Letsatsi le Monate Bakeng sa Baromuoa Japane
LABOHLANO la la 17, Motšeanong, 1985, e bile letsatsi le monate la moea bakeng sa baromuoa ba 76 ho la Japane. Ke sehlopha se seholo sa baromuoa naheng leha e le efe, kamor’a lilemo tse ka bang 40 ba sa ntse ba le mafolo-folo ho tsebahatsa linnete tsa Bibele. Ba thabetse tokelo ena e tlang hanngoe ka selemo ea ho kopana hammoho, ba leba lekaleng la Ebina ba e-tsoa mahaeng a 10 a baromuoa a qalikaneng le naha eohle. Ba bang ba ne ba tsoa likabelong tse hōle mosebetsing oa boeti.
Litumeliso tse mofuthu le moqoqo oa sehlopha sena se thabileng o ile oa emisoa ka 1:00 p.m. Molebeli oa libaka a ba kōpa hore ba lule fatše ’me ba lokele seboka. Ha mabitso a baromuoa a ntse a baloa, moromuoa ka mong a bolela naha eo a tsoang ho eona, nomoro ea sehlopha sa Gileade seo a bileng ho sona, le lilemo tsa hae a le tšebeletsong naheng esele. Ebile ho khothatsang hakaakang ho bona baromuoa ba neng ba le sehlopheng sa bosupa sa Gileade ba sa ntse ba le mafolo-folo ’me ba tšepahala kabelong ea bona ka lilemo tse ka bang 37! Kamor’a hore molebeli oa libaka a fane ka boitsebiso ba ho hlonngoa ha Sekolo sa Gileade ka 1943, ka mofuthu a babatsa baromuoa ka ho ithuta puo e thata ea Sejapane. Karolo e latelang ea e-ba lipotso mabapi le ho ntlafatsa tšebeletso ea ho ruta Bibele ho batho ba Japane. Ea e-ba puisano e monate ka sebele.
Basebeletsi ba nang le phihlelo ba bolela kamoo ba sebelisitseng bukana “Bonang! Ke Etsa Lintho Tsohle li be Ncha” ho fana ka tlaleho ea histori e akarelletsang ea Bibele le lithuto tsa eona. Mabapi le puisano ena, moromuoa e mong a akarelletsa maikutlo a bohle tjena: “Ebile ho khotsofatsang ka sebele ho tseba kamoo baena ntlo-khōlō ba amehileng ka mosebetsi mona—ho tseba sena feela hoa re matlafatsa.” Baromuoa bohle ba thabela haholo “ho kopanela sebokeng seo” le “ho bolela lipatlahalo tsa rōna kamoo re ka atlehisang tšebeletso eo re e ratang hakaale.” Moromuoa e mong o ananetse kamoo thahasello e joalo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova “e bontšang boiteko ba ’nete ba ho utloisisa boemo moo.” E mong a re, “Re ile ra thabela ka ho khethehileng tlhahiso ea ho lokisetsa linehelano tse sa tšoaneng e le hore re arabele bothata bo atileng ha re koahela tšimo ena.”
Kamor’a puisano eo e phelang, baromuoa ba neoa likarabo tse susumetsang haholo bakeng sa lipotso tsa Bibele. Ba bang ba itse, “Puisano eo e re hopotsa mohlamonene Sekolong sa Gileade.” E mong a re: “E nthusitse ho fatisisa ka Lentsoeng la Molimo.” Bohle ba ea tlung e ’ngoe ea ho jela ho fumana lino-mapholi le ho thabela botsoalle le ba tsoang likabelong tse hōle. Phirimana eo ea sebelisetsoa ho qoqa ka liphihlelo tse thahasellisang tsa baromuoa. E ’ngoe e ne e le ea mofumahali ea mocha ea ileng a thabela ho ithuta ’nete kahobane ho tloha bongoaneng ba hae o ne a lemohile boitšoaro bo botle ba baromuoa ba neng ba sebetsa ka thata ba neng ba lula haufi le ntlo ea habo Nagasaki. Kajeno mofumahali eo le monna oa hae ba ’neteng! E mong a bolela ka thuto e ntle ea Bibele e ileng ea qalisoa kahobane moromuoa a ile a etsa “ketelo eane ea ho qetela” bofelong ba letsatsi.
Baromuoa ba tletseng mafolo-folo le cheseho e ncha ba khutlela likabelong tsa bona ba khatholohile ’me hape ba thabile ka baka la kameho ea botho e fetisetsoang ho bona ke Jehova ka Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lerato. Ka Sontaha, molebeli oa libaka, A. D. Schroeder, a buisana le bamameli ba 174 959 ba neng ba bokane naheng eohle ea Japane ka thuso ea likhoele tsa fono-fono. Sehlohlolo sa puo ea hae e bile ho lokolloa ha khatiso ea Sejapane e nang le maqephe a 1 792 New World Translation of the Holy Scriptures—With References—kofuto e ’ngoe e ncha e molemo e tla sebelisoa ke Lipaki tse 102 206 ho la Japane!