Ho Nyarela ka Litabeng
Lipetlele Li Batla Lipaki
Litlaleho li bontša hore lipetlele tse ngata California li batla bakuli ba Lipaki tsa Jehova haholo. Lipetlele tse ling li ne Ii sa rate ho buoa Lipaki kahobane li hana ho tšeloa mali ka mabaka a bolumeli. Ke hobane’ng ho ena le phetoho ena ea maikutlo? Kahobane boemo ba moruo ba meriana bo le tsietsing, batsamaisi ba batla mehloli e eketsehileng ea chelete. Empa ho fanoe ka lebaka le leng. “Tsoelopele ea morao merianeng mabapi le ho buoa ntle ho mali e entse hore lipetlele le lingaka li Ithaopele ho buoa Lipaki hobane ho se kotsi e khōlō haholo e amehang,” ho tlalehile Daily News ea Van Nuys, California. “Mefuta e mengata ea ho buoa e ka etsoa ntle ho ho tšeloa mali haeba u le hlokolosi haholo ka boemo ba mokuli e mong le e mong,” ho lumela joalo Dr. Sheldon N. Lipshutz.
Le hoja Lipaki tsa Jehova li amohela meriana e meng eo e seng ea mali, e kang “saline solution,” li hana ‘ho senya tumelo le letsoalo la tsona’ ka ho amohela phekolo ea meriana e hanoang ke mangolo. (1 Timothea 1:19; Liketso 15:20) Li fumane hore ho mamela melao ea Molimo ke taba e utloahalang esita le merianeng. “Lilemo tse leshome le metso e mehlano kapa tse 20 tse fetileng, ke ne ke sa batle [Lipaki tsa Jehova] sepetleleng sa ka,” ho itsoalo motsamaisi e mong oa sepetlele ho Daily News. “Kajeno ho na le bakuli ba bangata ba ‘AIDS’ le ‘hepatitis’ ka baka la ho ata ha litšelo tsa mali le kamoo e seng e le mokhoa kateng ho sebelisa mali. Pono ea Lipaki tsa Jehova e-ea e hlaka ho ’na.”
Ho Ithuta Ho Etsa Molemo
Ke ka baka la’ng ha batho ba bang nakong ea puso ea Bonazi Jeremane ba ne ba ithaopela ho bea bophelo ba bona kotsing e le hore ba thuse ba bang ha ka ho etsa joalo ba ne ba ipea kotsing ea hloriso kapa lefu, athe batho ba neng ba ka thusa ba ne ba iphapanya? Dr. Samuel Oliner, setsebi sa kahisano Univesithing ea Arcata, California, le lingaka hammoho le eena, ba leka ho fuputsa lebaka. The New York Times e se e behile liphuputso tsa bona “tse lumellanang tabeng ea hore thuto eo batho bao ba e amohetseng ba sa le banyenyane e bonahala hamorao, e etsa hore e be ba nang le kutloelo bohloko e eketsehileng ho thusa ba nyahameng.”
Taba e ’ngoe ebile tlhahlobo ea Ervin Staub, ngaka ea kelello Univesithing ea Massachusetts. Dr. Staub o itse: “Batsoali ba rutang bana ba bona boikutlo bo botle ba ho ameha ka katleho ea batho ba bang ba na le taolo e tiileng ho bona. Le hoja e le bafepi, ha ba lumelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba sebelisa tieo, mofuthu le ho nahanisisa le bona. Ba bontša bana ba liphello tsa batho ba itšoarang hampe—le liphello tsa boitšoaro bo botle. ’Mè ka mafolo-folo ba tataisa bana ho etsa molemo, ho abelana, le ho thusa.”
Ha ho makatse hore batsoali ba laeloa ho hōlisa bana ba bona ‘ka ho ba laea ka likhopolo tsa Jehova’ kahobane “ea etsang hantle o tsoa ho Molimo.”—Ba-Efese 6:4, NW; 3 Johanne 11.
Na “’Nete” ha e Eo?
“Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla,” Jesu o buile ho Johanne 8:32. Empa batho ba bangata ba se ba sekamela mohopolong oa hore pakane ea ho tseba ’nete e ke ke ea finyelloa. Hlokomela litlhaloso tsa Mobishopo John S. Spong, kamoo li qotsitsoeng kateng ho The Sunday Star-Ledger ea Newark, New Jersey: “Re lokela . . . ho sutha mohopolong oa hore re na le ’nete le hore ba bang ba lokela ho amohela pono ea rōna kahobane ’nete e phethahetseng e ka ’nģ’ane ho matla a rōna.” A eketsa: “Neano e ’ngoe le e ’ngoe ea bolumeli . . . e likoloha tabeng eo ho seng le ea mong ea ka bolelang hore ke ’nete.” Sebokeng sa baruti ba Episcopal ba 600 le litho tse ling, mobishopo a belaela “’nete ea Bokreste le taolo eo Bokreste bo ipolelang hore bo na le eona.”
Empa haeba “’nete e phethahetseng” e ke ke ea fumanoa, ke ka baka la’ng ha Jesu a phehelletse hore Molimo o lokela ho rapeloa “ka moea le ka ’nete”? Kapa ke ka baka la’ng ha a boletse hore balateli ba hae ba ne ba tla tataisoa “’neteng”? (Johanne 4:23, 24; 16:13) ’Me ke ka lebaka la’ng ha moapostola Pauluse a ne a ka bolela hore thato ea Molimo ke hore batho ba tlameha hore “ba fihle tsebong ea ’nete”? (1 Timothea 2:3, 4) Kapa ke ka baka la’ng a boletse hore lithuto tse ling ‘li khelohile ’neteng’? (2 Timothea 2:18; 4:3, 4) E, ho tšoana le phutheho ea pele ea Bokreste, kajeno ho ka lebelloa hore ho be le sehlopha sa barapeli ba nang le ’nete.