Jehova o Hlomella Litlhoko Tsa Trinidad
HO TLOHA qalehong e nyenyane ka 1912, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso Trinidad le sehlekehlekeng se bapileng le eona sa Tobago o ’nile oa feta har’a mehato e ’maloa ea khōlo. Katoloso ea moraorao tjena—ka Tlhakubele 1985—e ne e le ho qetoa le ho nehelanoa hoa mohaho o mocha oa lekala kantle feela hanyenyane ho motse-moholo, Port of Spain. Meaho e mecha e ne e hlokahala ka matla, kaha Trinidad e bile le keketseho ea bahoeletsi ba ’Muso ea 79 lekholong ha esale ho ahoa ha mehaho ea ho qetela ea lekala.
Ho fumana setša se loketseng sehlekehlekeng se senyenyane se nang le batho ba bangata hakana ho ne ho se bonolo. Litša li theko e phahameng ’me litefello tsa ho haha le tsona li phahame haholo. Empa leha ho le joalo Jehova o ile a hlomellela litlhoko tsena tsohle. Setša se setle le seo ho ka fihloang ho sona habobebe se ile sa fumanoa thokonyana le tsela e khōlō e eang lebaleng la lifofane. Baena ba ile ba bokanela morero ona, ba o tšehetsa ka mokhoa o babatsehang. Hoo e ka bang mohoeletsi e mong le e mong oa ’Muso Trinidad o ile a kenya letsoho mosebetsing ona oa khaho.
Mafelo-beke a mang le a mang sehlopha se tsoang phuthehong e ’ngoe se ne se e-tla ho tla thusa ka mosebetsi ha ba bang ba tsoang ho e ’ngoe ba ne ba fana ka lijo le lino-mapholi. Ho ne ho sebetsoa bosiu habeli kapa hararo ka beke. Khaho e ile ea itsoella pele hantle feela har’a linako tsa lipula. Ha e le nako ea ho etsa mokato oa pele baena ba fetang 350 ba ne ba le teng, ba neheletsana linkho tsa samente ka letsoho. Baahelani ba Mahindu ba ne ba maketse feela! Hona ho ile hoa fana ka monyetla oa ho ba pakela.
Ka mokhoa o tšoanang litefello tsa mohaho li ile tsa ’na tsa lefuoa ka pelo eohle. Bo-khaitseli ba bile ba nehelana ka mekhabiso ea bona ea khauta, hore e rekisetsoe ho tšehetsa khaho. Moshanyana ea lilemo li robeli o ile a ngola: “Ke rata ho sebetsa moahong oa lekala, empa kahobane mokokotlo oa ntate oa kula ’me ntate o sitoa ho etsa mosebetsi o boima, ke sitoa ho tla kamehla. Ka hona ke romella chelete ena eo ke e boloketseng ho thusa mosebetsing.”
Mosebetsing oohle oa khaho tšehetso ea Jehova e ne e totobetse. Hilary Charles, molebeli oa khaho, o ile a hopola nako eo e itseng ha ba setse ka mekotlana e leshome ea samente a ileng a letsetsa feme ea samente ho fumana e eketsehileng. O itse: “Samente e ne e fumaneha ka thata. Ba ile ba re re ke ke ra e fumana ho fihlela bekeng e tlang. E ne e ka ba ka hora ea borobong hoseng. Ka hora ea bobeli mantsiboeeng ao, ke ile ka bona samente e tletseng koloi e fihla. Moqhobi oa koloi o itse: ‘Samente ena e tletseng koloi e ne e tšoanela ho ea ’nga e ’ngoe, empa ba itse ke e tlise mona.’ o ne a sa utloisise lebaka. E ne e le letsoho la Jehova.”
Moaho ona oa lekala o mekato e ‘meli o shebahala joaloka T, ’me o kenoa ka holimo—ka lehlakoreng le ka boroa. Ka letsohong le letona la phaposi e bohehang ea moo ho fihleloang ke Holo ea ’Muso, eo ho eona ho ka lulang batho ba ka bang 200. Ofisi e khōlō e ka letsohong le letšehali. Karolo e ka tlaase e teletsana e na le sebaka sa khatiso, lefapha la tse tsoang le moo ho hlatsoetsoang. Kaholimo ho teng ke kichene, phaposi ea ho jela, le moo ho luloang—liphaposi tsa ho robala tse robeli, e ’ngoe le e ’ngoe e e-na le sebaka sa eona sa moo ho itlhatsoetsoang. Phaposi e nyenyane ea polokelo ea libuka le ea moo ho phomoloang li kaholimo ho ofisi.
Ka Moqebelo oa la 16 Tlhakubele, e ne e le letsatsi la khakolo. Milton G. Henschel oa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova o ile a fana ka puo. Moena Henschel o itse, “Jehova ha a tsebe feela ho fana, empa o tseba seo re se hlokang.” E, mehaho e mecha e ne e le mpho e tsoang ho Jehova. Seboka sena sa khakolo se ile sa koaloa ka thapelo e amang maikutlo ea nehelano ho Jehova. Re ne re thabile hakaakang!
Lipaki tsa Jehova tse Trinidad le Tobago li thabela keketseho e fanoeng ke Jehova. Joale li hatela pele, li ntse li batla keketseho e ‘ngoe hape ha a tsoela pele ho hlomellela litlhoko tsa bona joaloka bahoeletsi ba ’Muso.