Pheko Khathatsong ea Methapo ea Hlooho
Ka baka la mathata ’ohle ao batho ba nang le ’ona mehleng ena, ha ho makatse ha ho e-na le mafu a mangata a amanang le khatello ea maikutlo. Mosali-moholo oa koana Canada o hlalosa boemo ba hae, le kamoo a fumaneng thuso.
“Ke hōlisa setloholo sa moshemane se lemo li 11 ’me morao tjena ke sa tsoa amohela setloholo sa ngoanana se lemo li 14 seo le sona ke lokelang ho se thusa. Ke khathatsoa ke methapo ea hlooho, empa ke lakatsa ho le tsebisa hore ha ke ikutloa ke tepella ha ke qetelle feela ka ho rapela Jehova empa ke fumane ntho e ’ngoe eo ka sebele e leng thuso.
“Ke tlohela ntho eo ke neng ke e etsa ’me ke paqame kapa ke lule fatše ke mamele litheipi tse hatisitsoeng Lipina tsa ’Muso. Ke koala mahlo ’me ke suthise mehopolo e meng kelellong e le hore nka hopola mantsoe a lipina tse bapaloang ka liletsa. Ha ke phahama, ke ikutloa ke le molemonyana, ’me ke qalelle ka mesebetsi ea ka.”
Le uena u ka ithuela molemo litokisetsong tseo tsa ’mino o ntlafatsang bophelo, le o khathollang. Cassette ka ’ngoe ho tse hlano. Kingdom Melodies 1, 2, 3, 4, le 5, ke R3 feela ’me li ka mameloa ka nako e etsang hora. Amohela licassette tse thathamisitsoeng mona ka ho tlatsa le ho romela setlankane.
Ke kōpa hore le nthomelle (li)cassette tse tšoailoeng mona ka tlase, poso e lefelletsoe. Bakeng sa cassette ka ’ngoe eo ke e odorileng ke kentse R3 ho koahela tšenyehelo.
[ ] Kingdom Melodies 1 [ ] Kingdom Melodies 2
[ ] Kingdom Melodies 3 [ ] Kingdom Melodies 4
[ ] Kingdom Melodies 5