Ho Nyarela ka Litabeng
New World Translation E-ea Hlōla Hlahlobong
Nakong e fetileng, babali ba Bibele ba bolumeli bo bong ba ne ba belaela haholo ho sebelisa liphetolelo tse entsoeng ke sehlopha se seng sa bolumeli. Hangata pelaelo e joalo ha e na mabaka, ho bolela seithuti sa bolumeli C. Houtman ho Nederlands Theologisch Tijdschrift (Makasine oa Bolumeli oa se-Dutche). Kamor’a hore a hlahlobe liphetolelo tsena, o fumane hore ke ka seoelo “bafetoleli ba ngolang pono ea bolumeli ba bona kapa ea lipolotiki le ea sechaba.” Le hoja mabakeng a mangata ho le joalo, likarolong tse ling bafetoleli ba Bibele ba lumella maikutlo a leeme a bolumeli liphetolelong tsa bona. Ka mohlala, bafetoleli ba morao-rao ba Bibele ba hlakotse lebitso la botho la Molimo liphetolelong tsa bona. Ba bang ba fetoletse lentsoe Gehenna ka phoso e le “mollo oa lihele.” Haeba ka boomo motho a fetola kapa a tlohela likarolo tse ling tsa Bibele, o ipea kotsing. Hobane buka e ’ngoe ea Bibele e-ea lemosa: “’Me ekare ha e mong a tlosa ho hong lipolelong tsa boprofeta ba buka ena, Molimo o tla tlosa kabelo ea hae sefateng sa bophelo.”—Tšenolo 22:19.
Ho e-na le hore New World Translation of the Holy Scriptures e tlose lebitso la Molimo Bibeleng, e le bolokile—le hlaha ka makhetlo a 7 210. Likōpi tsa Bibele tsa puo ea pele li fana ka motheo oa sena. Taba e khahlisang ke hore Houtman o hlokometse hore tabeng ea maikutlo a leeme a mofetoleli “New World Translation ea Lipaki tsa Jehova e tsoa e hlōtse hlahlobong eo.”
Tlala ea Sekoboto e Entsoeng ke Batho
Komello le tlala ea sekoboto Afrika e bile sehlooho sa likoranta ka nako e ka holimo ho selemo. Leha ho le joalo ho shoa ha batho ha se ntho e ncha naheng ena. “Komello Ethiopia e qalile ka 1981,” ho boletse mofuputsi Lloyd Timberlake makasineng The Middle East. “Chad e bile le komello ka lilemo tse 10, Cape Verde tse ka bang 15. Empa mesebetsi ea phallelo e-ea qalisa le ho emisoa, ho sale lipeho tsa likoranta ho feta lipatlahalo tsa sebele tsa batho.” Timberlake o nģosa batho bakeng sa koluoa ena ea lijo Afrika, e seng maemo a hlaho. O qolla “mebuso e sa sebeliseng bohlale le thuso e booatla le mananeo a ntšetsopele” e le banģosuoa ba arotseng baetsi ba liqeto, matona a motse, ho batho ba naha, ba hlokofatsoang ke tlala.
Ho itlhokofatsa ha batho hase taba e ncha. Lilemo tse ka bang 3 000 tse fetileng, Morena Salomone eo e neng e le mongoli oa Bibele a hlokomela kamoo ‘motho a busang motho e mong ho mo ntša kotsi.’ (Moeklesia 8:9, NW) Ntle ho ho hlokomela metheo ea Molimo, merero ea batho, ho akarelletsa le ho fepa ba lapileng ka lijo, e tla hlōleha kahobane batho e le baithati kapa ba haelloa ke tsebo. Bibele e akarelletsa bohlale ba motho ha bo bapisoa le ba Molimo: “Ho na le merero e mengata pelong ea motho, empa keletso ea Jehova ke eona e tieang!”—Liproverbia 19:21, NW.
Ho Buuoa ha Bana
Lipaki tsa Jehova li hana Iitšelo tsa mali ka mabaka a bolumeli. Bibele e laela hore, ‘Telang mali.’ (Liketso 15:20) Na boemo bona ba Mangolo bo hlahisa bothata tlhokomelong ea bophelo ba bana ba bona? Che. Ka mohlala, sehlooho se neng se bua ka “Ho buuoa ha pelo baneng ba Lipaki tsa Jehova” khatisong ea Phupjoane 1985 ea The Journal of Thoracic and Cardiovascular Surgery se fihla qetong ena: “Ho buuoa pelo le ho kenngoa ha methapo e fetisang mali ho ka etsoa ka katleho baneng ho sa sebelisoe litšelo tsa mali.”
Sehlooho se boletse: “Kaholimo ho lilemo tse 20 tse felang ka Phupjane, 1983, bana ba 110 ba Lipaki tsa Jehova, ho tloha ka ba likhoeli li 6 ho ea ho ba lemo li 12, ba ile ba phekoloa mothapo oa pelo Sepetleleng sa Pelo sa Texas.” Le hoja sehlooho se sa fana ka lipalopalo, lingaka tse buoang li boletse hore “bana ba Lipaki ba ne ba fola kapele” ho feta ba tšetsoeng mali.
Taba e khahlisang ke hore kamor’a ho thathamisa lintho tseo Bakreste ba lokelang ho li tela—ho akarelletsa mali—baapostola le baholo ba Bakreste ba ngola: “Haeba le ela hloko ho tela lintho tsena, le tla atleha. Phelang hantle!”—Liketso 15:29, NW.