Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 5/1 leq. 25
  • Ho Hlompholla Lebitso la Molimo—Ka ho se le Sebelise

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hlompholla Lebitso la Molimo—Ka ho se le Sebelise
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 5/1 leq. 25

Ho Hlompholla Lebitso la Molimo—Ka ho se le Sebelise

JEHOVA a sebelisana ka mosa le batho ba hae ba Iseraele ka baka la lebitso la hae, e le hore le se hlompholloe har’a lichaba. (Ezekiele 20:9, 13, 14, 22) Leha ho le joalo, hamorao Baiseraele ba khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo. Ho se sebelise lebitso la Molimo ho ne ho tšoana le ho le hlompholla.

Tabeng ena, R. Laird Harris o hlalositse: “Ke ’nete e makatsang ka sebele hore ho bitsoa ha boholo-holo ha lebitso la Molimo oa Baiseraele ho fele tjena. Tumelo ea Baiseraele e ne e le eona feela e hlomphehang mehleng eo ea boholo-holo. Ebile eona tumelo ea pele ea boholo-holo lefatšeng lohle. E ne e ikhethile ka hore e be le sebopeho sa moea ntle ho boemeli bo bonahalang ba molimo. Lintho li makatsa ka sebele ’me ha se kamoo ho neng ho hopotsoe ke batho ba tšepahalang ba neng ba ikutloa hore ha ba lokela ho bitsa lebitso leo esere ba le hlompholla. Ho bonahala phello ea seo e bile ho hlompholloa ha lebitso ka mokhoa o mong. Ho khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo ho le hlompholotse joaloka ho tlaela ka Lebitso. Empa litaba li totobetse. Baheberu ba khale ba ne ba bitsa lebitso la Molimo le ho le ngola.”—The Law and the Prophets, e ngotsoe ke John H. Skilton, Nutley, New Jersey, 1974, leqephe 215.

Baiseraele ba ne ba tseba hore haeba ba ne ba ka lebala lebitso la Jehova, Molimo ka booona o ne o tla “sibolla hoo.” (Pesaleme ea 44:20, 21, TLP) Eitse hamorao ha ba khaotsa, Molimo oa “etela lichaba hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la oona.” (Liketso 15:14) Le hoja kajeno lena re sa tsebe ka ho nepisisa hore na lebitso leo le bitsoa joang ka Seheberu, qapolliso e utloahalang le e loketseng ea liletere tse ’nè tsa lituma-mmoho tsa Seheberu ke Jehova ka Sesotho. Kajeno, batho ba ka holimo ho limillione tse tharo ba tsejoang e le Lipaki tsa Jehova, ba thabela ho jara lebitso la Molimo oa bona le ho khetholloa ka lona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela