Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 4/1 leq. 14
  • Botšepehi bo ba Etsa ba Fapaneng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšepehi bo ba Etsa ba Fapaneng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • ‘Molimo ha o Thetse’
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Tšepahala Linthong Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 4/1 leq. 14

Botšepehi bo ba Etsa ba Fapaneng

A TŠOHA haholo ha a bona tikete ea phaking e kentsoe ka tlase ho “wiper” ea fenstere ea koloi ea hae. O ne a lokela ho lefa molato oa lidolara tse 25, ’me o ne a tseba hore nģoso eo ke ea bohata. Ho ne ho se matšoao a neng a thibela hore makoloi a se emisoe moo. ’Me bobe ba litaba ke hore o ne a tsoa bakeng se hōle ’me o ne a ke ke a khona ho khutlela toropong eo ho tla kenya boipiletso nģosong eo. Eaba o nka litšoantšo tsa sebaka seo ho paka hore ho ne ho se matšoao a thibelang ho emisoa ha makoloi moo. ’Me kaha e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, a kōpa Paki ea moo ho hlaha lekhotleng la sephethe-phethe bakeng sa hae.

Mona ho tlalehiloe mantsoe a motsoalle oa hae ka se etsahetseng khotla hoseng hoo: “Ha u bitsoa ho hlaha pel’a moahloli, u lokela ho fana ka lebitso la hao le aterese. ’Me u kōpuoa hore u etse kano ea hore u tla bua ’nete feela. Empa pele ke kōpuoa ho etsa kano eo, mongoli oa lekhotla, monna ea hōlileng ea hlomphehang, a kōpa hore ke phete aterese ea ka. Ha ke re, ‘124 Columbia Heights,’ ho bonahala hore o ile a elelloa hore aterese ena ke ea ntlo-kholo ea lefatše ea Watch Tower Society ea Lipaki tsa Jehova. Eaba o sheba moahloli, a re: ‘Moahloli, ha ho hlokahale hore u khathatsehe le hanyenyane. Batho bana ba molemo. Ha ba bue leshano! Ha ho mohla ba buang leshano. Bolumeli ba bona ha bo lumelle leshano, ’me ba bo khomaretse ka matsoho a mabeli. Ha ke hopole monna le ea mong kapa mosali ea buang leshano bolumeling ba bona. Batho bana ba tšepahala ka tsela e ratehang. Ke bone ka makhetlo a mangata ha ba ne ba ka be ba phonyohile ho lefa tikete ea phaking ka ho bua leshano le lenyenyane, empa ha ba ka ba etsa joalo.’

Eaba mongoli o retelehela ho ’na, a re, ‘Kea tseba hore u ke ke ua bua leshano kahobane u-ua tseba hore ke mang ea neng a tla sisinyeha lebitleng la hae ha a utloa hoo, a ke re?’ Ka mo botsa, ‘Ke mang eo?’ A araba: ‘Ke Moahloli, Moahloli Rutherford [ka nako e ’ngoe e ne e le mopresidente oa Watch Tower Society]. Ke ne ke mo isetsa mangolo lilemong tse 47 tse fetileng. Ke tsebile Lipaki tsa Jehova pele li ata tjena. Moahloli [Rutherford] e ne le e monna oa sebele!’

“Kamor’a puisano ena, moahloli oa khotla ha a ka a khathatseha ka hore ke etse kano. A kōpa hore ke bue nyeoe ea ka, ’me ka fela ka etsa joalo. Kahlolo ebile efe? ‘Ha u molato.’”

Lipaki tsa Jehova ‘li lakatsa ho tšepahala linthong tsohle.’ (Ba-Heberu 13:18, NW) ’Me ho khomarela ha tsona botšepehing ke tsela e ’ngoe e li etsang tse fapaneng le lefatše.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela