U Lumele ’Musong!
“Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa. Le tsoe le tseba hantle-ntle le lōna hoba letsatsi la Morena le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu.”—1 Ba-Thess. 5:1, 2.
1, 2. Jehova o ntse a sebelisa Jesu Kreste ea tsositsoeng joang?
E LE “Lentsoe,” kapa Logos, Jesu Kreste o sebelisitsoe haholo ke ntate oa rōna oa leholimo. (Joh. 1:1-3; Ba-Kol. 1:16) Empa Jehova Molimo o ’nile a sebelisa Jesu ho tsoela pele le kamor’a lefu le tsoho ea hae. Hona ho hatisoa hantle ke litlhaloso tse beang leseling tsa moapostola Pauluse.
2 Moapostola ka ho hlakileng o boletse hore Molimo o rerile ho busetsa tsohle tse leholimong le lefatšeng ho eena, a etsa joalo ka mali a tšolotsoeng a Jesu Kreste. (Ba-Kol. 1:19, 20) Hona ho lumellana le polelo ea Pauluse ntlheng ea hore Jehova o lokiselitse ho ‘bokella hammoho lintho tsohle tse leholimong le lefatšeng ho Kreste.’ (Ba-Ef. 1:10; Ba-Fil. 2:9-11) Liketsahalo tse phahameng ntlheng ena li ne li tla ama le ho theoa ha ’muso oa Molimo oa Messia le ho tla ho matla ha “letsatsi la Jehova.” (1 Ba-Thess. 5:1, 2, NW) Mangolo a hlakisa haholo karolo ea Kreste e sa le a nyolohela leholimong lilemong tse fetileng tse fetang 1 900. Ke hantle ha re ela hloko ka ho fetisisa sebaka sa hae sa bohlokoa tokisetsong ea Jehova.
3. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a hlokometse mantsoe a boprofeta a boletsoeng ka puso ea ’Muso?
3 Ka baka la karolo ea hae e le Logos, kapa “Lentsoe,” pele a tla lefatšeng, Jesu o ne a hlokometse haholo mantsoe a boprofeta a builoeng ka puso ea ’Muso. Kahoo, ha e le motho, Jesu a mema ’mali hore a lemohe ha a nahana ka mantsoe a Daniele a amanang le “nako ea bofelo.” (Dan. 12:4; Matt. 24:15-22) A re eeng, he, bukeng ea Daniele ’me re nahane ka lintho tse ling tseo Jesu a li lemohileng e le Logos, kapa “Lentsoe.” Hoba ho bonahala e le Eena ea sebelisitsoeng ke Ntate oa rōna oa leholimo ho etsa hore baprofeta ba boholo-holo ba ngole kamoo ba ngotseng.
4. Ka puso ea ’Muso, re bolelloa eng ho Daniele 2:44; 7:13, 14 le 12:1?
4 Ha re sheba ka bukeng ea Daniele ka leihlo le lemohang, re hlokomela lipolelo tse tharo tse khahlang ka ho khethehileng. Ea pele e fumanoa ho Daniele 2:44:
“Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”
Polelo e amanang le eo e fumanoa ho Daniele 7:13, 14, e reng:
“Ka talima ka lipono tsa bosiu, ’me bonang, e mong ea kang mor’a motho a hlaha ka maru a leholimo, a fihla ho moholo oa matsatsi, a atametsoa ho eena; a neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”
Qetellong, Daniele 12:1 e bua sena:
“Mehleng eo, Mikaele, khosana eo e kholo, e emelang bara ba sechaba sa heno, o tla hlaha, ’me matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.”
Mona, lirapeng tse tharo tsa boprofeta ba hae, Daniele o supa ka ho theoa ha puso ea ’Muso, ’me hona ho sa etsoe matsohong a mang kapa mang ha e se “mor’a motho,” kapa Mikaele. Lipolelo tsena ka ho hlakileng li bua ka Kreste Jesu matleng a ’Muso.—Tšen. 12:7-10.
5. Na ho lumellana le Mangolo ho ba seli ka nako mabapi le ho nka matla ha puso ea ’Muso?
5 U tla hlokomela hore lipolelong tsena tse boletsoeng tsa Pauluse le Daniele ho boleloa nako ea ho hlaha le ho nka matla a puso ea leholimo. Haeba re seli ka nako, 1 Ba-Thessalonika 5:1 kahoo e sebetsa ho rōna haholo ha e re:
“Ha e le tsa mehla le tsa linako, banab’eso, ha le tšoanele ho li ngolloa.”
Haeba kannete re hlokomela ka botlalo Lentsoe la Molimo, haholo ha re kenella ka matla ‘nakong ea bofelo,’ re ke ke ra tšohanyetsoa. Ruri re tla ba batho ba lemohang ka liketsahalo tse amanang le nako ea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ (Matt. 24:3, NW) Kahoo, a re hlahlobeng setšeetso sa lipolelo tse tharo tse entsoeng ke Daniele tse amanang le ho hlongoa ha puso ea ’Muso.
MANTSOE A LEMOSANG A DANIELE
6. Ho Daniele 2:40, ho boleloa eng ka “’muso oa bone”?
6 Ba bangata ho rōna re tloaelane le toro ea setšoantšo e hlalositsoeng ho Daniele khaolo ea bobeli ’me re tseba hore, ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova, moprofeta o ile a bolella Morena Nebukadnezare hore na setšoantšo sena se bolela eng. Se ne se emela tatelano ea mebuso ea lefatše, ho qala ka Babylona. Haholoholo re thahasella ‘’muso oa bone,’ oo ka oona Daniele a itseng:
“’Muso oa bone o tla ba le matla a joale ka a tšepe, joale ka tšepe ha e robakanya, e silakanya ntho tsohle, e, joale ka tšepe e thuhang, o tla robakanya, o silakanye ntho tsohle joalo.”—Dan. 2:40.
7. “’Muso oa bone” ke ofe?
7 ’Muso ona o kang tšepe o ipakahalitse hore ke ofe? Historing ea Bibele, “’muso oa bone,” kapa ’muso oa lefatše, ha re qala ka Babylona, ke ’muso o moholo oa Roma, lipakeng e le Medo-Persia le Greece. Ha nako e ntse e ja babeli, ’Muso o moholo oa Roma oa aroha likoto tse peli, ka morero oa tsamaiso e molemo, o aroloa ’muso oa bochabela le ’muso oa bophirima. Ke ’musong ona oa bophirima moo ho ileng ha hlomela ’Muso oa Brithani. Ka baka la bofetoheli ba likoloni tsa Amerika, ha theoa United States tsa Amerika. Ka mabaka a sehlooho a bohlokoa linaha tsena tse peli tsa ho fumana ho loketse ho kopana sesoleng le ka litsela tse ling e le hore li ka thea ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.
8, 9. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa Daniele 2:40 le Daniele 7:7?
8 Leha ho le joalo, ka ‘’muso oo oa bone’ oo ha o thomeha o neng o tsejoa e le ’Muso oa Roma—Daniele oa re bolella boprofeteng bo bong ba hae hore:
“Kamor’a moo, ha ke talima liponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tšabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se e-na le meno a maholo a tšepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siiloeng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho libatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.”—Dan. 7:7.
9 Ha ho hlahlojoa Daniele khaolo ea bosupa, ho tla hlokomeloa hore moprofeta o thathamisa eona mebuso eane e mene e tšoanang le e boletsoeng khaolong ea bobeli. Empa ho e-na le ho hlalosa mebuso e joalo e le karolo ea setšoantšo, a qala ka hlooho ea gauda, o e hlalosa e le libatana. Khaolong ea bosupa, o qala ka tau (Babylona) ’me o qetella ka sebatana sa bone se sa tloaelehang ka matla se nang le meno a tšepe. Ha hoa etsahala ka tšohanyetso feela, hore Daniele 7:7 e lumellane haholo le Daniele 2:40. Litemaneng tsena ka bobeli, ho silakanya, ho robakanya le ho hatakela le matla a tšosang li amana ka ho totobetseng le ’muso oa Roma. Empa potso e-ea sala: Ho tla joang hore ‘’muso ona oa bone’ o emele mebuso e ’meli ea lefatše?
10. “Lenakana” le thomeha hokae?
10 A re baleng ho ea pele, ho Daniele 7:8:
“Ha ke boha manaka ao, ka bona lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, ’me manaka a pele a mararo a khoroloa ke lona; ’me bonang, lenakana leo le ne le na le mahlo a kang mahlo a motho, le molomo o buang ka boikakaso.”
Ke ho khahlisang hakaakang! ’Muso ona oa bone, ’Muso oa Lefatše oa Roma, o hlomela lenaka le leng hloohong ea oona e kang sebatana sa tšoantšetso. ’Me manaka a mararo ho a neng a ntse a le teng a khoroloa ho hleka tsela ea lehlomela lena. Hona hohle ho bolelang? A re talimeng linnete tsa histori.
HISTORI E TIISA TEMOSO EA DANIELE
11. Ke hobane’ng ha ho khahlisa ho hlokomela kamoo ’Muso oa Roma o phethahalitseng kahohle se hlalositsoeng ke Daniele?
11 Kannete ‘ha rea tšoanela ho ngolloa letho’ hobane sohle se se se ngotsoe Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. Ho phaella moo, haeba re hlile re lemoha lintho tsa moea, liketsahalo tsa bokahohleng li ke ke tsa re tšohanyetsa joaloka lesholu ha le tšohanyetsa ba sa itebelang. Empa ho hlokahala hore re be le tsebo e ntle ea Mangolo, ’me hoa khahlisa ho hlokomela kamoo ’Muso oa Roma o phethahalitseng liketsahalo tse hlalositsoeng liponong tsa boprofeta tsa Daniele ka mokhoa o qaqileng.
12. Ke ho isa kae puso ea Roma e ileng ea ama Lihleke-hleke tsa Brithani?
12 Roma, tšimolohong ea eona, e ne e le ’muso o khantšang sesole, ’me oa atolosa tšusumetso ea oona le taolo haholo. Brithani, eo ka nako eo e neng e le tlas’a tšusumetso ea borena ba morabe haholo, ea fetoha karolo ea ’Muso oa Roma, ’me hohle Lihleke-hlekeng tsa Brithani ho na le bopaki bo bongata ba puso e joalo. Bona bo akarelletsa lerako leo ’Musisi Hadrian a ileng a le haha ho khabahanya karolo e ka leboea ea England.
13, 14. (a) Pele, matla a Roma e ne e le a mofuta ofe? (b) Empa ha hōla eng lekholong la boraro le la bone a lilemo?
13 Ha Roma e ntse e tsoela pele haholo ’me boitšoaro ba eona bo ntse bo hlepha ka baka la bophelo bo hlephileng ba babusi ba eona, ea khoehla matleng a eona a sesole. Mehleng ea Nero le babusisi ba ileng ba mo hlahlama, ho khoehla ha matla a sesole a Roma ha hla ha totobala. Empa ba ntšetsang pele ’muso ona ba qapa leano la ho o ntšetsa pele e le oona o laolang litabeng tsa lefatše ka makholo a neng a tla latela a lilemo le hoja e se e se ’muso oa sesole. Ba ho etsa joang?
14 Ho tlelella lekholong la boraro le la bone la lilemo C.E., ho bonahala hore Roma e ile ea fetoha haholo ’muso oa bolumeli bo tsoakileng le lipolotiki, ho phaella ho beng ha oona ’muso oa sesole. Ka masene, ha qaptjoa leano leo ka lona matla a mopapa Roma a bileng le hona ho laola hole le ka bophara karolong e khōlō ea lefatše la mahleng eo. Tokisetso ena e ne e etsoa ka mokhoa oa mobu o ntšetsoang lekhetho o ikarabella ho mopapa, ’me, ka thuso ea ’Muso oa Roma o Halalelang ka Roma ea Bopapa e le setsi, oa laela tsela e nkoang litabeng tsa lefatše bonyane ka lilemo tse 1 000.
15. Bopapa ba lula taolong joang ka lilemo tse makholokholo?
15 Tlas’a tsamaiso ena ea mobu o ntšetsoang lekhetho, batho ba bangata ba ne ba iphatela bophelo ka ho hloka tsebo ho feletseng ka temo ’me e le bafumanehi. Ka bophelo boo ba bo fumanang ka thata ba ne ba lebelletsoe ho phelisa marena a botsoa a lulang matlong a majaba-jaba Europe kaofela, ho akarelletsa Lihlekehleke tsa Brithani. Hape, marenana ana a laolang mobu a ne a tlangoa ho lefa lekhetho, kapa seabo ho morena e moholo ea a busang. Joale morena e mong le e mong, leha a le England, Saxony kapa likarolong tse ling tsa Europe, ha e le hantle e ne e le marena a ntšang lekhetho moo a leng teng ’me a hlokoa ho lefa makhetho a oona kapa litšoanelo ho bopapa ba Roma. Kahoo, bopapa ba rua haholo matlotlong le matleng a puso ka nako eo e telele e atisang ho bitsoa Mehla ea Lefifi.
16. (a) ’Muso o Halalelang oa Roma o hlalosoa hantle joang ke Daniele? (b) Ho bonoa ho hlōmela eng hloohong ea ‘sebatana sa bone,’ Roma?
16 Ka setšeetso sena sa histori, tlhaloso ea Daniele ea boprofeta e bonahala e tšoanela ’muso o emeloang ke maoto a tšepe a “setšoantšo se seholo” hakaakang! (Dan. 2:31) ’Me tlhaloso ea sebatana se tšabisang, se silakanyang le se rusollang se nang le meno a tšepe se tšoantšelitsoeng ho Daniele khaolo ea bosupa ke e loketseng hakaakang! Pele, sa haola Europe, se hapa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tseleng ea sona ka matla a sona a sesole. Joale sa boloka le ho kopanya matla a sona a bopolotiki, bolumeli le tsamaiso ea khoebo le bomenemene. Empa lehlomela lona ho thoe’ng ka lona, “lenakana,” le bonoang le hōla hloohong ea “sebatana sa bone” se tšabehang se emelang Roma? Hona ho etsahala neng?
HO HLAHA “LENAKANA”
17. “Lenakana” le qalile ho hōla joang?
17 Ho tla fihlela selemong sa 1533 C.E., borena ba Brithani e ne e le borena bo ntšang lekhetho, bo le tlas’a bopapa. Selemong se latelang, leha ho le joalo, Morena Henry VIII ea e-ba hlooho ea Kereke e K’hatholike ea England. A khaola litlamano le Roma le Roma ea etsa ka ho tšoanang. Joale leruo la Lihleke-hleke tsa Brithani, leo boholo ba lona le neng le monngoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike, le ne le bokelloa tlas’a morena oa England ka Kereke e K’hatholike ea Manyesemane. (Kereke e K’hatholike ea England ea boloka lebitso le tšoanang le la Kereke ea Roma e K’hatholike ’me, e etsa joalo haholo, le ho tla fihlela kajeno.) Matla a ’Muso o Halalelang oa Roma a ne a qala ho theoha, empa ho oona ho ne ho hlomela “lenakana.”
18. Brithani e ne e le boemong bofe mehleng ea mofumahali Elizabeth I, ’me hona ha bolela eng bakeng sa France, Netherlands le Spain?
18 Ha feta lilemo tse mashome a itseng ’me Brithani ea iphumana tlas’a puso ea Mofumahali Elizabeth I. Nakong ena leruo le bokelletsoeng la mobu o ntšetsoang lekhetho Lihleke-hlekeng tsa Brithani le bonahatsa phello ea lona. Joale ho hlahile sesole sa metsing sa linatla tse matla. Ka nakoana, tlas’a tataiso ea banna ba hlokomelehang ba kang Drake, Raleigh le Hawkins, lebotho la Brithani le utloahatsa liqi tsa lona khohlanong le mebuso ea sesole sa metsing ea Spain, Netherlands le France (kaofela li sa le tlas’a puso ea Roma), le e hlola kaofela ho akarelletsa Spanish Armada. Ka baka leo, Brithani ea khonya maoatleng ’me ea ithorisa ka hona.
19. Ka ho bapisa Daniele likhaolo ea bobeli le ea bosupa, re bona ho phethahala ho hoholo ha eng?
19 Daniele 7:8 e re’ng: E, “manaka” a mararo a ne a tla khoroloa pel’a lehlōmela lena, “lenakana,” ’me le bue ‘ka boikakaso.’ Mona, ka ho hlaha ha ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane, hamorao o kopana le Amerika, boprofeta bona bo boholo bo phethahala ka ho feletseng. ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika ke lehlōmela la ’Muso oa Roma. Ke “ngoana” oa Roma. Kahoo, ka boprofeta o emeloa o hōla ‘hloohong’ ea Roma, “sebatana sa bone” se nang le meno a tšepe. Ka ho bapisa Daniele khaolo ea bobeli le ea bosupa, ho bonolo ho bona kamoo “meomo ea tšepe” e emelang mebuso e hlahlamanang ea lefatše e seng o le mong feela.—Dan. 2:32, 33.
RE HOKAE TSAMAONG EA NAKO
20. Re ka fumana mohlala oa tsoelopele ea “meomo ea tšepe” ho tla fihlela lekholong la rōna la bo 20 la lilemo joang?
20 Ho ea ka Daniele 2:41-43, re hlokomela hore mebuso ea lefatše e totobetseng e ne e tla feta. Na “meomo ea tšepe” o mong le o mong o ne o emela ’muso osele oa lefatše? Che, ha ho joalo, joalokaha “matsoho a silevera” a mabeli karolong e ka holimo ea setšoantšo a ne a sa emele mebuso e ’meli ea lefatšeng khanyeng ea Medo-Persia. Meomo eo e ’meli le tšepe ea maoto li hlahela hong li tsoa ’Musong oa Roma, haholo ho tloha lekholong la bone la lilemo, ha Constantine a tlohela motse-moholo oa hae ka bophirima o Roma ho thea motse-moholo ka bochabela Constantinople. ’Muso ona o arohaneng oa tsoala lichaba tse ngata tse ipusang, ka ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o qetella e le oona o busang. Nakong ea lintoa tse peli tsa lekholo la rōna la lilemo, “meomo” e fetse ea ipaka e tšoana le “tšepe” ka sebele ha matla a sesole a ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika a pshatlakanya makhotla a bahanyetsi le ho sebelisa lihlomo tse chefu ka lekhetlo la pele.
21. Ke bofokoli bofe bo qetellang bo hlahile qetellong ea setšoantšo?
21 Kahoo, mona re fihla karolong e tlasetlase ea setšoantšo se seholo. E sa ntsane e emela ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Empa joale o na le bofokoli. Maoto a sona le menoana li feletsoe ke matla a kang tšepe a meomo. Hobane o entsoe ka ‘tšepe e tsoakaneng le letsopa.’ Daniele o hlalosa sena a re:
“Seo u se boneng, ha tšepe e ne e kopane le letsopa, ke hobane ba tla nyalana ba kopantse meloko ea batho, empa ba ke ke ba momahana, joale ka tšepe ha e sa momahane le letsopa.”—Dan. 2:33, 43.
22. (a) Ke hobane’ng ha babusi ba bokomonisi ba sa kene tabeng ntlheng ee? (b) Ke bo-mang, he, “meloko ea batho”? (c) Phello ke efe ka “tšepe” le “letsopa”?
22 Na hona ho bolela hore babusi ba kajeno ba bokomonisi ba fetoha ’muso oa lefatše? Che, hobane boprofeta ba Bibele bo bontša hore mekha eo ea bopolotiki e ratehang ha ho mohla e tla phahamela pusong ea lefatše. Karolo ea ho qetela ea setšoantšo se tšabehang, ha e fihla qetellong ea eona le nako, e sa ntsane e le tšepe boholo ba eona. E sa ntsane e le ’muso oa lefatše o ileng oa hlōmela ho ’Muso o Halalelang oa Roma. Empa matla ana a kang a tšepe a fokolisoa ke ho kenella ha mekha e bonolo, e kang letsopa qetellong ea nako—mekha e memelang batho hore ba be le lentsoe le matlanyana litabeng, ho etsoang ka mekhatlo ea basebetsi, liketso tsa boipelaetso le tse ling tse joalo. ‘Bana ba batho,’ hoo ho thoeng ke batho feela ba tlase, ba leka ho “bua” hore na ho tsamaisoe lintho joang. Hona rea ho bona kajeno, e seng feela linaheng tseo tsa Europe e ka bophirima tseo e kileng ea e-ba karolo ea ’Muso o Halalelang oa Roma empa haholo sebakeng sa ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Ke hona mona moo ho theoha ha mosebetsi, litraeke le ho se tsitse ha basebetsi li fokolisitseng matla a puso ao ka nako e ’ngoe a neng a ka “tšepe.” Ha basebetsi ba loantša beng ba lichelete, ‘bana ba batho,’ ba leka ho laela hore na ba tla sebetsa joang le hore na ba phele joang. Na hona ho tsitsisitse maemo pakeng tsa basebetsi le puso? Ka bonolo lentsoe la Molimo le re: “Ba ke ke ba momahana.”
23. (a) Ho bolela eng hore joale re fihlile ‘menoaneng’ ea setšoantšo? (b) Joale re ka lebella eng? (c) ‘Nakong ena ea bofelo,’ re lokela ho susumelletsoa ho etsa joang?
23 Joale re hokae, tsamaong ea nako? Qetellong ea Da 2 temana ea 43 ha ho sa le “setšoantšo” se saletseng. Re se re fihlile ‘menoaneng’! Re phela nakong eane ea ha ho fetoha ha puso ea batho ho fihla qetellong ea hona e soabisang. Re fihlile sehlohlolong sa mehla! Daniele o re bolelletse hore na re lebelle eng. E, ’muso oa Kreste o tla busa batho bohle, “lejoe” le khephotsoeng “thabeng” ea borena ba bokahohleng ba Jehova, le tloha le itahlela maotong a setšoantšo se tšabehang le se liha le ho thuha kaheho eohle ea puso e hatellang ea motho. Hoo ho tla tšoaea “matsatsi a matsoalo a tla ba teng, ao a joalo a e-song ho be teng e sa le lichaba li hlaha, ho tla fihla nakong eo.” Empa a tla lateloa kapele ke nako e babatsehang historing eohle ea motho, nako ea puso ea Kreste ea lilemo tse 1 000. Na ho teng Mokreste leha e le ofe oa ’nete ea ka lulang a iphapantse ’me a shebelletse ka khutso liketsahalo ‘mehleng ena ea bofelo’ ntle ho ho susumeletseha ho tšehetsa puso ea ’Muso? Joale ke nako ea hore re bontše hore na re ka lehlakoreng la mang, la Jehova kapa la Satane!—Dan. 2:44, 45; 7:14; 12:1, 4.
24. Re tla tsoela pele re le batho ba mofuta ofe, hona hobane’ng?
24 Joalokaha 1 Ba-Thessalonika 5:1 e bolela, ha ho hlokahale hore re ngolloe letho ka linako le mehla! Ho se ho ngotsoe kaofela ka Lentsoeng la Molimo. Ke feela taba ea ho ‘fatisisa.’ Kahoo re ke re etseng joalokaha Ba-Heberu 10:35-39 e bolela: “Ka baka leo, le se ke la lahla tšepo ea lōna, e nang le moputso o moholo. Hobane le tšoanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ea Molimo, le tle le ntoo kotula tseo le li tšepisitsoeng. Hobane ho se ho se hokae, ’me ea tlang ho tla o tla hlaha; a ke ke a lieha. ’Me ea lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a koeneha, moea oa ka ha o khahlisoe ke eena. Ha e le rōna, ha re batho ba koenehang ho ea timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.” Re ke re beng le tumelo e mamellang le e susumetsang ’Musong!
[Chate/Litšoantšo se leqepheng la 25]
LITŠOANTŠETSO BOPROFETENG BA DANIELE BA ’MUSO
Setšoantšo se seholo
Libatana tse ’nè tse khōlō
BABYLONIA
ho tloha ka 625 B.C.E.
MEDO-PERSIA
ho tloha ka 539 B.C.E.
GREECE
ho tloha ka 331 B.C.E.
ROMA
ho tloha ka 30 B.C.E.
BRITHANI LE AMERIKA
ho tloha ka 1763 C.E.
MEKHA EA PHETOHO E RATOANG
Lenakana lea hlaha
Morena Constantine (312-337 C.E.) o thèa motse-moholo oa bochabela, ho eketsa Roma eo ’Muso oa Manyesemane le Maamerika o hlahileng ho eona
Henry VIII o ikarola ho Roma (1534 C.E.)
Ho tloha mehleng ea Elizabetha I (1558-1603 C.E.), Brithani e tsoela pele ho ‘khorola manaka a mararo’ a Spain, Netherlands ’me qetellong France