Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 3/1 leq. 31
  • Buka e Ncha ea Boboleli ba Tšimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka e Ncha ea Boboleli ba Tšimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Karolo 2: Ho Haha Cheseho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Kamoo re ka Ntlafatsang Tsebo ea Rōna ea ho Beha Mabaka
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Kamoo U ka Arabelang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 3/1 leq. 31

Buka e Ncha ea Boboleli ba Tšimo

MAKHOLONG a Likopano tsa Setereke tsa “Baboloki ba Botšepehi” ka 1985-86, buka e ncha ea litšupiso tse fumanehang habobebe ea tšebeletso ea tšimo e ile ea lokolloa ka lipuo tse ngata. E etselitsoe ho sebelisoa ho thusa batho ho fumana likarabo tse khotsofatsang tseo Bibele e fanang ka tsona lipotsong tsa bona. Ena ke buka e maqephe a 448 e bitsoang Reasoning From the Scriptures. Tse ling tsa litšobotsi tsa eona ke life?

◻ “Likenyeletso bakeng sa ho Sebelisoa Tšebeletsong ea Tšimo.” Tsena li bokelletsoe li tsoa ho balebeli ba potoloho le ba setereke, bo-pula-maliboho, le baholo ba bileng le lilemo tse ngata tsa phihlelo le ba bang le liphello tse molemo tšebeletsong ea bona.

◻ “Kamoo U ka Arabang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo.” “Ha ke thahaselle,” “Ke na le bolumeli ba ka,” “Ke phathahane,” le tse ling tse ngata ho buuoa ka tsona mona. Haeba likhanyetso tsena li u sitisa ho fana ka bopaki tšimong ea heno, u tla fumana likatamelo tse ncha tse thusang mona. Karolo ena e boetse e na le boitsebiso bo sebetsang meqoqong le Babuddha, Bahindu, Bajode, le Masolomane.

◻ Lihlooho tse khōlō tsa litaba tse fetang 70. Ho kenyellelitsoe “Ho Ntšoa Hoa Limpa,” “Lithethefatsi,” “Botona le Botšehali,” “Tšebelisano le Meea e Mebe,” “Matsatsi a Phomolo,” “Ho Nkoa ka ’Mele oa Nama,” “Ho Tsoaloa Hangata,” “Boraro-bo-bong,” le tse ling tse ngata. Tlas’a tsona ho na le litlhahiso tsa kamoo ho ka arajoang lipotso tsa mofuta o atisang ho botsoa hona joale lilemong tsa bo-1980. Ka mohlala: “Re ka tiisa joang hore Bibele ha e-ea fetoloa?” “Na e mong le e mong o na le ‘nako ea ho shoa’ eo a e beetsoeng e sa le pele?” “Ke hobane’ng ha Molimo o lumella ho hlomoha?” Ho boetse ho na le litlhahiso tsa kamoo ho ka beelanoang mabaka le motho ea reng: “Batho ba ngotse Bibele,” “Ke na le maikutlo a ka ka Molimo,” “Ke phela bophelo bo molemo. Ke tšoara bahahelani ba ka hantle. Boo ke bolumeli bo ntekaneng,” le tse ling tse ngata. Tsena li bokelletsoe li tsoa linaheng tse 18. Tšebeliso ea buka ena ea litšupiso tse fumanehang habobebe e ka u thusa ho rua molemo phihlelong eo ba bang ba e fumaneng nakong ea mashome a lilemo ka ho bea mabaka ka Mangolo.

◻ Buka ena ha e-ea lokisetsoa ho thusa mang kapa mang ho “hlōla likhang” le batho ba sa bontšeng ho hlompha ’nete. Ho e-na le hoo, e fana ka boitsebiso ba bohlokoa bo etselitsoeng ho sebelisoa ho beelana mabaka le batho ba tla u lumella ho etsa joalo. Ba bang ba bona ba ka ’na ba botsa lipotso tseo ruri ba li batlelang likarabo tse khotsofatsang. Ba bang, ha moqoqo o ntse o tsoela pele, ka bonolo ba ka ’na ba bolela litumelo tsa bona, ’me ba ka ’na ba etsa joalo ka kholiseho e itseng. Empa mohlomong ke batho ba utloisisang ba labalabelang ho mamela maikutlo a mang. Haeba ho joalo, buka ena e ka thusa haholo ho arolelana le bona nehelano e hlakileng ea ’nete ea Bibele. U se ke ua tsila-tsila ho ba bontša seo buka e se tšoereng ’me u e bale le bona.

◻ Tumellanong le mohlala o beuoeng ke moapostola Pauluse ha a bolela Greece, ka ho loketseng ho sebelisitsoe se qotsitsoeng historing ea lefatše, libukeng tsa liphuputso, libukeng tsa bolumeli tsa litšupiso, libukeng tse hlalosang mantsoe a puo ea Bibele, joalo joalo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e haufi le uena.

◻ Maqephe a supileng a lethathama la lihlooho le mangolo le kenyelelitsoe ho u thusa ho fumana likarabo kapele.

◻ Nka buka ena ea bohlokoa ea litšupiso tse fumanehang habobebe kamehla tšebeletsong ea tšimo. E fe liithuti tsa Bibele tse bontšang takatso ea ho buisana le ba bang ka seo li ithutileng sona. E ke ke ea abeloa batho feela-feela tjee. Empa haeba motho a kōpa hoba le kopi ea hae, u se ke ua tsila-tsila ho mo fumanela ea hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela