“Mosa” Kapa “Masea”—Hofe?
HO 1 BA-THESSALONIKA 2:7 moapostola Pauluse o hlalositse eena le metsoalle ea hae ba bile “mosa har’a lōna, joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato.” Liphetolelo tse ling (The Bible in Basic English; Today’s English Version) mona li ngola “mosa,” empa tse ling (Westminster Version; American Translation) li sebelisa “masea” kapa “bana.” Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang?
Liphetolelo tsena li sebelisitse mokhoa o le mong kapa e ’meli e sa tšoaneng ea ho bala e fumanoang litemaneng le mangolong a letsoho a Segerike. Litemana tse ling tsa Segerike (Textus Receptus, Tischendorf, Merk) le mangolo a letsoho a ngola eʹpi·oi, e bolelang, “mosa” empa litemana tse ling tsa Segerike (Westcott le Hort, Nestle-Aland) le mangolo a letsoho a ngola neʹpi·oi, e bolelang “masea.”
Ntlheng ena, The New International Dictionary of New Testament Theology (Moqolo I, 1975, leqephe 282) e hlalositse: “Ho na le litsela tse peli tsa ho bala 1 Ba-Thess. 2:7: (a) ēpioi (re ne re le mosa ha re le ho lōna); (b) nēpioi (masea). Lentsoe le ka pele ho lena [temaneng ena] le qetella ka letere n, ’me ho ka etsahala hore ka phoso letere ena n e ile ea ngoloa habeli ha ho kopisoa. Ho feta moo, ho hlalosa temana ka tsela ena ea bobeli ho hlahisa bothata. Hobane ho tem. 7b Pauluse ha a ka a re ba tšoana le ‘bana’ empa o tšoantša Bathessalonika le bana; eena le metsoalle ea hae ba ne ba tšoana le moanyesi (trophos).” Ka ho nepahetseng, liphetolelo tse ngata li ngola lentsoe mona e le “mosa” ho e-na le “masea.”
Empa ke hobane’ng ha Pauluse a sebelisitse lentsoe “mosa”? Ke ka baka la lerato la sebele le kameho hore a se khine khōlo ea moea ea bao eena le baromuoa hammoho ba neng ba ba ruta. (1 Ba-Thessalonika 2:8) W. E. Vine (An Expository Dictionary of New Testament Words, e hatisitsoe hape ka 1962, Moqolo II, leqephe 145) e hlalosa hore eʹpi·os “e ne e sebelisoa haholo ke bangoli ba Magerike mabapi le moanyesi ea nang le bana ba khathatsang kapa tichere ea nang le liithuti tse khathatsang. Ho 1 Ba-Thess. 2:7, Moapostola o sebelisitse lentsoe kamanong le boitšoaro ba hae le ba baromuoa hammoho le eena ho basokolohi ba Thessalonika.” Ha re ruta batho Lentsoe la Molimo, e se e ka kamehla re ka hopola mosa o bonahalitsoeng ke Pauluse le metsoalle ea hae le ho etsisa mohlala oa bona.