Jehova o re Etselitse Lintho tse Khōlō
KA LILEMO tse supileng ho ne ho busa ’muso oa sesole oa bompoli le hoja o ne o sa amoheloe. Ho ne ho na le ntoa leoatleng la Atlantic Boroa. Matla a ho reka a phahama ka likarolo tse 500 lekholong ka selemo. Lintho tsena tsohle li etsahetse Argentina nakong ea lilemo tse leshome tse fetileng.
Kajeno, mathata a moruo ha a e-s’o fele. Empa ntoa e felile pusong ea Rephaboliki. Ka hona baahi ba naha ena ba limillione tse 30 ba na le tšepo e khōlō ka bokamoso. Ba bang ka ho khethehileng ba na le thabo e khōlō. Lebaka ke eng? Ka baka la lintho tse khōlō tseo Jehova Molimo a ntseng a li etsa.
Ka baka la hlohonolofatso ea Molimo, Lipaki tsa Jehova tse ka bang 55 000 li tsebahatsa litaba tse molemo tsa thabo e khōlō naheng ena ea Amerika Boroa. Ke sena se tlisitseng thabo bophelong ba baahi ba bangata ba Argentina.
Lipeō tsa Pele Lia Jaloa
Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso naheng ena o qalile ka 1924, ha J. F. Rutherford (eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower) a romela Juan Muñiz moo ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso. Selemo hamorao, Carlos Ott a fihla naheng eo ’me a qala ho tsebahatsa litaba tse molemo har’a baahi ba buang Sejeremane. Lipeō tsa pele tsa ’nete ea ’Muso tsa jaloa Argentina.
Ka 1945 ho ne ho na le baboleli ba ’Muso ba 363 Argentina. Selemo se hlahlamang ha fihla baromuoa, liithuti tse hlakisitsoeng Sekolong sa Bibele sa Watchtower sa Gileade. Moena Gwaenydd Hughes le Khaitseli Ofelia Estrada ba Argentina, ba bile har’a liithuti tsa pele tsa Gileade tse ileng tsa sebeletsa naheng ena. Charles le Lorene Eisenhower, le Helen Wilson, ba fihla ka 1948. Kamor’a lilemo tse 36, ba sa ntse ba le mafolo-folo tšebeletsong ea Jehova hona moo. Helen Nichols, ea fihlileng ka 1948, a qetella tšebeletso ea hae ea lefatšeng a le kabelong ea hae ea boromuoa Tucumán ka 1974.
Mathata a Pele
Ha lipalo tsa rōna li ntse li eketseha, bacha ba bangata ba Lipaki ba leng lilemong tsa ho bitsetsoa bosoleng ba nka boemo ba bona e le Bakreste ba sa jeleng pate. (Esaia 2:2-4; Johanne 15:19) Ketso eo ea hlahisa khanyetso. Empa leha ho le joalo, ka 1950 Mokhatlo oa Watch Tower oa ngolisoa ka molao empa ka nako e khutšoaane. Hamorao hona lemong seo, ngoliso eo ea molao ea hlakoloa, ’me ka lilemo tse latelang tse 33 Lipaki tsa Jehova tsa tsoela pele li sa ngolisoa ka molao.
Esita le tlas’a maemo a joalo a thata mosebetsi oa boboleli ba ’Muso oa hōla. Ka 1974 Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova sa fihlela qeto ea hore limakasine tsa rōna Molula-Qhooa le Tsoha! li hatisoe Argentina. Ha etsoa litokisetso tsa hore ho kengoe mochine oa ho hatisa oo Mokhatlo o neng o qala ho o sebelisa. Mochine o ne o hlaha Fora, ’me karolo e sehang lipampiri e ne e hlaha Jeremane, karolo e kopanyang limakasine e ne e hlaha United States. Thepa ena eohle e ne e le mpho e tsoang makaleng a Mokhatlo. Ho ile ha hlōloa mathata a mangata pele ho hatisoa limakasine tsa rōna tsa pele Argentina, empa ebile thabo e khōlō hakaakang ha Molula-Qhooa oa la 15 ’Mesa, 1975 o hatisoa mochineng oo!
Lilemo Tlas’a Thibelo
Ka 1976 ’muso o mocha oa sesole oa koala Liholo tsa rōna tsa ’Muso. Bana ba rōna ba lelekoa likolong, ’me naheng eohle Lipaki tsa Jehova tsa tšoaroa ka baka la ho bolela litaba tse molemo. Litaba tsa fihla sehlohlolong ka la 7 Loetse, 1976, ha sebaka sa khatiso sa Mokhatlo le liofisi li koaloa. Sebaka se neng se sebetsa e ne e le matlo ao lelapa la Bethele le lulang ho oona. Sena se etsahetse ka baka la molao o ntšitsoeng oa hore ‘mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova le ho phatlalatsoa ha litumelo tsa tsona naheng eohle ea sechaba o thibetsoe ka ho feletseng.’
Ha qala lilemo tsa mathata. Empa leha ho le joalo, ea e-ba nako ea ho matlafala moeeng. Ho ne ho se mohla mosebetsi oa rōna o kileng oa phatlalatsoa likoranteng tsa naha joalo ka nakong eo. Lihlooho tsa litaba li ne li thusa ho hlalosa kamoo lintho li neng li tsoela pele kateng lilemong tseo: “Lipaki tsa Jehova ke batšoaruoa kahobane ba nyelisa litšoantšo tsa sechaba”; “Bana ba lelekiloe likolong tsa naha”; “Ho amoheloa ha bana ba sekolo ba Lipaki tsa Jehova”; “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o lumelletsoe.”
Ka Hlakubele 1979, Lekhotla le Phahameng la Toka la ntša qeto e ntle nyeoeng ea Juan Carlos Barros khahlanong le National Council of Education. Bashemane ba babeli ba Moena Barros, Paul le Hugh (e mong lilemo tsa hae li supile ha e mong li le robeli), ba ile ba lelekoa sekolong hobane ba hanne ho kopanela moketeng oa ho phahamisa folaga. (Bapisa Exoda 20:4-6; Daniele 3:1, 16-18; 1 Johanne 5:21.) Karolo ea qeto ea lekhotla ke ena: “Boitšoaro [ba bona] ka ho se nke karolo, . . . bo ke ke ba talingoa e le ho hloka hlompho litšoantšong tsa naha, empa bo bontša kutlo ea bona taelong ea batsoali.” Ka baka leo ha hlokomeloa hore boemo ba bolumeli ba bana ba Lipaki ha bo bontše ho hloka hlompho litšoantšong tsa sechaba Argentina.
Litokelo tsa bana ba rōna li ile tsa hlomphuoa nyeoeng ea Aurelio Francisco D’Aversa khahlanong le the National Government. Lekhotla la Matichere le ne le fihletse qeto ea ho leleka ngoana oa D’Aversa likolong tsohle tsa naha, empa ha nyeoe e fihla Lekhotleng la Boipiletso, ha ntšoa qeto e ntle. Ea beha mohlala o thahasellisang o ka lateloang linyeoeng tse joalo. Kamor’a hore Moahloli Tonelli a bolele hore baahi ba bangata ba naha ba kopanela ka cheseho boikutlong ba ho hlompha litšoantšo tsa sechaba, a re: “Empa ka lehlakoreng le leng, ho ne ho tla khopisa ba bangata ba nang le moea o matla oa ho rata naha haeba ba bona motho e mong, khahlanong le litumelo tsa hae, a qobelloa ho bontša cheseho e tšoanang ea naha empa e se ka pelo eohle.” Moahloli Barletta a hlokomela hore “ho ne ho sena bonnete ba hore ngoana oa D’Aversa ea neng a kena sekolo o ne a itšoere ka tsela e nyelisang, e se nang hlompho kapa leha e le hore o entse joalo phatlalatsa.” Hamorao Lekhotla le Phahameng la tiisa qeto eo.
Ho thibeloa ha mosebetsi oa rōna ka 1976 ha fokotsa palo ea barorisi ba Jehova ho tloha ho ba 33 503 selemong seo ho ea ho ba 31 846 ka 1977. Empa hang ha baena ba tloaela maemo a macha, mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa fumana matla a macha.
Hamorao, ra qala ho ba le likopano tse nyenyane, pele li ne li tšoaroa le baholo le basali ba bona ’me hamorao le litho tsohle tsa liphutheho. Likopano tsena li ne li tšoareloa libakeng tse sa tloaelehang—libakeng tse hōle haholo le toropo, libakeng tseo ho kuteloang linku, esita le libakeng tsa likhoho. Ebile matsatsi a thabisang hakaakang ao re neng re e-ba hammoho bakeng sa thupelo ea moea!
Taba ea bohlokoa haholo, ha rea ka ra haella likhatiso tsa Molula-Qhooa bakeng sa thuto ea rōna ea beke le beke. Limakasine tsena li ne li hatisoa mechineng e menyenyane e neng e le libakeng tse qalikaneng. Ona e ne e le mosebetsi o moholo ’me ka linako tse ling o ne o bea tokoloho ea baena ba rōna kotsing. Mehleng eo likoranta li ne li thathamisa mabitso a batho ba likete-kete ba nyametseng naheng, empa ho ne ho se lea mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a nyametse. Ho sa tsotellehe mathata ao ’ohle, ho tloha ka 1977 ho ea ho 1984 batho ba Molimo ba eketseha ka likarolo tse 57 lekholong ’me baboleli ba bacha ba ’Muso ba fetang 18 000 ba kopanela le bona.
Ho Fumana Tokoloho e Feletseng
Tokoloho ea rōna e tlile ka mehato e ’meli. Oa pele, ka la 12 Tšitoe, 1980, ’muso oa sesole oa bompoli oa felisa thibelo. Lekhatheng leo, mosebetsi oa rōna o ne o se o sa thibeloa, le hoja re ne re sa ngolisoa ka molao. Qetellong, ’muso o busang oa amohela ka molao Lekhotla la Lipaki tsa Jehova. Bohato bona bo nkuoe ka la 9 Tlhakubele, 1984, ke Dr. Maria T. de Morini, Letsoho la Mongoli Litabeng tsa Bolumeli.
Ka lilemo tse telele re ile ra leka ho fumana tumello ea molao. Ra khona ho ngola mabitso Liholong tsa ’Muso ka lekhetlo la pele. Ha re tsebisoa ka hore re ngolisitsoe ka molao ea e-ba joaloka ‘toro, molomo oa rōna oa tšela litlatse tsa thabo, le leleme la rōna la bina lipina tsa nyakallo’! Ka sebele, ‘Jehova o re etselitse lintho tse khōlō.’—Bapisa Pesaleme ea 126:1, 2.
Ho Thabela Keketseho ea ’Muso
Ho ngolisoa ha rōna ka ’muso ha tlisa keketseho e khōlō ea ’Muso. Ha etsoa litokisetso tsa ho hahuoa ha Holo ea rōna ea pele ea Kopano. E ne e tla hahuoa haufi le Moreno, sebaka se likilomethara tse 25ho tloha Buenos Aires. Holo ena e tla lulisa batho ba 2 200. Setšeng seo ho tla ba le tšimo e tla hlahisa lijo tse tla sebelisoa ke litho tse 78 tsa lelapa la Bethele.
Selemo sa tšebeletso sa 1985 se qalile ka hloro e ncha ea baboleli ba ’Muso ba fihlang ho 51 962 ka Tšitoe. Palo ea liphutheho ea nyolohela ho tse 730. Re ile ra thaba haholo ha batho ba 135 379 ba bokana hammoho le rōna ka 1985 Sehopotsong sa lefu la Kreste! Ka Pherekhong 1985 ra qetella letoto la rōna la likopano tsa setereke tse robong tsa “Keketseho ea ’Muso,” ’me palokakaretso ea 97 167 ea e-ba teng—ba 17 000 ho feta ngoahola. Keketseho ena e entse hore mehaho ea rōna ea lekala e hlōlehe ho finyella litlhoko tsa rōna. Re tsebile ho reka mohaho o moholo o tlang ho sebelisoa e le feketheri le liofisi. ’Me setšeng se haufi le moo, re lokisetsa ho haha mohaho oa mekato e leshome oa lelapa la Bethele.
Re tšepa hore mehaho e mecha e tla re thusa ho hlokomela lithahasello tsa ’Muso ka tsela e molemo Argentina. Re na le litebello tse tiileng ka nako e tlang, re leboha Jehova ka lintho tse khōlō tseo a re etselitseng tsona ka baka la lerato la hae.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Lihlooho tsa likoranta li ne li tlaleha mathata ha re sa ntse re thibetsoe, le ha litokoloho tsa rōna tsa bolumeli li khutlisoa