Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 leq. 26
  • Ka Matsatsi a Robong Feela!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Matsatsi a Robong Feela!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Finyella Litlhoko Tsa Kotulo ka Thabo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Kaho ea Liholo Tsa ’Muso—Karolo ea Bohlokoa ea Tšebeletso e Halalelang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 leq. 26

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ka Matsatsi a Robong Feela!

“HO EA hlolla!” Mantsoe ao e bile sehlooho sa molaetsa oa bahatisi pampiring ea litaba ea la 14 Phato, 1985, ea Sehlekehleke sa Vancouver, Canada. Molaetsa oo oa bahatisi oa hlalosa kaho ea Holo ea Kopano e boholo ba limithara tse 2 300 ka nģa tsohle e nkileng matsatsi a robong feela.

Ka lilemo tse ka holimo ho leshome tse fetileng, Lipaki tsa Jehova li thehile mokhoa oa ho haha Liholo tsa ’Muso tsa sebaka ka seng ka potlako. ’Me Holo ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova e Sehlekehlekeng sa Vancouver ke mohaho oa bobeli o joalo Canada o reretsoeng haholo-holo likopano tse habeli ka selemo tsa potoloho tsa lihlopha tsa liphutheho. Holo e ncha-ncha e setšeng se liekere li robeli se Cassidy, British Columbia. Lifate tse telele tse sa foforeheng makhasi li khabisitse setša seo, ha molatsoana o motle o phalla har’a setša sena kamorao ho mohaho ona. O na le sebaka se seholo seo ho ka lulang batho ba 900 ho sona, ntlo ea lijo eo ho eona ho ka lulang ba 250, sebaka sa lino-mapholi, letamo ie lenyenyane la kolobetso le hahuoeng ka lithaele le Holo ea ’Muso e ka nkang batho ba 200 e sebelisoang ke liphutheho tsa tikoloho eo. Le bona ba neng ba kentse letsoho kahong ea eona ba re ho thata ho lumela hore e ile ea hahoa ea ba ea qetoa ka matsatsi a robong.

Ke ’nete, pele ho kaho ea matsatsi a robong, ho ile hoa etsoa litokisetso tse ngata. Mohaho oa pele setšeng seo o ile oa qhaqhoa har’a lipula tsa litloebelele ’me hoa bolokoa likaroloana tse ling tsa oona tse ka sebelisoang hape. Basebetsi ba baithaopi ba mamella ka sebete lipula le lirame tsa Mphalane ho rema lifate bakeng sa marulelo a kedare—marulelo a mapolanka a matenya a tlhaho a entsoeng ka kedare e khubelu ea bophirimela. Ho kenngoa hoa lipompo, lifuthumatsi, mechine e pholisang le ho futhumatsa moea oa ntlo, motlakase, le litšebeletso tse ling li ile tsa tlameha ho raloa. Har’a lintho tse ling, setša seo se ile sa tlameha ho lokisoa ’me motheo oa samente o boholo ba limithara tse 2 300 ka nģa tsohle oa etsoa.

Leha ho le joalo, qetellong ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e loketse tšebetso. Ka Moqebelo oa la 3 Phato, ka hora ea 8 hoseng, kamor’a ho buisana ka temana ea Bibele, baithaopi ba nang le lihamore ba ne ba eme e le malala-a-laotsoe ho pota motheo oa samente. Hoa utloahala mohoo libuela-holeng, “Baena, qalang ho otlella!” Lihamore tse ngata tsa lla lipekereng ha baithaopi ba ka bang 4 500 ba sebetsa. Baithaopi ba bangata le malapa a bona ba ne ba e-tsoa United States ’me ba bang ba ne ba e-tsoa hōle joaloka Newfoundland, Norway le England. Bahahelani ba botsoalle ba lumela ha masimo a bona a sebelisoa bakeng sa ho hloma litente le ho emisa makoloi, ’me litente, makoloi a hlomelletsoeng ka thepa ea bolulo, literaka, le likoloi tse nyenyane li ne li koahetse sebaka sa lihectare tse 14 ho pota setša seo.

Babohi ba ne ba hloletsoe haholo. Rakonteraka e mong a tlisa bahiruoa ba hae ho tla bona mosebetsi le ho thabela moea oo mosebetsi o neng o etsoa ka oona. Bahahelani ba mosa ba etsa menehelo ea meroho lefapheng le lokisetsang lijo, le neng le phehela basebetsi lijo kamehla. Bahahelani ba bang ba hla ba kenya letsoho mosebetsing oa kaho. Monna e mong, kamor’a ho etela setša seo, o itse: “Ruri kea bona hore Molimo o na le lōna.” Hona joale monna enoa o tsoela pele hantle ho ithuteng Bibele le Lipaki.

Molaetsa oa bahatisi o ho Ladysmith-Chemainus Chronicle o’a khotsa: “Ho sa tsotellehe tšusumetso ea lōna ea bolumeli, kapa ho e hloka, le tšoanela ho rolela khaebana Lipaki tsa Jehova tse 4 500 tse ileng tsa sebetsa bosiu le motšehare ka beke e fetileng le karoloana ea eona ho haha Holo ea Kopano e boholo ba limithara tse 2 300 ka nģa tsohle mane Cassidy . . . Ho etsa sena ka thabo ntle le ho phehisana khang, ho se lumellane kapa ho ikhapela setumo ke letšoao la Bokreste ba ’nete.”

Ka Sontaha mantsiboea, ka la 11 Phato, ka hora ea 6, seboka sa pele sa tšoareloa Holong ea Kopano e qetiloeng, e khabisitsoeng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela