Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 4/15 maq. 3-4
  • U ne u Tla Khetha Buka ea Batho Bohle Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ne u Tla Khetha Buka ea Batho Bohle Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khetho ea Litsebi
  • Khetho ea Bohlokoa
  • Bible—Buka ea ho Baloa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ithute Libuka Phela ka ho sa Feleng le Ho Kopana Borapeling
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Seo Buka Ena e se Fupereng
    Buka ea Batho Bohle
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 4/15 maq. 3-4

U ne u Tla Khetha Buka ea Batho Bohle Joang?

HO SA tsotellehe lintho tseo u tšoanelang ho li etsa letsatsi ka leng, haeba u ne u ka khona ka tsela e itseng ho bala buka e le ’ngoe ka beke, u ne u ka khona ho bala libuka tse khōlō tse fetang 3 000 bophelong ba hao. Ho sa tsotellehe kamoo hono ho hlollang, hoo ho ho nyenyane hoo eseng letho ha u nahana hore selemo ka seng libuka tse ncha tse ngata ho feta tseo ka makhetlo a leshome li hatisoa U.S.A. feela. ’Me hoo ha ho bile ha ho akarelletse libuka tse amoheloang tsa boemo bo phahameng tse likete tseo motho e mong le e mong ea rutehileng e tšoanelang hore e be o li balile.

Ka ho hlaka, ha ho tluoa libukeng, temoho e entsoeng lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng e ntse e nepahetse ka mokhoa o tšoanang kajeno: “Etsoe libuka tse ngata tse etsoang li sa fele, ’me ho ithuta ka ho tlōlisa ho khathatsa ’mele.”—Moeklesia 12:12.

Empa har’a ngatafalo ena ea libuka, na ho teng eo e leng ea bohlokoa le e molemo hoo e iqoollang ka har’a tse ling tsohle e le buka eo motho e mong le e mong a tsoanelang ho e bala? Na ho teng e tselang meeli ea bochaba, meetlo le lipuo ’me e tsoaneloa ke ho bitsoa buka ea batho bohle?

Taba ea hore na re tšoanela ho bala eng e ama ho fetang feela thahasello ea lithuto hobane e qetella e susumetsa tsela eo re nahanang ka eona, maikutlo a rōna ka boitsoaro bo botle le tsela eo re etsang liqeto ka eona. E hapile tlhokomelo ea matichere, batsoali le ba bang—ba nako e fetileng le ba hona joale. Ho entsoe lipatlisiso tse ngata ka hore na ke libuka life tsa bohlokoa tse ka baloang ’me liphello li senotse ho hongata ho neng ho sa tsejoe.

Khetho ea Litsebi

Ka 1890 mohatisi oa libuka a kopanela taba ena le lingoli tse tummeng tse itlhommeng pele tse ngata tsa mehleng eo. A ba kōpa ho fana ka mabitso a libuka tseo ba neng ba nka e le tsa bohlokoahali. Phello ea e-ba efe? Buka e ’ngoe ea litsupiso e-ea tlaleha, “Bibele, libuka tsa Shakespeare le tsa Homer e bile lithatohatsi tse khethehileng ho lingoli tse hloahloa lekholong la leshome le metso e robong la lilemo.” E-ea eketsa, “’Me lethathamo leo la botumo bo botle le ne le tla lula le batla le ntse le sa fetoha le kajeno.”

Lipatlisiso tsa morao-rao tjena li lumellane le sena. Ka mohlala, ka Loetse 1982, makasine oa Time o hatisitse karabo ea ba robeli ba tsebahalang ka bophara ba liprofesa, bo-rahistori le bahlokomeli ba matlo a polokelo ea libuka potsong e reng, “Ke libuka life tse hlano tseo motho e mong le e mong ea rutehileng a tsoanelang hore e be o li balile?” Le hoja litsebi tsena li ne li se ntsoe leng, ba bahlano ho ba robeli—bongata bo totobetseng—ba kenyellelitse Bibele ho tseo ba li buelletseng. Mabapi le patlisiso e tšoanang, Psychology Today e tlaleha hore “libukeng tse 165 tse thontsoeng, Bibele e fumane livoutu tse ngata ka ho fetisisa: 15. Ha ho buka e ’ngoe e ileng ea e atamela.”

Ho thahasellisang ka mokhoa o khethehileng ke ho fumanoeng liphuputsong tse tšoeroeng ke The Korea Times ho hlahloba kamoo lichaba tseo e seng tsa Bakreste li talimang likereke tsa Bakreste. Pampiri eo e re, “Tlaleho ea liphuputso e bontšitse hore Bakreste, ha ba bapisoa le bao e seng Bakreste, ke baithati haholoanyane, ba sebelisa mekhoa ea bolotsana ho fumana chelete haholoanyane ’me ba fokolloa ke matsoalo a matle haholoanyane.” Leha ho le joalo, tlaleho eo e tsoela pele hore: “Ho sa tsotellehe ho hloka tumelo hoa bona, karolo ea 70 lekholong ea bao ho entsoeng liphuputso ka bona ba hlompha ka mokhoa o phahameng bohlokoa ba Bibele.”

Khetho ea Bohlokoa

Lipatlisiso le liphuputso tse ngata tse tšoanang li ka boleloa ho bontša hore nako le nako Bibele e ’nile ea khethoa e le buka e phahametseng hōle-hōle tse ling tsohle. Ka mabaka a fapaneng, e ipakile e le khetho ea bohlokoa har’a libuka tse ling, tsa nako e fetileng le tsa hona joale, tsa bochabela le tsa bophirima.

Leha ho le joalo, hoa bohlokoahali ke hore na pono ea hao ea botho ke efe? Haeba u phela naheng ea Bophirimela, na mohlomong u nka Bibele e se e se nakong lefatšeng la rōna la hona joale la tsa mahlale ’me e se ea bohlokoa bo bokaalo ho sebetsaneng le mathata a kajeno? Haeba u phela naheng ea Bochabela, na u talima Bibele joaloka buka ea Bophirimela ’me ka hona e se ea bohlokoa bo bokaalo ho uena? Kapa na Bibele e na le molaetsa oo batho bohle kajeno ba hlokang ho o utloa? Na e sebetsana ka ho toba le mathata ao batho bohle ba thulanang le oona kajeno? Na e hlile ke buka ea batho bohle?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela