“Mohlolo oa Likhoeli tse Robeli” Peru
LETŠOELE la ba 34 238 le ne le thabile haholo. Ba ne ba e-tsoa ka makhalo Peru, le libakeng tse ngata tsa lefatše, nehelong ea ofisi e ncha ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Lima. Lipelo tsa bona tsa hlasimoloha ha ba bolelloa ka lenaneo le qaqisitsoeng la ho haha, le entsoeng ka likhoeli tse robeli tseo ho neng ho sebetsoa ka thata—ho ne ho se mohla ntho e joalo e kileng ea etsoa Peru bakeng sa mohaho o moholo joalo.
Litokisetso tsa Pele
Keketseho e potlakileng ea borapeli ba ’nete Peru e entse hore ho hlokahale matlo a ekelitsoeng a ntlo-khōlō ea lekala. Ka 1980 ho ile ha rekoa setša se boholo ba lihekethere tse 1,8. Pele se ne se sebelisoa e le tšimo ea lifate tsa litholoana le meroho bakeng sa basebetsi ba lekala.
Khabareng, ka baka la linyollo tsa theko tse potlakileng, Lipaki tsa fihlela qeto ea hore li qale ho reka le ho boloka thepa ea mohaho, e kang litene, litšepe, le lithaele. Ho ne ho hlokahala metsi a mangata. Ke hobane’ng re sa ichekele seliba? Sehlopha sa Lipaki sa qala mosebetsi ona ’me sa cheka ka matsoho botebo ba limethara tse 75. ’Me thuso e hlahang ka ntle ea sebelisetsoa ho qetella ’me metsi a fumanoa botebong ba limethara tse 96.
Pelenyana ka Tlhakola 1984, Lipaki tse tharo United States li ile tsa fana ka polane ea mohaho “o ka qetoang kapele.” Mohaho o nahaneloang oa mekato e ’meli—o akarelletsang liofisi, likamore tsa ho robala tse 22, kamore ea boikhathollo, kamore ea ho jela, kamore ea ho hlatsoetsa liaparo, le Holo ea ’Muso—ba bolela hore li ka hahuoa ka likhoeli tse robeli. Mosebetsi o moholo joalo e ne e tla ba mohlolo oa mehleng ena Peru!
Tlhophiso e Lokileng
Ka la 25 Tlhakubele ha epuoa seboka se khethehileng ka morero oa ho emisa letsatsi la ho qalisa mosebetsi ’me se ne se tšoaretsoe setšeng sa kopano sa Mokhatlo Campoy ho tsebisa Lipaki tsa moo ka mosebetsi o neng o tla etsoa. Le hoja nakong eo ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba 19 000 feela Peru, sebokeng ho ile ha fihla ba 26 500. Cheseho eo ba ileng ba e bontša ha ho mohla e ileng ea fela nakong eohle ea mohaho.
Basebetsi ba hlophisoa. Basebetsi ba kaholimo ho 200 ba ile ba khethoa har’a bopula-maliboho ba kamehla le ba khethehileng, le baena ba nang le phihlelo tlhophisong ea kopano ba ile ba nehoa libaka tsa boikarabelo. Liphutheho li ile tsa abeloa mafelo a beke a tobileng ho tla thusa.
Sebaka sa polokelo ea phahlo sa sebelisoa e le ntlo e khōlō ea ho robala bakeng sa basebetsi ba nako e tletseng. Materase a ne a beoa holim’a lebokoso la libuka. ’Me haufi le lebota ho ne ho entsoe sebaka sa ho hlapela le matloana. Kaha mariha a ne a qala Peru, baena ba ithuta ho etsetsa lintho kapele ba hlapa ka metsi a batang hoseng. Ho ne ho na le tokisetso e ntle ea lijo hoseng ka hora ea 7 pele mosebetsi o qalisa ka 7:30. Sebaka se bohōle ba halofo ea hora mabaleng a kopano a Campoy, bo-khaitseli ba ne ba hlatsoa liaparo tse litšila. Sebaka sa ho lokisa lieta se ile sa buloa, kaha lieta li ne li senyeha kapele.
Thuso ho Tsoa Libakeng tse Hōle
Baena ba 145 ba ne ba tsoa Amerika Leboea ’me ba ne ba fihla ka linako tse sa tšoaneng tsa mohaho. Ba bangata ho bona ba bile le karolo ho hahuoeng ha Liholo tsa ’Muso. Ha mosebetsi o ntse o tsoela pele, lintho tse itseng tsa hlokahala, basebetsi ba konkreiti, lihahi, litei tsa lipeipi, le tsa motlakase tsa fihla, ’me tsa etsa mosebetsi ka libeke tse peli kapa tse tharo le ho khutlela liphuthehong tsa habo bona. Empa ba bang ba ile ba lula ka likhoeli tsohle tse robeli.
Baena bana ba ne ba e-tla ka lisebelisoa tsa bona ’me ba sebetsa le ba bang bao ba sa tsebeng puo ea bona. Empa ka puo ea matsoho, lipontšo tsa sefahleho, le mantsoe a sa bitsoeng hantle, le moea oa ho ithaopela ho sebetsa hammoho, bohle ba ne ba utloa se lokelang ho etsoa ’me mosebetsi o ne o phethoa.
Baena ba bangata ba Peru ba bula matlo a bona ka lerato ho amohela baeti bana. Hoseng ho hong le ho hong ka hora ea 6, “bese ea baeti,” kamoo e neng e bitsoa kateng, e lulisang batho ba 15, e ne e lata baeti le ho ba tlisa setšeng sa mohaho bakeng sa lijo tsa hoseng. Litho tsa lelapa la Bethele Peru tsa e-ba le karolo mosebetsing ona o nyakallisang ka sebele.
Ho ile ha hlophisoa phutheho ea ba buang Senyesemane ho tlatsa litlhoko tsa moea. Baeti ba bangata ba ile ba etsa mosebetsi o motle tšebeletsong ea tšimo, ba qalisa lithuto tsa Bibele tsa mahae tse ileng tsa tsoela pele kamor’a hore ba tsamaee.
Khahleho ea Sechaba
Baena le bo-khaitseli ba makholo ba naheng eo, ba bacha le ba baholo, ba ne ba fihla setšeng sa mohaho ka mafelo-beke ho tla kenya letsoho mosebetsing. Ho ne ho khothatsa ka sebele ho bona bo-khaitseli le bana ba banyenyane ba kopanela mosebetsing ona ho ea ka matla a bona. Ha ho potso hore mosebetsi ona ’ohle o ne o sa hlokomolohuoe.
Setsebi sa boenjenere sa kontraka e khōlō sa emisa moo. Ha se bona tsela eo mosebetsi o etsoang ka oona, sa botsa, “Le ba lefa bokae bakeng sa mosebetsi o joalo?” Moshebelli e mong a botsa: “Ke eng se etsang hore basebetsi ba lōna ba thabe tjena?” Moifo oa thelevishene oa Lima o ile oa qeta motšehare ’ohle oa mantsiboea o nka litšoantšo le ho buisana le basebetsi ba fapa-fapaneng.
Mosebetsi o Entsoe Hantle
Na mohaho o ile oa hla oa qetoa ka likhoeli tse robeli? E, empa ha ho mohla baena ba kileng ba ikutloa ba hatelletsoe hore ba phethe mosebetsi ka nako. Ho tloha tšimolohong, bohle ba ile ba tsebisoa hore sepheo ke ho etsa mohaho o makhethe, o tla emela batho ba Jehova ka tsela e seriti. Haeba ho etsa mosebetsi o joalo ho ne ho ka hloka likhoeli tse robong kapa tse leshome ho ne ho ntse ho lokile.
Ka baka la moea oa boithaopo oa baena ba moo le phihlelo ea ba tsoang mose ho maoatle, mosebetsi o ile oa qetoa ka nako. Ka la 3 Tšitoe, 1984, likhoeli tse robong le beke e le ’ngoe hoba mosebetsi o qaloe, lelapa la Bethele la fallela mohahong oo.
Letsatsi le Leholo la Fihla
La 27 Pherekhong, 1985, e ne e le letsatsi le neng le emetsoe ka tjantjello e khōlō la ho neheloa ha mohaho o mocha oa lekala. M. G. Henschel, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, a hlaha a le Brooklyn, New York, ho sebeletsa e le sebui se ka sehloohong tsatsing leo. Baeti ho tsoa linaheng tse ling le ba ileng ba thusa ka nako eohle mohahong—ba ka bang 500—ba tlala Holong ea ’Muso e ncha le kamoreng ea ho jela. Sebaka sa kopano sa Campoy se ile sa hokahanngoa ka likhoele tsa fono-fono.
Hoseng, Moena Henschel a fana ka puo ea ho nehela lekala a bua ka Sepanishe. Motšehare oa mantsiboea oa qalisa ka lenaneo le khethehileng mabaleng a kopano Campoy. Hamorao bongata bohle ba ba 34 238 ba memeloa ho boha mehaho e mecha. Ba thabela ho bona “mohlolo oa likhoeli tse robeli,” pontšo e bonahalang ea tlhohonolofatso ea Jehova.
Lenaneo la ho haha le tlisitse mahlohonolo a mangata. Ntle ho hore mohaho oo ke moetso oa mehleng ena, ho sebetsa hammoho ka likhoeli tse robeli e bile tlhohonolofatso e ke keng ea lekanngoa. Bonngoe ba Bokreste bo ile ba hōlisoa. Khōlo ea moea ea hlaoleloa. Botsoalle bo botle libokeng, litafoleng tsa lijo, haholo-holo borapeling ba hoseng ba matlafatsa lerato har’a Bakreste hammoho. Ba tsoang Amerika Leboea ba ile ba ikutloa hore “kabelo naheng esele” e ba etselitse molemo. E, bohle ba ileng ba kopanela “mohlolong” oo ba tla hopola botsoalle bo thabileng bo bileng teng ka likhoeli tse robeli le mosebetsi o mafolo-folo o ileng oa etsoa.—Bapisa Haggai 1:7, 8.
[Setsoantso se leqepheng la 28]
Ba bacha le ba baholo ba kentse letsoho mosebetsing