Ho Tseba Bakreste ba Pele
Pauluse o Ngolla Bakorinthe
BA BANGATA ho rōna ba thabela ho rōmela le ho amohela mangolo. Ena ke tsela e molemo ea ho kopana le metsoalle e hole le baratuoa ba rōna. Mangolo a neng a ngoloa ke Bakreste ba lekholo la pele la lilemo a hlile a khahlisa haholo. Mangolong ana, re bona hore na ba phela lefatšeng la mofuta ofe, le likhatello tseo ba neng ba talimane le tsona. Ho bala mangolo a joalo ke tsela e ntle ea ho tseba Bakreste ba pele.
Ka mohlala, mangolo a mabeli ao re a boloketsoeng ka Bibeleng ea rōna a ileng a ngoloa ke moapostola Pauluse a a ngolla Bakreste ba Korinthe, Greece, a senola lefatše le hapang le nang le batho ba mefuta e sa tšoaneng le mathata. ’Me a re thusa ka ho khethehileng ho tloaelana hamolemo le moapostola Pauluse, Mokreste ea totobetseng ea ileng a bula maliboho boboleling ba ‘litaba tse molemo’ likarolong tse ngata tsa ’Muso oa Roma.
Pauluse o fihlile Korinthe ka selemo sa 50 CE, lilemo tse leshome le metso e supileng kamorao ho lefu la Jesu. Ka nako eo motse o ne o phethesela ka tšebetso. O lutse botleng, e ne e le setsi se ruileng sa khoebo le moo ho neng ho khobokana batho ba mebala eohle le lichaba.
Hape e ne e le setsi sa lefatše sa lipapali. Lipapali tsa Isthamia, tse neng li tšoareloa moo ka lilemo tse ling le tse ling tse peli, li ne li nkoa e le tse hlahlamang Lipapali tsa Olympia. ’Me e ne e le motse oa bolumeli. Korinthe e ne e hlile e hlokomeleha ka borapeli ba molimo oa mosali oa Mogerike Artemise, le ka boitsoaro bo bobe bo amanang le borapeli ba hae. Ha e le hantle “Bokorinthe” e ne e le lentsoe le bolelang “ho itloaetsa boitšoaro bo bobe.”
Mangolo
Ho bolela ha Pauluse Korinthe ha tsosa khanyetso e tloaelehileng e tsoang ho Bajode ba pelo-thata. Empa, ha a fumana lipelo tse amohelang, a lula-lula. Selemo le likhoeli tse tšeletseng hamorao, ha a qetella a tlohile, ho ne ho e-na le phutheho e theehileng hantle ea Bakreste moo. Hoo e ka bang lilemo tse tharo hamorao, Pauluse a ngola lengolo leo hona joale le bitsoang Ba-Korinthe ba Pele.
Moapostola o ngotse lengolo ka lebaka lefe? Lebaka le leng, Bakorinthe ba ne ba rōmetse lipotso tseo a neng a tlameha ho li araba. Empa habohlokoa haholo o ne a fumane litaba tse tšoenyang tse tsoang Korinthe. Likarohano, lithuto tse fosahetseng, mekhoa e litšila le banna ba baiphahamisi ba ne ba tšosa boemo ba moea ba phutheho e nyenyane. Kahoo Pauluse a ngola lengolo lena le matla empa le le mofuthu e le hore a ka lokisa litaba. Na Bakorinthe ba ile ba nka bohato bo molemo? E, karolong eitseng. Nako e ka tlase ho selemo hamorao a ngolla Bakorinthe lengolo la hae la bobeli, a ba babatsa ka boikutlo ba bona bo molemo.
Kaha mangolo ana a ne a bululetsoe, a sa le nakong. Melao ea motheo e ka ho oona e sa ntsane e sebetsa. Kahoo, bala mangolo ana ka hloko haeba u batla ho utloisisa melao ea Bokreste ka lenyalo, hore na liboka li ka hlophisoa joang bakeng sa borapeli ba ’nete, motheo oa bohlooho bo loketseng ba Bokreste le bohlokoa ba hore bohle ba “phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10) Lengolo la pele le boetse le tumme ka tlhaloso ea lona e ntle ea lerato le tlhaloso ea lona e matla le tšireletso ea tšepo ea tsoho. (1 Ba-Korinthe, likhaolo 13 le 15) Empa, joalokaha ho se ho boletsoe, mangolo ana hape a re thusa ho tloaelana hamolemo le Bakreste ba pele.
Batho
Bakreste ba Korinthe e ne e le batho ba mofuta ofe? Ba bang e ne e le ba semelo sa Bojode, ho akarelletsa Krispo eo e neng e le ’musi oa synagoge ea Bajode ha Pauluse a fihla ka lekhetlo la pele Korinthe. (Liketso 18:8) Ho ne ho boetse ho le teng bao e seng Bajode, bao ba bang ho bona ba neng ba kene ka botebo boitšoarong bo bobe bo tsebisahalang ba Korinthe.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Ho bonahala makhoba a mang a ile a fetoha Bakreste. Ho joalo le ka bahlolohali ba bang le batho ba lenyalong, hammoho le ba bang ba neng ba le lenyalong bao balekane ba bona ba neng ba sa amohela litaba tse molemo. (1 Ba-Korinthe 7:12-40) Ka mantsoe a mang, re bula monyetla oa ho se tšoane nakong le tsoelopeleng, phutheho ea Bokreste ea Korinthe ha ho bonahale e fapana hakaalo le liphutheho life kapa life tsa metse e meholo kajeno.
Leha ho le joalo, balumeli ba bangata ba Korinthe ba ne ba hlile ba le bacha tumelong ea Bokreste, ’me hona ho ne ho bonahala. Ba lumella monna e mong hore a ’ne a kopanele le bona leha a ne a nyalane le mosali oa ntat’ae e monyenyane. Mohlomong ba ne ba nahana hore bolokolohi ba Bokreste bo lumella ntho ea mofuta o joalo. Hape, ho e-na le ho kopana ba ikarola likoto, ba latela batho e seng ho latela Jesu Kreste. Boikutlo bo fosahetseng ba bonahala tseleng eo ba neng ba keteka Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka eona, ba bang ho bona ba bile ba tahiloe ka linako tseo!—1 Ba-Korinthe likhaolo 1, 5 le 11.
Ho phaella moo, balumeli ba bang ba Korinthe ba ne ba isana makhotleng. Ba bang, mohlomong ba susumetsoa ke bohlale ba Bagerike, ba ne ba ruta hore ha ho na ntho e tšoanang le tsoho. ’Me ba bang e ne e le baikhohomosi, mohlomong ba ikutloa hore ba molemo ho feta ba bang ka phuthehong.—1 Ba-Korinthe 4:18; 3:18; 6:1-8; 15:12.
Na hoo ho utloahala eka ke mathata a mangata? E, a ne a hlile a le teng. Empa, hopola, Pauluse o ne a boletse ka lekhetlo la pele Korinthe lilemong tse fetileng tse hlano feela. Ke ’nete, Jehova Molimo o ne a fane ka limpho tse khethehileng tsa moea ho tiisa phutheho, empa Bakorinthe ba ne ba bontšitse haholo hore ba thahasella haholo lineo tsa lipuo, pontšo ea mohlolo ho bao e seng Bakreste empa e se ea bohlokoa ba letho bo bokaalo ho haha phutheho. Kahoo, Pauluse a ba khothalletsa ho hlaolela neo ea ho profeta, e neng e tla sebeletsa haholoanyane ho tiisa boemo ba bona ba moea.—1 Ba-Bakorinthe 14:1-12.
Sepheo sa Bakreste ba bangata ba Korinthe se ne se se sebe. Ba ne ba rōmetse lipotso ho Pauluse, ka ho totobetseng ba ne ba batla ho tseba tsela e nepahetseng ea ho etsa lintho. Hape, Pauluse a ba babatsa: “Le nkhopola nthong tsohle, ’me le boloka lithuto kamoo ke le neileng tsona kateng.” (1 Ba-Korinthe 11:2) ’Me ha a ne a ngola keletso e matla, ho bonahala ba bangata ba ile ba utloisisa kapele ho nka bohato, ‘ba soaba ka mokhoa o ratoang ke Molimo.’ (2 Ba-Korinthe 7:11) Empa ba bang ba ’na ba hanyetsa boholo Pauluse.—2 Ba-Korinthe 10:10; 11:4-6.
Mehlala e Metle
Libukeng tsena ho ntse ho hlaha batho ba sa tšoaneng. Pauluse o bolela e mong ea neng a bitsoa Sosthene, eo mohlomong e neng e le Mojode ea tsebisahalang Korinthe pele e e-ba Mokreste. (1 Ba-Korinthe 1:1; Liketso 18:17) Litho tsa lelapa la Kloe, le bona e le Bakorinthe, ba tlalehela Pauluse ka boemo bo bobe bo neng bo hōla ka phuthehong. Ke mohlala o motle hakaakang oa hore ka sebete ba etse se nepahetseng! (1 Ba-Korinthe 1:11) Lelapa la Setefanase, Bakreste ba pele moo, le ne le tšoarehile ho sebeletseng bahalaleli—mohlala o motle oa ho amohelana boeting. Setefanase, hammoho le Fortunate le Akaike, Pauluse o ba buella ho Ba-Korinthe. A re, “Hlokomelang batho ba joalo.”—1 Ba-Korinthe 16:18, 15, 17.
Hape ho ne ho le teng Apollose, sebui se matla le se buang ha phollatsi le se susumetsang. Pauluse a mo kōpa ho etela Korinthe, empa o ne a sa batle ho etsa joalo ka nako eo. Mohlomong o ne a e-na le lintho tse ling tse mo tlamileng, kapa mohlomong o ne a sa batle ho khothalletsa moea oa lihlopha o neng o hlahile ka lebitso la hae. (1 Ba-Korinthe 16:12) Tite ea tšepahalang, eo hamorao a neng a tla emela Pauluse Kreta, joale a mo emela Korinthe ’me a tla le litaba tse molemo tsa boikutlo ba bona bo fetohileng. (Tite 1:5; 2 Ba-Korinthe 7:14, 15; 12:18) Le mohlankana ea khethehileng Timothea o ne a le teng. O ne a mo thusitse ka mosebetsi oa pele oa ho bolela evangeli Korinthe, ’me Pauluse o ne a e-na le tšepo ea hore Timothea o tla khutlela teng kapele. (1 Ba-Korinthe 4:17; 16:10) E, batho ba Bakreste ba senoloang mangolong ana e ne e le sehlopha se tšoarehileng, phutheho ea batho ba sebele ba amehileng ka ho sebeletsa Molimo le ho sebeletsana.
Moapostola Pauluse
’Me ea neng a tšoarehile ka ho fetisisa ke moapostola Pauluse ka boeena. Re mo bona a bolella Bakorinthe “ka mefokolo, le tšabo, le thothomelo e kholo,” ho fapana ho hang le seo ba bangata ba neng ba mo nahanela sona hore ke molumeli ea se nang kelello. (1 Bakorinthe 2:3) Ho sa tsotellehe mathata a bona a tebileng, re nkhella lerato la Pauluse ho Bakorinthe. O ne a ba babatsa ha a na le hona ’me a bolela thabo ea hae ha a utloa kamoo ba amohetseng keletso ea hae e matla kateng.—1 Ba-Korinthe 4:14; 11:2; 2 Ba-Korinthe 7:8-13.
Lipelo tsa rōna li ema le Pauluse ha re bala ka mathata ao a bileng le oona tšebeletsong—lichapo, maeto a malelele, likotsi, hammoho le “phatsa e hlabang ka nameng,” mohlomong bohloko bo matla ba mahlo. (2 Ba-Korinthe 12:7-10; 11:21-27) Pauluse o re, “leha ho sa baloe litsietsi tse tsoang kantle, ke likiloe ka matsatsi ’ohle ke lipelaetso tsa likereke tsohle.” (2 Ba-Korinthe 11:28) Baholo ba bangata ba Bakreste ntle ho pelaelo ba tla ameha maikutlo ke mathata a hae.
Empa Pauluse o ne a sa belaele. O boletse lintho tsena feela ho sireletsa matla a hae khahlanong le “baapostola ba bohata.” (2 Ba-Korinthe 12:11-13) Ka sebele, o ne a thabetse ho mamella mathata a joalo, kaha hona ho ne ho totobatsa hore o sebetsa ka matla a Molimo, e seng a hae. (2 Ba-Korinthe 12:9, 10) Ka hona o fana ka mohlala o motle oa tumelo ketsong.
Pauluse a re ho Bakorinthe: “Ke le khothatsa ke hona, ke re, le be baetsisi ba ka.” (1 Ba-Korinte 4:16) Le kajeno, ke hantle ha re latela khothatso ena. Empa hore re etsise Pauluse re lokela ho mo tseba—tsela ea hae e tšepahalang, boikutlo ba hae le boitšoaro, le boineelo ba hae ho Molimo. Tsela e molemo ea ho etsa sena ke ka ho bala mangolo a hae a mabeli ao a ileng a a ngolla Bakreste ba Korinthe. Ke eng ha u sa qale ho etsa joalo hona joale?