Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 12/15 leq. 30
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • A Boleloa a Lokile e le Motsoalle oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Molemo o Khaphatsehang oa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Boholo bo Tsotehang ba Molemo oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Na U Bontša Mosa o Kang oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 12/15 leq. 30

Na U sa Hopola?

U kotutse joang molemo likhatisong tsa morao tsa Molula-Qhooa? Itlhahlobe ka boitsebiso bo latelang:

◻ Batsoali kajeno ba ka thusa bana ba bona ho hōlisa boinehelo ba bomolimo joang?

Batsoali ba lokela ho thahasella haholo phepo ea moea ea bana ba bona. Ba lokela ho ba ruta ho iketsetsa thuto ea botho ba sa le banyenyane. (2 Timothea 3:15) Hape ba tlameha ho tiisa hore ngoana e mong le e mong o na le libuka tsa hae, o lokisetsa liboka tsa phutheho, ʼme o khothalletsoa ho ba le karolo ho tsona. Thuto ea kamehla ea lelapa e lokela ho fana ka tsebo e hlokoang ke bana ka ho toba.—8/15, maqephe 23, 24.

◻ Ho bolela eng ho ‘tsamaea le Molimo’ (Mikea 6:8)?

‘Ho tsamaea le Molimo’ ho bolela ho amohela tsela ea bophelo e lumellanang le thato le morero o senotsoeng oa Molimo. (1 Ba-Korinthe 10:31)—9/1, leqephe 5.

◻ Ke hobane’ng ha marena a mangata a Juda a ile a hlōleha ho tšepa Jehova ka ho feletseng?

Marena a mangata a Juda a ile a oela sefing sa borapeli ba litšoantšo (2 Likronike 25:14); a mang a tšoaseha ho tšepeng mebuso esele (2 Likronike 16:1-3, 7; 28:16, 20); athe a mang a ile a tšoaseha moeeng oa boikhohomoso. (2 Likronike 32:25, 26; Esaia 39:1-7)—9/1, maqephe 29, 30.

◻ Batho ba sa phethahalang ba ka bontša mosa o kang oa Molimo joang?

Ba ka bontša tšoaneleho ena e phahameng ea mosa o kang oa Molimo ka hore ba se be mosa feela ho litho tsa lelapa la bona empa hape le ho batho ba ba potileng bao ho ka etsahalang hore ba hloka teboho le ba iponahalitseng e le lira. (Luka 6:35)—9/15, leqephe 11.

◻ Jehova o bonahalitse molemo oa hae ka litsela life tse ling?

Molemo oa Jehova o bonahalitsoe ka boikutlo ba hae bo mamellang, bo mosa le bo nahanelang bakeng sa batho ba sa phethahalang (Exoda 34:6, 7); o bonahalitse molemo oa hae ka pōpo (Mattheu 5:44, 45; Ba-Roma 1:20); o bonahalitsoe ka ho fana ka topollo bathong ba baetsalibe le ka ʼMuso o tla tlisa boemo ba paradeise lefatšeng lena.—10/1, maqephe 27, 28.

◻ Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng a ke ke a atleha ho tlisa khotso le tšireletseho lefatšeng lena?

Molimo ha oa neha batho bohlale le tokelo ea ho ipusa. (Jeremia 10:23) Lefatše lena le tlas’a tšusumetso ea Satane Diabolose. (Johanne 12:31; Tšenolo 12:9-12) Machaba a Kopaneng a futsitse mefokolo ea lefatše lena, libe tsa lona le tšilafalo. Machaba a Kopaneng a leka ho boloka lefatše le hanyetsanang le merero ea Molimo. (1 Johanne 2:17; Tšenolo 21:1)—10/15, leqephe 5.

◻ Ke lebaka lefe le susumetsang haholo ho lumela Bibeleng?

Ha motho a Ithuta Bibele ʼme a e sebelisa, e mo nea tšusumetso e mata ea ho etsa se molemo bophelong ba hae. (Ba-Heberu 4:12)—10/15, leqephe 23.

◻ Ke ʼnete efe ea motheo e totobatsoang ke tlaleho ea Bibele ea banna le mangeloi ba latetseng tsela ea ho ipusa?

Bibele e bontša hore haeba motho a batla ho atleha le ho thabela bophelo o tlameha ho itšetleha ka tataiso ea Molimo. (Jeremia 10:23; Liproverbia 14:12)—11/1, maqephe 4, 5.

◻ Lebaka le leng la bohlokoa le ka ahlolang hore na motho o tlameha ho ba moholo hakae pele a nahanela lenyalo ke lefe?

Litholoana tsa moea oa Molimo kamoo li hlalosoang ho Ba-Galata 5:22, 23 li lokela ho bonahatsoa bophelong ba motho eo pele a nahanela lenyalo. Ka baka leo, lebaka la motheo ke lena, Motho ea mocha o se a bonahalitse litšoaneleho tseo haholo hakae bophelong ba hae?—11/1, leqephe 18.

◻ Ke joang bonolo e ka bang thebe kotsing?

Ha u tobane le boemo bo kotsi, bohale ba motho ea sitetsoeng bo ka kokobetsoa ka ho sebelisa maele ana: “Karabo e bonolo e thethefatsa bohale, empa polelo e hlabang ea bo leotsa.” (Liproverbia 15:1)—11/15, leqephe 6.

◻ Ba nang le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng ba ka lokafatsoa joang hona joale?

Ba khethiloeng ke Molimo ho ea phela leholimong ba tlameha ho lokafatsoa hona joale; ba neoa bophelo bo phethahetseng. (Ba-Roma 8:1) Seo ha se hlokahale ho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng. Empa ba joalo ba ka boleloa ba lokile e le metsoalle ea Molimo, joaloka Abrahama ea tšepahalang. (Jakobo 2:21-23; Ba-Roma 4:1-4) Ha batho bao ba se ba amohetse phetheho ea sebele ea botho qetellong ea Lilemo tse Sekete ʼme ba feta tekong ea ho qetela, ba boemong ba ho boleloa ba lokile bakeng sa bophelo bo sa feleng.—12/1, maqephe 10, 11, 17, 18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela