:37; 9:2; 14:33) Le hoja baena kaofela ba e-na le mefokolo eo re tlamehang ho e utloisisa le ho ba tšoarela, rea tseba hore karolo e khōlō ea balumeli ’moho le rōna ke metsoalle e hahang. (1 Petrose 4:8; Mattheu 7:1-5) Ho ratana ke letšoao le khethollang phutheho ea Bokreste.—Johanne 13:34, 35; Ba-Kolosse 3:14.
Leha ho le joalo, ka nako e ’ngoe motho a ka ’na a ba le boikutlo kapa a phela ka tsela eo rōna ka borōna re sa e rateng. Moapostola Pauluse o ngotse ka ba bang Korinthe bao maikutlo a bona ka tsoho a neng a fosahetse le ba neng ba e-na le boikutlo ba ‘ho ja, ho noa, le ho thaba.’ Ho hlokahala hore Bakreste ba hōlileng tsebong ka phutheho ea ele hloko ba joalo, hobane Pauluse o elelitse: “Le se ke la lahleha; litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle.”—1 Ba-Korinthe 15:12, 32, 33.
Keletso ena e akarelletsang ke ea bohlokoa le kajeno. Ka mohlala, banyalani ba Bakreste ba ka ’na ba fumana hore bana ba bona ba ameha hampe ha ba sebelisa nako e ngata le bacha ba bang ba itseng, bao mohlomong ba e-song ho nke ’nete ka botebo kapa e le ba sekametseng lefatšeng. Bana ba bang ba ntse ba ka rua molemo koetlisong ea borapeli. Empa ho fihlela ho e-ba le bopaki ba hoo, banyalani ba ka ’na ba thibela bana ba bona ho se bapale le bana bao le ho ba etela. Hona e ke ke ea e-ba ‘ho khetha’ ho kang hoo ho buoang ka hona ho 2 Ba-Thessalonika khaolo 3. Batsoali ba mpa ba sebelisa keletso ea Pauluse ea ho qoba “litloaelano tse mpe.”
Maemo a hlokang ‘ho khetha’ a tebile haholoanyane ho feta mohlala o kaholimo o amang bana. Ka nako e ’ngoe motho e mong ka phuthehong o phehella tsela e hananang le Mangolo e tšoenyang haholo, le hoja e-s’o lokafatse ketso ea ho khaola e boletsoeng ho 1 Ba-Korinthe 5:11-13. Boitšoaro bo joalo bo ile ba hlaha phuthehong ea Thessalonika ea boholo-holo, ka hona Pauluse a ngola: “Re utloa hobane ba bang ba heno ba tsamaea ka mokhoa o hanoang ke molao; ha ba sebetse, ’me ba kena litabeng tsee e seng tsa bona.”—2 Ba-Thesselonika 3:11.
Bakreste ba bang Thessalonika ba ne ba lokela ho etsa eng? Pauluse o ngotse: “Rea le laela, banab’eso, ka lebitso la Jesu Kreste, Morena oa rōna, hore le arohane le moena ofe le ofe ea sa tsamaeeng ka molao le ka thuto eo a e amohetseng ho rōna. Empa lōna, banab’eso, le se ke la khathala ho etsa hantle. E ka re ha e mong a sa utloe mantsoe a rōna a lengolo lena, eo le mo khethe, ’me le se ke la kopana le eena, a tle a be le lihlong. Leha ho le joalo, le se ke la mo etsa sera, le mpe le mo eletse ka hore, ke ngoan’abo rōna.”—2 Ba-Thassalonika 3:6, 13-15.
Kahoo, ntle le ho bolela mabitso a bo-ntšunya-khare ba botsoa, Pauluse a senolela phutheho tsela ea bona e tebileng. Bakreste bohle ba neng ba hlokomela letšoao la ba sa eeng ka molao, joale ba ne ba tla ba tšoara e le ba ‘khethiloeng.’ Keletso ena, “le mo khethe,” e sebelisitse lentsoe la Segerike le bolelang hore “le mo bee letšoao,” ke hore ‘ho hlokomela motho e mong ka ho khetheha.’ (New World Translation Reference Bible, “footnote”) Pauluse o itse “Le se ke la kopana le” ea khethiloeng “a tle a be le lihlong.” Baena ba ke ke ba mo qoba ka ho feletseng, hobane Pauluse o ba elelitse hore ba ’ne ba ‘mo eletse ka hore ke ngoan’abo bona.’ Empa ka ho fokotsa botsoalle le eena, ba ka ’na ba mo etsa hore a be lihlong ’me mohlomong ba mo tsose hore a bone ho hlokahala hore a lumellane le melao-metheo ea Bibele. Nakong ena baena le likhaitseli ba tla be ba sireletsehile tšusumetsong ea hae e sa haheng.—2 Timothea 2:20, 21.
Le kajeno phutheho ea Bokreste e sebelisa keletso ena.a Molula-Qhooa oa April 1, 1982, leqephe 30, o ile oa hatisa hore ho khethoa ha hoa lokeloa ho etsoa holim’a maikutlo feela a lekunutu kapa ha Mokreste ka boeena a khetha ho qoba kamano e haufi le motho e mong. Joalekaha ho bontšitsoe tabeng ea Thessalonika. Ho khetha ho akarelletsa ho tloloa ho tebileng melao-metheo ea Bibele. Pele baholo ba leka khafetsa ho thusa motho ka ho mo eletsa. Haeba bothata bo phehella, joalokaha Pauluse a lemositse ho Bathessalonika, ba ka ’na ba fana ka puo e lemosang phutheho mabapi le boitšoaro bo fosahetseng bo amehang, ntle le ho bolela lebitso la motho. Kamor’a moo, Bakreste ka bomong ba tla lula ba ‘khethile’ motho ea fosang.
Kahlolo e ntle e-ea hlokahala ho e-na le melao e rerang e sa le pele ka taba e ’ngoe le e ’ngoe ea ho khetha. Pauluse haa fana ka melao qaqileng mabapi le bothata Thessalonika, e kang ea ho bolela hore motho o hanne ho sebetsa ka nako kae pele a ka khethoa. Ka ho tšoanang, baholo ba amana le mohlape ’me ba ka sebelisa bohlale le masene ho rera hore na boemo bo itseng ke bo tebileng ka ho lekaneng le bo tšoenyang hoo ho hlokang puo e lemosang phutheho.b
Morero o mong oa ho khetha ke ho susumelletsa Mokreste ea sa eeng ka molao hore a ikutloe a le lihlong ’me a khaotse tsela ea hae eo e seng ea Mangolo. Batho ba mo khethileng, haholoholo baholo, ba tla tsoela pele ho mo khothatsa ’me ba lemohe boikutlo ba hae ha ba ntse ba kopana le eena libokeng le tšebeletsong ea tšimo. Ha ba bona hore bothata le boikutlo tse ileng tsa etsa hore a khethoe li fetohile, ba ka tlosa lithibelo tsa hore ba se etse setsoalle le eena.
Ka baka leo, ho khethoa ha hoa lokela ho ferekangoa le tšebeliso ea botho kapa ea lelapa le ea keletso ea Molimo ea ho qoba litloaelano tse mpe ha ho khethoa e le ntho e sa hlokahaleng hangata, ho lokela ho hlaka hore ho khetha ke bohato ba Mangolo bo lokeloang ho nkuoa ha bo laetsoe, bohato bo nkuoeng ke baena ba rōna ba Thessalonika.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa, August 1, 1973, maqephe 359-60.
b Ka mohlala, baholo ba lokela ho sebelisa masene ha ba sebelisana le Mokreste ea laetsanang le motho ea seng “Moreneng.”—Bona Molula-Qhooa September 1, 1982, maqephe 30.