Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w84 11/15 maq. 3-4
  • Mehla ea Rōna ea ho Nyahama

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mehla ea Rōna ea ho Nyahama
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Batho ba ka Tlisa Khotso le Tšireletseho Tsa Kamehla?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Tloselitsoe Ruri!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1984
w84 11/15 maq. 3-4

Mehla ea Rōna ea ho Nyahama

“NKA rata ho bona lefatše le le khotsong mehleng ea ka,” ao ke mantsoe a seithuti se senyenyane sa koleche, “empa kea tseba hore hona e mpa e le toro feela ka lebaka la lehloeo lohle le lefatšeng.” Na le uena u ikutloa ka tsela ee? Na boemo ba lefatše bo bonahala bo se na tšepo ho uena?

Pono e lerootho joalo e na le lebaka. Maemo a lefatše a thata ka hohle. Ho phela ha motho ho kotsing. Moea oa lefatše, lijo le metsi li silafatsoa ka lebelo le tšosang. Maemo a moruo a ntse a senyeha ho ea pele ’me bonokoane boa phahama, ho etsa hore batho ba bangata ba lule ba tšohile ka bophelo ba bona le matlotlo a bona. Ha ho mohla lefatše le ileng la hloka khutso le ho imeloa maikutlo hakana.

Ho tšosang haholo ke tšokelo ea pheliso ea libetsa tsa “nuclear” e apesitseng lefatše joaloka botšo ha lintoa le borabele li tsoela pele ho sa bonahale hore li tla emisa. Ha seithuti se seng se hlalosa ho nyahama ha ba bangata, sa re: “Ho bonahala ho se letho ho hang leo motho a ka le etsang ka khang ea ntoa ea ‘nuclear.’ ”

Le haeba pheliso ea “nuclear” e ne e ka suthisoa, bophelo ba motho bo tšosoa ke lintho tseo motho a iketselitseng tsona ka bongata. Makasine ea Parade e tlaleha hore: “Baahi ba lefatše ba ata ka potlako e sa khaotseng le ka lebelo le fetisisang hoo ka selemo sa 2000—lilemo tse 16 feela ho tloha hona joale—lefatše, ka batho ba bang hape ba libillione, le tla sitoa ho fana ka lijo tse lekaneng le matla, re se re sa bue ka mesebetsi, matlo, thuto le tlhokomelo ea bophelo. ’Me ho tla etsahala mahareng a lekholo la bo21 la lilemo (ha bana ba tsoaloang leshomeng lee la lilemo ba tla be ba atamela lilemo tsa botsofali) ho fahla monahano.”

Ho se ho ntse ho e-shoa ba limillione ka selemo ka lebaka la boemo bo sisimosang ba khaello ea lijo tse molemo linaheng tse ngata tse fokolang moruong. Setsebi sa U.S. Setsing sa Lekala la Palo ea Sechaba bakeng sa Phuputso ea Machaba se itse: “Ntle leha ho ka nkoa bohato ba machaba bo potlakileng ho laola palo ea baahi ba lefatše, ke bona litsamaiso tse oang tsa mebuso.” Lintho tse ling tseo ho bonoeng hore li tla ata ha ho fela mehloli ea lisebelisoa, ke phepo e mpe le maloetse, ho fallela linaheng tse ling ka bongata, litlala tsa sekoboto, toantšano har’a baahi le tsona lintoa.

Empa leha ho le joalo, lehloeo le tsoelang pele la motho le boithati li bupetsa tšepo leha e le efe ea hore batho ba ka rarolla mathata a bona le likhohlano ka tsela e ntle ea khotso. Ha pefo e ntse e fetoha tsela e tloaelehileng ea ho hlalosa se sa thabeloeng, se inahaneloang kapa sa sebele, ho busa molao oa likhoka. Mekhoa e “fetiloeng ke linako” ea boena—ho ameha ka ba bang le ho ba hlompha—ho bonahala e se e se teng lefatšeng la rōna la kajeno. Ka ’nete, joalokaha Bibele e hlile ea bolela, ‘lichaba li tsielehile ha li tsebe moo li tsoang le teng . . . ha batho bona ba ilibana ke tšabo le ke tebello ea lintho tse tlelang lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Luka 21:25, 26, NW.

Mohlomong u re, ‘Empa, ka sebele, joalokaha batho ba nang le tsebo ba hlokomela kotsi e mpehali ea mehla ea rōna e bohloko, ba tla etsa litumellano tse tla tiisa hore lefatše le lula ka khotso le ka tšireletseho.’ Le hoja maikutlo ao a bonahala a lakatseha ka sebele, na ho na le tšepo e utloahalang ea hore litumellano tse joalo li tla ba teng? Tlaleho ea histori e bontša eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela