Jehova Molimo o Sehlōhō Kapa o Lerato?
MONNA oa Lejapane a phehella ho re, “Empa Molimo oa Bibele ke Molimo o sehlōhō.” Moromuoa ea emeng monyakong ha hae a iphumana a talimane le motho ea tloaelaneng le Lentsoe la Molimo, Bibele.
Monna eo a tsoela pele, “U re’ng ka taba ea ha Molimo o khama batho ka metsi Moroallong? Hona u re’ng ka taba ea ha o fetola Sodoma le Gomorrha molora, re se re sa bue ka hore a etse hore Baiseraele ba felise Bakanana? U ka re Molimo ha o sehlōhō joang? Ntle ho moo, Molimo oa ‘Testamente e Ncha’ o fapane ho hang. Jesu o rutile ka Molimo oa khotso le lerato.”
Pono ena ea Molimo oa “Testamente ea Khale” o sehlōhō le o ntoa e ka monahanong oa ba bangata. Ka baka leo, batho ba bang ba talima Molimo o lerato oa “Testamente e Ncha” ka pelaelo. Ke mang ea ka susumeletsehang ho sebeletsa Molimo oo ho bonahalang o e-na le botho bo hanyetsanang?
“Litsela tsa Hae Kaofela li Lokile”
Leha ho le joalo, ho hang batho ha ba boemong ba ho nyatsa liketso tsa Molimo. Na ngoana o ee a utloisise hang-hang hore na ke hobane’ng ha ntate oa hae a etsa hore a mamelle bohloko setulong sa ngaka ea meno? Ka ho tšoanang, qalehong re ka ’na ra se ke ra utloisisa liketso tsohle tsa Molimo. Mopesaleme o itse: “Le tsebe hoba Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, ha rea iketsa.”—Pesaleme ea 100:3, NW.
Na joale, hase bothoto ho potlakela ho etsa qeto ea hore liketso tsa Molimo li sehlōhō? “Mehopolo ea ka hase mehopolo ea lōna, litsela tsa lōna hase litsela tsa ka: ho bolela Jehova. Empa joale ka ha leholimo le phahame holimo ho lefatše, litsela tsa ka li phahame joalo holimo ho litsela tsa lōna, le mehopolo ea ka holimo ho mehopolo ea lōna.” (Esaia 55:8, 9) Ho feta moo, Bibele e re tiisetsa hore “litsela tsa hae kaofela li lokile.” Jehova o tsebahala e le “Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo.” (Deuteronoma 32:4) Ka baka leo a re ke re shebeng mabaka a mang ao ho oona Molimo o ileng oa bona ho loketse ho liha kahlolo.
Moroallo
“Jehova a bona bolotsana ba batho hoba bo boholo lefatšeng, le hoba ’mōpo oa mehopolo eohle ea lipelo tsa bona o mobe feela ka matsatsi ’ohle.” (Genese 6:5) Le bile joalo lefatše la pele ho Moroallo. E, Jehova Molimo ‘a talima lefatše, ’me a bona hoba le bolile, le hoba nama eohle e sentse mokhoa oa eona lefatšeng.’ (Genese 6:12) Ba bang ba ka ’na ba phea khang ka hore Molimo o ka be o ile oa hlokomoloha batho, o ba tlohella hore ba iketsetse borata. Empa ho ne ho ntse ho e-na le batho ba tšepehang, ba metsamao e hloekileng lefatšeng. Na e ne e ke ke ea e-ba sehlōhō ho Molimo hore o lumelle ba khopo hore ba felise mosaletsa oa boitšoaro bo botle o teng lefatšeng? Eaba joale Molimo o lokisetsa moroallo oa lefatše lohle hore o felise ba senyang lefatše.
Molimo o sehlōhō o ne o ke ke oa etsa tokisetso ea hore ho pholohe motho kapa phoofolo. Empa Jehova a etsa joalo. Molimo o sehlōhō o ne o ke ke oa hlokomelisa ka koluoa e tlang. Empa oa abela Noe ho ba “’moleli oa ho loka” ka lilemo tse ka bang 40 kapa 50 bonyane! (2 Petrose 2:5) Batho ba ne ba ka khetha pholoho kapa lefu.
Sodoma le Gomorrha
Ha mangeloi a mabeli a etela Sodoma, baahi ba potlakela ho senola tlhaho ea bona e sothehileng. Banna ba Sodoma, ba bōkanela ntlo ea Lota, “bana le ba holileng, batho kaofela-fela. Ba bitsa Lota, ba re ho eena: Ba kae banna ba tlileng ho uena bosiung bona? Re ntšetse bona, re tle re ba tsebe.” (Genese 19:4, 5) Hona e ne e le “ho batla nama esele.”—Juda 7; bona le Ba-Roma 1:26, 27.
Molimo, ‘o lekolang botebo ba lipelo,’ oa bona hore metse hase ea ho bolokoa. E ne e tšoaneloa ke ho felisoa. (Ba-Roma 8:27) E, le batho ba lokileng ba leshome ba ne ba sa fumanehe Sodoma! (Genese 18:32) Boitšoaro ba Basodoma e ne e le kotsi ea sebele ho Lota ea lokileng le lelapa la hae. Ka baka leo, hore Molimo o pholose Lota le barali ba hae e bile ketso ea lerato!—Genese 19:12-26.
Ho Ahlōla Bakanana
Jehova a tšepisa Abrahama hore peō ea hae qetellong e tla rua lefatše la Kanana. Leha ho le joalo, hlokomela hore ha ho kahlolo e neng e tla etsahala mehleng ea Abrahama. Hobane’ng? “Hobane,” ka mantsoe a Jehova, “ho fihlela moo, bokhopo joa ba-Amore [morabe o moholo oa Bakanana] bo ea be bo e-so ho tlale.” (Genese 15:16) Ho ne ho tla feta lilemo tse ka bang 430 pele bokhopo joa sechaba seo bo ka ba boholo hoo Moshe a neng a ka re: “Ke ka baka la bokhopo ba lichaba tseo [tsa Kanana] Jehova, Molimo oa hao, a tlang ho li falatsa pel’a hao.”—Deuteronoma 9:5.
Buka Archaeology and the Old Testament e re: “Sehlōhō, takatso ea menate le bohlaha ba lipale tsa Bakanana . . . li tlameha e be li ne li hlahisa litšobotsi tse mpe ka ho fetisisa ho ba inehetseng ho tsona ’me li e-na le mekhoa e hlephileng ka ho fetisisa boitšoarong ba mehleng eo, e kang botekatse bo halalelang, mahlabelo a bana le borapeli ba linoha . . . ho theoha ho feletseng boitšoarong le bolumeling.” Leha ho le joalo, Bagibeone le baahi ba metse e meng e meraro ba ile ba bolokoa. (Joshua 9:17, 18) Na Molimo o sehlōhō o ne o ka lumella hoo?
Na ke Botho bo Hanyetsanang?
Leha ho le joalo, ba bang ba phehella hore Molimo oa “Testamente ea Khale” o ile oa fetola botho “Testamenteng e Ncha.” Ba re, ‘Lithuto tsa Jesu li bontša lerato.’—Mattheu 5:39, 44, 45.
Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a ne a ile a profeta, ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. ho tlile e le kahlolo e tsoang ho Jehova. (Mattheu 23:37, 38; 24:2) Ho feta moo, batho ka bomong ba sa lokang ba kang Ananiase, Safira, le Heroda ba ile ba bolaoa. Molimo o ne o sa fetoha. (Liketso 5:1-11; 12:21-23; Malakia 3:6) Leha e le hore lithuto tsa Jesu ka lerato e ne e le mokhoa o mocha. Pejana, Molao oa Moshe o ile oa laela: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) Leha ho le joalo, lithuto tsa Jesu ka lerato le itelang, tsa fetela pejana ho molao ona. (Johanne 13:34) Hape, u hopole hore o hanyelitse ka matla baeta-pele ba baikaketsi ba bolumeli. Bala khaolo ea 23 ea Mattheu kaofela ’me u bone kamoo Jesu a ileng a nyatsa ba joalo ka matla.
Ka hona tlaleho ea Bibele e ema e le bopaki ba hore Molimo ha o sehlōhō, empa o na le lerato le tebileng le sa khaotseng ho batho. Ka hona re susumeletseha ho ithuta haholoanyane ka Jehova le litsela tsa hae tsa lerato. Sehlooho sa rōna se latelang se ka u thusa ho etsa joalo.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Na Jehova o ne a lokile ha a romela Moroallo, ha a timetsa Sodoma le Gomorrha, ha a felisa Bakanana?