A Boleloa a Lokile e le Motsoalle oa Molimo
“Abrahama o ile a lumela ho Molimo, ’me hoo a ho balloa e le ho lōka, a ba a bitsoa motsoalle oa Molimo.”—JAKOBO 2:23, TLP.
1, 2. “Lintho tse maholimong” le “lintho tse mona lefatše” li boelanngoa le Molimo joang?
“MOLIMO oa bona ha ho le molemo hore botlalo bohle bo lule ho eena [Kreste], ’me ka eena a boelanye hape ho oona lintho tsohle ka ho etsa khotso ka mali ao a a tšolotseng thupeng ea tlhokofatso, ho sa tsotellehe hore na ke lintho tse mona lefatšeng kapa ke lintho tse maholimong.” (Ba-Kolosse 1:19, 20, NW) Morero ona oa Molimo oa poelano o lebile sehlohlolong sa oona.
2 “Lintho tse maholimong” hase libōpuoa tsa moea, kaha mangeloi ha a lopolloa ka mali a Kreste. Ho e-na le hoo, ke batho ba rekiloeng ka mali a Konyana ho ba “’muso oa baprista” le Kreste ‘maholimong a macha.’ Bana ba se ba boletsoe ba lokile ka mali a Kreste. Ho phaella moo, ka lilemo tse ka etsang 50 hona joale, Jehova o ntse a etsa khotso le “lintho tse mona lefatšeng,” e leng batho ba tla fetoha karolo ea “lefatše le lecha” le lokileng. (Tšenolo 5:9, 10; 2 Petrose 3:13) Ho bokelloa hona ha “lintho tsohle,” lintho tse lefatšeng le lintho tse leholimong, ‘ho lumellana le thato ea Jehova eo a e rerileng.’—Ba-Efese 1:9, 10, NW.
Morero oa Molimo Bakeng sa Mora oa Oona Adama
3, 4. Boemo ba Adama pel’a Molimo e ne e le bofe, empa ke ka khopolo efe a neng a ntse a hloka ho boleloa a lokile?
3 Adama e ne e le mora oa Molimo oa motho ea bōpiloeng a phethahetse, a lokile. (Luka 3:38) Adama ha a ka a neoa ho lōka. Empa ho lōka e ne e le karolo e bōpetsoeng ho eena. Kaha Adama o ne a se na molato pel’a Molimo, ho ne ho sa hlokahale hore “a boleloe” a lokile. Ha feela a ne a ikokobeletsa borena bo loketseng ba Molimo, o ne a tla lula a le molemo pel’a ’Mopi oa hae.
4 Leha ho le joalo, o ne a e-s’o ipake e le ’moloki oa botšepehi ’me o ne a e-s’o ahloleloe tokelo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ho etsa hoo, o ne a lokela ho ipaka ka lilemo hore o-oa tšepahala ho Jehova le ho khomarela ho lōka. Haeba a ne a pakile botšepehi ba hae tekong, o ne a tla amohela tokelo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng. Ho ne ho tla tšoana le ha e ka Molimo o boletse kapa o ngolile litlalehong hore Adama o tšoaneloa ke ho phela ka ho sa feleng. Ho bontša sena, Jehova a ka be a mo isitse “sefateng sa bophelo” le ho mo lumella ho ja tholoana tsa sona.—Genese 2:9, 16, 17; 3:22.
5. (a) Adama le bana ba hae ba ile ba lahleheloa ke eng? (b) Jehova o ile a fana ka tšepo efe ea topollo sebeng le lefung bakeng sa pōpo e motho?
5 Empa Adama a hlōleha ha a lekoa ’me a lahleheloa ke ho phethahala, ho lōka, ’me eena le bana ba hae ba lahleheloa ke tokelo ea ho ba bana ba Molimo. (Ba-Roma 5:12) Ka baka leo, bana bohle ba Adama ba tsoetsoe e le basele ho Molimo, ba hlahile ba se na ho lōka. (Ba-Efese 2:3; Ba-Roma 3:10) Ka baka leo pōpo e motho ‘ea beoa tlas’a ’muso oa bosaoana’ empa ‘motheo oa tšepo o teng,’ tšepo ea ho holloa sebeng le lefung e ile ea fanoa hang-hang kamor’a bofetoheli Edene.—Ba-Roma 8:20, 21; Genese 3:15.
Ba Boleloa ba Lokile Pel’a Kreste—Joang?
6, 7. (a) Ke ho isa tekanong efe batho ba bang ba ileng ba boleloa ba lokile pele ho lefu la sehlabelo la Kreste? (b) Mehlala e meng ea bahlanka ba Jehova ba bileng pele ho Kreste ba amohetseng ho lōka ke efe?
6 Tšepo ea ho holloa ha batho sebeng le lefung e ne e itšetlehile ka ho tla ha “peō” e tšepisitsoeng, Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. (Johanne 3:16) Pele ho lefu la sehlabelo la Kreste, ho ne ho se na tsela ea ho fumana “tšoarelo le bophelo,” kapa “ho boleloa ha bona ba lokile bakeng sa bophelo.” (Ba-Roma 5:18, Revised Standard Version; New World Translation) Leha ho le joalo, le pele Kreste a lefella pheko ea topollo ea batho, banna ba bang le basali ba ile ba lumela tšepiso ea Molimo ’me ba tšehetsa tumelo ea bona ka mesebetsi. Ka baka la sena, ka mosa Jehova a tšoarelo libe tsa bona ’me a ba amohela ho ba bahlanka ba hae. Ka lerato Jehova o ba talima ba se na molato, ha ba bapisoa le batho ba bangata ba ikarotseng ho eena. (Pesaleme ea 32:1, 2; Ba-Efese 2:12) O ba nea boemo bo lokileng, o ba bolela ba lokile ho ea ka maemo a nakong eo.
7 Ka baka leo, ka tumelo Abele “o pakiloe hore o lokile.” (Ba-Heberu 11:4) Noe “a ja lefa la ho lōka ho fumanoang ka tumelo.” (Ba-Heberu 11:7, TLP) Ho sa tsotellehe mefokolo ea Jobo, “e ne e le motho ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane.” (Jobo 1:1, 22; 7:21) Finease a bontša ho chesehela borapeli bo hloekileng, “hoo a ho balloa e le ho lōka.” (Pesaleme ea 106:30, 31, TLP; Numere 25:1-13) “Ka tumelo” le ka mesebetsi ea hae e mosa ho batho ba Molimo, Rahaba eo e neng e se Moiseraele hape e le seotsoa a amohela ho lōka, kapa a boleloa a lokile.—Ba-Heberu 11:31; Jakobo 2:25.
Kamoo Abrahama a Ileng a Balloa a Lokile
8, 9. (a) Lengolo la Pauluse ho Baroma le bua haholo ka ho lōka ha bo-mang? (b) Ke ka tsela efe ho lōka ha “bahalaleli” ho fetang ha Abrahama?
8 Taba ea Abrahama e bohlokoa haholo. Ho boleloa ha hae a lokile ho qotsoa ke bangoli ba babeli ba mangolo a Segerike a Bakreste, bobeli ba bona ba ne ba ngolla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba bitselitsoe ho ba karolo ea litho tsa Iseraele oa moea tse 144 000.—Ba-Roma 2:28, 29; 9:6; Jakobo 1:1; Tšenolo 7:4.
9 Ha Pauluse a ngolla Ba-Roma, o hlahisa lebaka la hore “ba bitsitsoeng, ba halalelang” (1:7), Bajode le Balichaba (1:16, 17), ba boleloa ba lokile “ka tumelo, ka ntle ho mesebetsi ea molao.” (3:28) Ho tiisa lebaka la hae, o qalisa tlhaloso e telele (4:1-22) ’me o qotsa Genese 15:6 e reng: “Abrahama a lumela ho Molimo, ’me a balloa tumelo eo hoba ke ho loka.” Litemaneng tse qetellang tsa khaolo 4, Pauluse o re Jesu ke eena “ea teletsoeng lefu ka baka la libe tsa rōna, ’me o tsositsoe ho re [“ba bitsitsoeng, ba halalelang” (Ba-Roma 1:7)] bea ba lokileng.” Leemeli “re” ha le akarelletse Abrahama, kaha o shoele lilemo tse telele pele ho lefu le tsoho ea Kreste. Ka baka leo, ha likhaolong tse hlahlamang Pauluse a bua ka ba tla “busa e le marena” le ho balloa ho lōka “bakeng sa bophelo” ka tebello ea ho fetoha “bara ba Molimo” le “majalefa hammoho le Kreste,” ho hlakile hore o ne a bua ka ntho e ’ngoe e fapaneng ho ho lōka hoo Molimo o ileng oa ho balla Abrahama.—Ba-Roma 5:17, 18; 8:14, 17, 28-33.
10. Jakobo o hōlisa ho lōka ha Abrahama joang?
10 Jakobo o qotsa Abrahama e le mohlala o pakang hore tumelo e tlameha ho tšehetsoa ka mesebetsi e molemo. Ha Jakobo a se a boletse hore Abrahama o ile a boleloa a lokile, o qotsa Genese 15:6, ’me o kenyelletsa tlhaloso e re thusang ho bona boholo ba ho lōka ha Abrahama. O ngolile: “’Me ho ile ha phethahala Mangolo a reng: ‘Abrahama o ile a lumela ho Molimo, ’me hoo a ho balloa e le ho lōka,’ a ba a bitsoa motsoalle oa Molimo.” (Jakobo 2:20-23) E, ka baka la tumelo, Abrahama a boleloa a lokile e le motsoalle oa Jehova, e seng e le mora ea nang le tokelo ea bophelo ba motho ea phethahetseng kapa tokelo ea borena le Kreste. Ka ho khahlisang, Robert Girdlestone ho Synonyms of the Old Testament ea hae, o ngolile ka ho lōka ha Abrahama: “Ho lōka hona ho ne ho sehetsoe meeli, ka mohlala ho ne ho sa nehe Abrahama tokelo ea ho ipitsa mora oa mojalefa pel’a Molimo.”
Buka ea Jehova ea Khopotso
11. Ke mabitso a bo-mang a ngoloang bukeng ea khopotso ea Jehova, hona ka lebaka lefe?
11 Ho lōka ho sehetsoeng meeli ho neng ho neiloe banna le basali ba tšepahalang pele ho Kreste e ne e le letšoao la ho lōka le ho phethahala ha sebele ho amanang le bophelo bo sa feleng bo neng bo ka amoheloa lefatšeng le lecha la Molimo. Ka baka la litebello tsa bona tsa bophelo, mabitso a bona a ka talingoa a ngoliloe bukeng ea khopotso. (Bapisa Malakia 3:16, NW; Exoda 32:32, 33) E na le mabitso a bao Jehova a ba talimang ‘ba lokile,’ ba bonahalitse tumelo ea bona ka mesebetsi e lokileng, ’me ba tla amohela bophelo bo sa feleng lefatšeng.—Pesaleme ea 69:28; Habakuke 2:4.
12. “Ba lokileng” ba tla tsosetsoa bophelong ba tlameha ho etsa eng hore mabitso a bona a lule a ngoliloe bukeng ea khopotso ea Jehova?
12 Leha ho le joalo, mabitso ao ha a e-s’o ngoloe “bukeng ea bophelo.” (Tšenolo 20:15) Ha banna bao ba pele le basali ba tšepahalang ba tsosetsoa bophelong lefatšeng ‘tsohong ea ba lokileng,’ ntle ho pelaelo ka tumelo ba tla amohela tokisetso ea Jehova ea bophelo ka sehlabelo sa topollo sa Kreste. (Liketso 24:15) ’Me ba tla fetoha karolo ea “linku tse ling” tsa Jesu, ’me hammoho le “bongata bo boholo” ba tla pholoha ‘mahlomola a maholo.’ (Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14) Ka ho etsa joalo ba tla boloka mabitso a bona bukeng ea khopotso ea Jehova.
Ba Baloa e le Metsoalle e Lokileng e tla Pholoha
13. Molisa ea Molemo o bokella bo-mang, ’me ba etsa hore mabitso a bona a ngoloe bukeng ea khopotso ea Jehova joang?
13 Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, o bokella “linku tse ling” tseo e seng “mohlatsoana” oa “bahalaleli” ba 144 000 ba neuoeng borena ba leholimo. (Luka 12:32; Daniele 7:18) “Linku tse ling” li mamela lentsoe la Molisa ea molemo. (Johanne 10:16) Ba bonahatsa tumelo ho Jehova le ho Mora oa hae. Ba nehela bophelo ba bona ho Jehova motheong oa sehlabelo sa pheko sa Kreste. Ba kolobetsoa “lebitsong la Ntate le la Mora le la moea o halalelang” ’me ha hlokomela kamoo ba lokelang ho hlaolela “tholoana ea Moea.” (Mattheu 28:19, 20, NW; Ba-Galata 5:22, 23) Mabitso a bona a ngoloa bukeng ea khopotso ea Jehova.
14. Ke eng se neang “linku tse ling” boemo bo hloekileng pel’a Jehova, empa ba tlameha ho kōpa Molimo eng?
14 ‘Linku tsena tse ling’ tse bokelloang nakong ena ea qetello ke “bongata bo boholo” boo moapostola Johanne a bo boneng ponong, kamor’a hore a bone litho tsa Iseraele oa moea tse 144 000. (Tšenolo 7:4, 9) O hlalosa “bongata bo boholo” bo “hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana.” (Temana ea 14) Ka ho lumela maling a tšolotsoeng a Konyana, ba neoa tekanyetso e itseng ea ho lōka. Sena se tšoantšelitsoe ka liaparo tsa bona tse telele tse tšoeu. Ba na le boemo bo hloekileng, pel’a Jehova, “ke ka haka leo” a ba lumellang ho mo ‘sebeletsa motšehare le bosiu tempeleng ea hae.’ (Temana ea 15) Ho sa le joalo, letsatsi ka leng ba lokela ho ipolela libe pel’a Jehova ’me ba kōpe tšoarelo ka Jesu Kreste.—1 Johanne 1:9–2:2.
15. (a) Setšoantšo sa linku le lipoli se bontša joang hore “linku tse ling” li na le boemo bo lokileng pel’a Molimo? (b) ’Me hona joale li seheloa ho lōka ka tekanyo e kae?
15 Taba e ’ngoe e bontšang hore “linku tse ling” ke metsoalle ea Molimo le hore hona joale ba thabela ho lōka ho sehetsoeng meeli pel’a oona ke boprofeta bo hlakileng ba Jesu bo buang ka ‘pontšo ea ho ba teng ha hae,’ e akarelletsang papiso ea linku le lipoli. Kahobane “linku” li tšoara hantle “baena” ba masala a Kreste ba 144 000 ba ntseng ba le lefatšeng, ba hlohonolofatsoa ke Ntat’a Jesu ’me ba bitsoa “ba lokileng.” Joaloka Abrahama, ba balelloa kapa ba boleloa e le metsoalle e lokileng ea Molimo. Ho lōka ha bona ho tla bolela pholoho ha “lipoli” li lahleloa “bohlokong bo sa feleng.” (Mattheu 24:3–25:46) ‘Ba tla tsoa mahlomoleng a maholo’ a tšoaeang qetello ea tsamaiso ena e khopo ea lintho.—Tšenolo 7:14.
Ba Phahamisetsoa Phethehong
16. Re tseba joang hore bongata bo boholo ha bo boleloe bo lokile bakeng sa bophelo pele ho ‘mahlomola a maholo’?
16 “Bongata bo boholo” bo phonyohang ‘mahlomola a maholo,’ ha bo e-s’o boleloe bo lokile bakeng sa bophelo. Re bona sena kahobane khaolo e buang ka bona e tsoela pele hore: “Hobane Konyana e har’a terone e tla ba alosa, ’me e tla ba isa lilibeng tsa metsi a bophelo.” (Tšenolo 7:17) Le hoja Molimo o se o ba balletse ho lōka ha ba bapisoa le batho ka kakaretso ’me o ba nkile e le metsoalle ea oona, ba ntse ba hloka thuso e eketsehileng, kapa ho nkuoa mehato e meng, e le hore ba boleloe ba lokile bakeng sa bophelo.
17. (a) Ke eng se boleloang ka ‘ho folisoa ha balichaba’? (b) Ke bo-mang ba tla hloka hore mabitso a bona a ngoloe “bukeng ea bophelo”?
17 Nakong ea Lilemo tse Sekete, Konyana e teroneng, Kreste Jesu, hammoho le marena le baprista ba 144 000, o tla sebelisa lenaneo la moea le la nama bakeng sa “ho folisa balichaba.” (Tšenolo 22:1, 2) “Lichaba” tseo e tla ba baphonyohi ba mahlomola a maholo, le bana leha e le bafe ba tla hlaha kamor’a Har-Magedone, le batho ba tla tsosetsoa bophelong ‘tsohong ea bafu ba lokileng le ea ba sa lokang.’ (Liketso 24:15) Bohle ba lumelang maling a Kreste le ho etsa “mesebetsi” e metle ba tla qetella ba ngotsoe “bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 20:11-15.
18. Qetellong ea Lilemo tse Sekete baahi ba lefatše ba tla phahamisetsoa boemong bofe?
18 Qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste, baahi ba lefatše ba tla ipaka ba amohetse pheko ea Kreste le ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Jehova ba tla phahamisetsoa phethehong. (Tšenolo 20:5) Ba tla tšoana le Adama pele a etsa sebe. Joaloka eena, kutlo ea bona e tla be e lekiloe.
“Tokollong ea Khanya” e le “Bana ba Molimo”
19. (a) Ho tla etsahala eng kapele kamor’a Lilemo tse Sekete? (b) Ho tla etsahala eng ka bao mabitso a bona a sa fumanoang a ngoliloe “bukeng ea bophelo”?
19 Kapele kamor’a Lilemo tse Sekete, Kreste o tla neha Ntate oa hae moloko oa batho o phethehileng. (1 Ba-Korinthe 15:28) “Satane o tla lokolla” hore a leke batho la ho qetela. (Tšenolo 20:7, 8) ’Me mabitso a batho leha e le bafe ba hlōlehang tekong eo a ke ke a “fumanoa a ngoliloe bukeng ea bophelo.” ’Me ka puo ea tšoantšetso ba tla “akheloa letšeng la mollo,” hona ke “lefu la bobeli.”—Tšenolo 20:15; 21:8.
20. (a) Ke bo-mang bao Jehova a tla ba bolela ba loketse bophelo, hona ka lebaka lefe? (b) Ke joang tokisetso e mosa ea Jehova ea tōkafatso e tlang ho phethahatsa morero oa eona?
20 Ba ipakang ba tšepahala ho Jehova ba tla etsa hore mabitso a bona a ngoloe ka tsela e ke keng ea hlakoloa “bukeng ea bophelo,” e le ba phethahetseng botšepehing ba bona ’me ba tšoaneloa ke ho neoa tokelo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Jehova ka boeena o tla ba bolela ba lokile ka botlalo. (Ba-Roma 8:33) E tla ba ba lōkafalelitsoeng ho phela ka ho sa feleng. Jehova o tla ba thola e le bara ba hae ba lefatšeng, ’me ba tla kena “tokollong ea khanya ea bana ba Molimo” e tšepisitsoeng. (Ba-Roma 8:20, 21) Khotso le bonngoe li tla be li khutliselitsoe bokahohleng. Ho boelana le Molimo ho tla be ho phethahalitsoe ‘linthong tse lefatšeng’ le ‘linthong tse maholimong.’ (Ba-Kolosse 1:20) Tokisetso ea Jehova e mosa ea tōkafatso e tla be e phethahalitse morero oa eona. Potsong e reng, “Na u lokile pel’a Molimo?” sebopuoa se seng le se seng se leholimong le se lefatšeng se tla nolofalloa ho arabela ka hore, E, le ho eketsa ka hore: “Ho ea lutseng teroneng le ho Konyana, e be teboho, le hlompho, le khanya, le matla, mehleng le mehla!”—Tšenolo 5:13.
Mabapi le boemo ba “linku tse ling” pel’a Molimo—
◻ Ke hobane’ng ha Adama a sa ka a boleloa a lokile?
◻ Ke ka tekanyo efe Abrahama le banna le basali ba bang ba bileng teng pele ho Kreste ba boletsoeng ba lokile?
◻ Ke mabitso a bo-mang a ngoloang bukeng ea khopotso ea Jehova?
◻ Ke ka tekanyo e kae “linku tse ling” li seheloang ho lōka hona joale, ’me ke neng li tlang ho phahamisetsoa phethehong?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 18]
Ka ho lumela “maling a Konyana,” “linku tse ling” li neoa boemo bo amohelehang pel’a Jehova ’me ka hona li lōkafatsoa botsoalle le eena le bakeng sa ho pholoha ‘mahlomola a maholo.’ Ba fumana phetoho qetellong ea Lilemo tse Sekete. Kamor’a teko ea ho qetela ba tla lōkafaletsoa bakeng sa bophelo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 16]
Mabitso a “ba lokileng” a ngoloa bukeng ea khopotso ea Jehova
Rahaba
Abele
Jobo
“Bongata bo boholo” ba kajeno