Seboka sa Selemo—la 5 Mphalane, 1985
SEBOKA SA SELEMO sa litho tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ka la 5 Mphalane, 1985, se tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, 973 Flatbush Avenue Borough Brooklyn, Motseng oa New York. Seboka sa litho feela se tla tšoaroa pele ho sona ka 9:30 hoseng, ’me se tla lateloa ke seboka sa selemo ka 10.00 hoseng, Moqebelo, la la 5 Mphalane, 1985.
Ho tla ananeloa haholo haeba litho tsa Mokhatlo li ka tsebisa Ofisi ea Mongoli ka phetoho leha e le efe ea aterese ea bona selemong se fetileng e le hore mangolo a kamehla a tsebiso le a baemeli ba molao a ka romeloa ho bona kapele kamor’a la 15 Phato.
Mangolo a baemeli ba molao le a tsebiso ea seboka sa selemo a amohetsoeng ke litho a lokela ho fihla Ofising ea Mongoli e seng kamorao ho la 1 Loetse. Setho se seng le se seng se lokela ho tlatsa mangolo a boemeli kapele, se bolele hore na se tla ba teng sebokeng kapa che. Lengolo le leng le le leng la baemeli ba molao le lokela ho hlaka hantle tabeng ena, kahobane ho tla itšetleha ka boitsebiso bo leng ho lona bo tiisang haeba u tla ba teng.
Ho lebeletsoe hore lenaneo lohle, ho akarelletsa le seboka sa khoebo le litlaleho, le phethoe ka 1:00 motšehare oa mantsiboea. Ho ke ke ha e-ba le lenaneo la motšehare oa mantsiboea. Ka baka la bonyenyane ba sebaka, ho tla kena feela ba neiloeng litekete. Ha hoa lokisetsoa hore seboka sena sa selemo se hokahanngoe le libaka tse ling ka mehala ea lifono-fono.