Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ke eng se tšoantšetsoang ke “maoto le menoana” ea “seemahale se seholohali” se hlalosoang ho Daniele 2:31-45?
Boprofeta bona bo bululetsoe ke Ea “senolang liphiri,” ’Musi ea Phahameng Jehova Molimo, ’me bo fihla sehlohlolong sa bona “mehleng ea qetello,” moo tseko ea borena ba lefatše e tla lokisetsoa ruri! (Daniele 2:28) Ho tloha qalehong ea “mehla ea balichaba” ka 607 B.C.E., ho tla fihla mehleng ea rōna, ho bile le babusi ba hlahlamanang ba lefatše, ho qala ka ’muso o phahameng oa Babylona ho theosa ho fihla ho Medo-Persia, Greece, Roma le ’muso oa Brithani le Amerika. Mebuso ena e ne e emeloa ke likarolo tsa majoe a sa tšoaneng a setšoantšo.—Luka 21:24.
Leha ho le joalo, qetellong ea Mehla ea Balichaba ka 1914, ho ile ha hlaha mefuta e sa tšoaneng ea bobusi lefatšeng. (Mattheu 24:3-12) Batho feela ba basebetsi (“meloko ea batho” e entsoeng ka mobu oa lefatše) ba e-ba le tšusumetso e khōlō haholo litabeng tsa puso. Puso e lumellang basebetsi litokelo tsa lipolotiki le tsa tlhahiso ea lintho le mebuso e lumellang khoebo e lokolohileng, e rena hammoho le mebuso e kang tšepe ea bompoli. E tšoana hantle le “tšepe le letsopa” tse neng li bōpa maoto le menoana ea setšoantšo.
Ho ’nile ha boleloa lipono tse sa tšoaneng ka se emeloang ke “menoana” e leshome. Empa kaha mabakeng a mangata “leshome” le sebelisoa ka Bibeleng ho emela phetheho ea lintho tsa lefatšeng, ka ho utloahalang “menoana” e leshome ho bonahala e emela tsamaiso eohle ea lefatše ea puso sehlohlolong sa mehla ea matla a eona. ‘’Muso oa Molimo’ o thesela setšoantšo sena maotong le menoaneng, o sila likarolo tse qetellang tsa tsamaiso ea batho ho li etsa phoofo. Re thaba haholo hakaakang hore e be ’Muso oa Kreste oa khotso le oa nala o tla tlala lefatšeng lohle!a—Mattheu 6:9, 10; bapisa Esaia 11:1, 9.
Karolo e tsoelang pele ea toro ea Nebukadnezare e hlalositsoeng khaolong ea 4 ea Daniele e bua ka liketsahalo tse latelang ho fela ha Mehla ea Balichaba. Qetellong batho ba tla “tseba hobane Mookameli ea Phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona,” Morena, Jesu Kreste.—Daniele 4:25; 7:13, 14.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 108-27, bakeng sa puisano e qaqileng ea “seemahale se seholohali.”