Bosiu ba Khopotso
Nakong ea moketjana o sa rarahanang, Jesu Kreste o ile a sebelisa veine le bohobe bo sa lomosoang e le litšoantšetso tsa sehlabelo seo a neng a le haufi le ho se etsetsa batho.
Ha a hlomamisa ketekelo eo, o itse: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19.
Selemong se fetileng batho ba 7 792 109 ba ile ba hopola Jesu ka ho ba teng Sehopotsong sa lefu la hae libokeng tse khethehileng tse tšehelitsoeng ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Ka mofuthu u memeloa tšebeletsong ea Sehopotso selemong sena Holong ea ’Muso e haufi-ufi le lehae la hao.
Se tla tšoaroa ka ’Mantaha oa la 24 Tlhakubele, ka shoalane. Ikopanye le Lipaki tsa Jehova tse haeno bakeng sa nako e nepahetseng.