Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 2/1 leq. 24
  • Tikoloho e Nyopileng Bakeng sa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tikoloho e Nyopileng Bakeng sa Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Thusa Bana ba Hao ho Atleha
    Tsoha!—1997
  • Khalemelo e Atlehang
    Tsoha!—2015
  • U ka Laea Bana ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 2/1 leq. 24

Tikoloho e Nyopileng Bakeng sa Bana

HANYENYANE-KA-HANYENYANE mokhatlo oa kajeno o fetotse tikoloho e ntle ea khōliso ea bana ho ba e nyopileng bakeng sa hore e be e beang, ho itsoalo moprofesara Edward A. Wynne, oa Univesithi ea Illionois. O nģosa ho inahana ho feteletseng ha batho le moruo, le ho hlōleha ha bolumeli. Makasineng oa The Wall Street Journal moprofesara Wynne o itse: “Ke taba e utloahalang hore ke hobane’ng ha batsoali ba bangata ba ikutloa ba halefile hakaana. Ba bang ba ikutloa ba tepeletse ’me banyalani ba bang ba khutlisetsa khōliso ea bana morao kapa ba leka ho e qoba ho hang.” Joale morutehi enoa o fana ka keletso e ka thusang ho hlōla bothata bona, o eletsa banyalani ho ineela ka ho shoetseng khōlisong ea bana, ’me hona ho akarelletsa ho kopana le bolumeli bo khothalletsang bonngoe ba lelapa le bo lebelletseng hore litho tsa bona li ineele ho bona, le ho fana ka taeo e tsoakiloeng le lerato, le ho tela lipheo tse phahameng tsa botumo.

Bibele e boletse haholo ka taba ena ka makholo-kholo a lilemo a fetileng. E elelitse batsoali: “Ba hōliseng [bana] ka thuto ea Bokreste le ka taeo ea Bokreste.” (Ba-Efese 6:4, Phillips) Khothatso ea Lentsoe la Molimo e tsoela pele: “Phutha sechaba, banna, le basali, le bana . . . ba tle ba utloe, ’me ba ithute.” (Deuteronoma 31:12) Ka sebele, haeba metheo ena e sebelisoa ka tsela e sa khaotseng hona ho tla thusa malapa ho hlōla tšenyeho ena ea mokhatlo oa kajeno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela