Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 maq. 20-25
  • Ho Latela Litaelo Tsa Morena ka Hloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Latela Litaelo Tsa Morena ka Hloko
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova Mohlophisi oa Batho ba Hae
  • Mohlala o Phethahetseng oa ho Latela Litaelo tsa Morena
  • Baholo ba Hloka hore u ba Hlomphe le ho ba Tšehetsa
  • Le Mamellane
  • Ho Hlophisetsoa ho Latela Taelo ea Morena ea ho Bolela
  • Likhopotso le Litaelo tsa Molimo oa Tsamaiso e Ncha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Utloang ba Etelletseng Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Le ’Ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Balisa le Linku Pusong ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 maq. 20-25

Ho Latela Litaelo Tsa Morena ka Hloko

“Ke tla nahana litaelo tsa hao, ke imamelle litsela tsa hao. Ke thabela ho phetha thato ea hao, nke ke ka lebala lentsoe la hao.”—PESALEMA EA 119:15, 16, TLP.

1. Ke hobane’ng ha bohle le tsohle li le tlas’a litaelo tsa Jehova?

BOHLE le tsohle li tlas’a litaelo tsa Molimo o Matla ’Ohle, Jehova, Morena oa bo-sa-feleng. Ke eena Ea bōpileng bokahohle. Ke Mohloli oa bophelo bohle. O entse lefatše ’me a le lokisetsa hore le ahuoe. Ke Molimo oa taolo, ’me ka ho phethahatsoa hoa melao ea oona, ho tla bolokoa taoleho pōpong eohle ea oona.—Pesaleme ea 36:9; Esaia 45:18; Tšenolo 15:3.

2. Ke mang ea laolang maholimo a phatšimang ka linaleli, hona joang?

2 Ke Jehova Molimo ea ileng a laela hore maholimo a phatsimang ka linaleli a name joaloka tente holim’a lefatše eaba o mema batho ba hae: “Lelalang holimo, le talime! ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona.” Ke Jehova ea ileng a botsa Jobo: “Na u tseba melao ea maholimo le tšebetso ea eona lefatšeng na?” Ke melao ea oona ea matla a hore lintho li hohelane le hore li tsamaee e bokelletseng hammoho lihlopha tse limillione tsa linaleli tse nang le linaleli tsa tsona tse libillione le e laolang motsamao oa lefatše ha le ntse le potoloha sepaka-pakeng.—Esaia 40:26; Jobo 38:33.

3. Liphoofolo li pholoha ka litaelo tsa mang, ’me ho ne ho tla etsahala joang haeba li sa mamele?

3 Ke eena Ea melisang limela tse tala tse apesang lefatše. Ka litaelo tsa hae lipeō lia mela li hōle ’me li bee. Liphoofolo tsa mefuta-futa li ngata lefatšeng—ho tloha libakeng tse batang ho isa merung ea libaka tse chesang, ho tloha holimo sepaka-pakeng ho isa ka tlaase mobung, ho tloha kaholimo ho maoatle ho isa bolibeng ba lona. Hore mofuta o mong le o mong oa ena e se nang palo o phele, o tlameha ho phela kamoo Jehova a laetseng. Ka tšekamelo ea tlhaho, o kentse ka ho tsona litaelo tsa hae bakeng sa ho pholoha. “Li bohlale bo boholo [bohlale ka tšekamelo ea tlhaho,” NW].” (Liproverbia 30:24) Empa ho ka etsahala’ng haeba warbler e nyenyane ea Alaska, e ne e ka re ‘Ha ke na ho fofa lik’hilomithara tseo tse likete-kete ho ea Amerika Boroa, ke tla be ke ho etsetsa’ng?’ Warbler eo e nyenyane e ne e tla bolaoa ke moea oa tšeole o batang oa mariha. Empa e ke ke ea rialo. Ka ho eona ho kentsoe melao ea ho falla hore e pholohe. Ho joalo le ka liphoofolo tsohle. Li latela ka tlhaho litaelo tseo Jehova ’Mōpi oa tsona a li kentseng ka ho tsona. Ha li na boikhethelo.

4. Batho ba na le khetho efe, ’me ka liphello life?

4 Ho batho ha ho joalo. Re bōpiloe ka ho tšoana le Molimo, ’me re na le boikhethelo. Leha ho le joalo, le hoja Molimo o sa ka oa kenya ka ho rōna litaelo tsa hore re etse ka bohlale ka tšekamelo ea tlhaho feela, empa ha o’a ka oa re sia re hloka tsebo. Ka Lentsoe la oona Bibele, o re nea litaelo tsa oona bakeng sa ho fumana bophelo. Haeba re latela litaelo tseo tsa Morena ka hloko, re tla phela. Haeba re sebelisa bolokolohi ba rōna ho li hlokomoloha ’me re ikela ka tsela eo re ikhethetseng eona ea boitaolo, re tla shoa. Re tlameha ho ikenya litaelo tsa hore re pholohe. Ho bonolo joalo feela. Mopesaleme o itse: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” Ka lehlakoreng le leng, “ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.” (Pesaleme ea 119:105; Liproverbia 14:12) Mehleng ena ea bofelo, ke tlamo hore re fetole mantsoe a Pesaleme ea 119:15, 16 (TLP) a rōna, joalokaha a tobisitsoe ho Jehova: “Ke tla nahana litaelo tsa hao, ke imamelle litsela tsa hao. Ke thabela ho phetha thato ea hao, nke ke ka lebala lentsoe la hao.”

Jehova Mohlophisi oa Batho ba Hae

5. Jehova e ne e le Moahloli, Monei-molao, le Morena oa Iseraele ka litsela life?

5 Jehova o buile le Moshe Thabeng ea Sinai, a fana ka litaelo tse neng li tla tsamaisa Iseraele. Tse neng li hlahelletse har’a tsona ke Melao e Leshome, e neng e ngotsoe matlapeng ka monoana oa Molimo. (Exoda 20:1-17; 31:18) Ntle ho ho ba Monei-molao oa Iseraele, Jehova e ne e le Moahloli oa bona, a sebetsa ka Moshe le baholo ba bang. Moshe a eletsa baholo ba joalo hore ba hopole hore: “Le se ke la ea ka tšobotsi ea motho likahlolong tsa lōna; hape, le mamele e monyenyane le e moholo; le ke ke la tšaba motho le a mong, hobane kahlolo ke ea Molimo.” (Deuteronoma 1:17) Jehova e ne e boetse e le Morena oa bona, a hlophisa batho bana ba limillione hore ba sebetse litaba tsa bona hamolemo. Ka lebaka la sena sohle, e mong oa baprofeta ba hae hamorao o ne a ka re: “Jehova ke moahloli oa rōna, Jehova ke molaoli oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna.”—Esaia 33:22.

6. Jehova o ipakile joang hore ke Mohlophisi le Motataisi oa Iseraele lefeelleng?

6 Sechaba sa Iseraele se ne se hlophisitsoe ka meloko, malapa le matlo. Ha se ntse se tsamaea lefeelleng, Jehova a abela leloko le leng le le leng sebaka sa lona mokolokong. Ha ba ne ba emisa ho pota-pota tabernakele, moloko o mong le o mong o ne o abetsoe sebaka sa oona. (Numere 2:1-34; Joshua 7:14) Jehova o ne a ba laela ka leru hore ba emise kapa ba tsamaee: “Enere ha leru le phahama, le tloha holim’a tente, bana ba Iseraele ba ne ba tloha; ’me moo leru le neng le ema, bana ba Iseraele ba ne ba emisa teng. Bana ba Iseraele ba ne ba tloha ka taelo ea Jehova, ba ne ba emisa hape ka taelo ea Jehova. Ha leru le ne le ntse le lutse holim’a tabernakele, ba ne ba hlola ba emisitse.”—Numere 9:17, 18.

7. Ke mang ea neng a ka etsa liphetoho tlhophisong ea Iseraele ’me a ile a fela a li etsa?

7 Ha ho ne ho hlokahala hore ho fetoloe tlhophiso, Jehova o ne a e fetola. Moshe a belaela: “’Na ke ’notsi, ke sitoa ho jara sechaba sena kaofela, hobane se nkimela ruri.” Jehova a arabela: “Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao u ba tsebang hoba ke baholo ba sechaba le ba nang le matla holim’a sona; . . . ba tla jara le uena phahlo ea sechaba, ’me ha u sa tla e jara u ’notši.” (Numere 11:14, 16, 17) Eare le hamorao ha sechaba se se se batla morena oa motho, Morena e moholo oa bo-sa-feleng ha aa ka a lahla Iseraele. Morena oa motho o ne a e-na le kopi ea Molao oa Jehova. Baprofeta ba ne ba bolela likahlolo tsa Jehova. Marena a tšepahalang a ne a ntse a sebeletsa e le babusi bakeng sa Molimo ha ba lutse “teroneng ea Jehova.”—1 Likronike 29:23; Deuteronoma 17:18; 2 Marena 17:13; Jeremia 7:25.

Mohlala o Phethahetseng oa ho Latela Litaelo tsa Morena

8. Ke joang, hokae, hona e le ka liphello life Jesu a ileng a bolela ’Muso o tlang oa Jehova?

8 Eare ha Jesu a fihla e le Messia ea tšepisitsoeng, a latela litaelo tsa Ntat’ae oa leholimo ka cheseho e khōlō. Ho tloha ka tšebeletso e matla ea Galilea, “a qala ho ruta, a re: Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse. . . . a ea le Galilea eohle, a ntse a ruta masynagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse oohle le mefokolo eohle e ho batho. ’Me matšoele a maholo a tsoang Galilea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose oane oa Jordane, a mo latela.” (Mattheu 4:17, 23, 25; Johanne 2:17) Ha aa ka a lekanyetsa boboleli ba hae masynagogeng feela. O ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso kae le kae moo ho neng ho e-na le batho ba ka mamelang: tempeleng, mabōpong a leoatle, lithabeng, sebakeng se bulehileng, metseng le metsaneng, le malapeng a batho. Bongata bo ne bo khobokana ho eena, “bo ne bo mo utloa ka thabo.” Bo ‘mo khomarela ba tle ba mo mamele.’—Mareka 12:37; Luka 19:48.

9. Jesu o ile a etsa’ng ho atolosa mosebetsi oa boboleli, ’me a fana ka litaelo life?

9 O ile a hlokomelisa baapostola ba hae hore ho hlokahala basebetsi ba bang hape, kahoo “a roma ba leshome le metso e ’meli bao, a ba laela, a re: Le se ke la ea ho ba-lichaba, ’me le se ke la kena motseng ofe kapa ofe oa ba-Samaria; le mpe le ee linkung tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng. Ha le ntse le tsamaea, le bolele, le re: ’Muso oa maholimo o atametse. Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo; le lule ha hae le be le tlohe. Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona; empa ha e se na tšoanelo, khotso ea lōna e khutlele ho lōna.” (Mattheu 10:5-7, 11-13) Hamorao a roma ba bang ba 70 ka litaelo tse tšoanang, ’me ka hore ba latele litaelo tsena ka hloko ba atleha ’me ba thaba haholo.—Luka 10:1, 17.

10. (a) Hoba Jesu a tsohe, o fane ka thomo efe e eketsehileng, hona ka phello efe? (b) Ke hobane’ng ha ho ile hoa hlokahala hore ho khethoe banna ba itseng, ’me ba ne ba lokela ho finyella litlhokahalo life?

10 Hoba a shoe a be a tsohe, Kreste Jesu a atolosa tšimo ea balateli ba hae, a re ho bona: “Ke neiloe borena bohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:18-20) Ha a nyolohela leholimong, o fane ka taelo e tšoanang: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema, le naheng eohle ea Judea, le ea Samaria, le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Ha barutuoa ba hae ba ntse ba hasa molaetsa oa ’Muso, ba likete ba ikopanya le bona. (Liketso 2:41; 4:4; 5:14; 6:7) Liphutheho tsa hlaha hohle. Balebeli le batlatsi ba tšebeletso ba neng ba finyella litšoaneleho tse ikhethang tsa Mangolo ba khetheloa ho alosa mehlape ena ea banna le basali. Liphutheho tsa atleha ’me tsa eketseha.—1 Timothea 3:2-10, 12, 13; Tite 1:5-9.

11. Lipaki tsa Jehova li hlophisitsoe joang kajeno, ’me ke hobane’ng ha tlhophiso e molemo e hlokahala hona joale?

11 Kajeno ke hoa bohlokoa haholo hore liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li latele mohlala oa Jesu boboleling. Ho etsa joalo hamolemo, li latela kaheho ea tlhophiso e ileng ea theoa mehleng ea baapostola. Re mehleng ea qetello, nakong eo Jesu a profetileng hore mosebetsi oa ho bolela o ne o tla etsoa lefatšeng lohle: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Kamorao ho Ntoa ea 1 ea Lefatše, ba likete tse seng kae ba qala ho bolela Evangeli ena ea ’Muso; hona joale palo ea bona e phahametse kaholimo ho limillione tse tharo! Nako e se e patisane haholo bakeng sa ho latela ka hloko litaelo tsa Morena e moholo oa bo-safeleng, Jehova Molimo le tsa Morena oa marena, Kreste Jesu.

Baholo ba Hloka hore u ba Hlomphe le ho ba Tšehetsa

12. Ho hlokoa eng ho baholo kajeno, ’me tšebeletso ea bona e ka etsoa e thabileng joang?

12 Baholo ba phutheho ba na le karolo e ka sehloohong ho lateleng litaelo tsa Morena. E lokela ho ba mehlala: ‘Alosang mohlape oa Molimo o ho lōna, le o lebele, e seng ka ho qophelloa, e mpe e be ka ho rata; e seng ka baka la moruo o mobe, e mpe e be ka ho rata; e seng ka ho busa mehlape ea lōna ka thata, e mpe e be ka ho etsetsa mohlape mehlala.’ (1 Petrose 5:1-3) Ke mohlape oa Molimo. O nka baholo ba ikarabella, empa ha e mong le e mong a kenya letsoho ka kutlo, mosebetsi oa bona e ka ba o thabisang: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona, hobane bona ba falimehela meea ea lōna, etsoe ba tla e botsoa; ba utloeng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.”—Ba-Heberu 13:17.

13. Ke hobane’ng ha ho lokela hore baholo ba bontšoe tlhompho e fetisisang?

13 Bohle ka phuthehong ba lokela ho hlomphuoa, empa haholo-holo baholo ba sebetsang ka thata: “Baholo ba lisang hantle ba ke ba baloe hoba ba tšoaneloa ke hlompho e fetisisang, haholo ba sebetsang polelong le thutong.” (1 Timothea 5:17; Ba-Roma 12:10) Baholo ba neoa “hlompho e fetisisang” hobane’ng? Ka lebaka la mosebetsi oa bona o motle. Ho ngotsoe ka bona: ‘Moea o halalelang o le beile balebeli ba ’ona, ho alosa kereke ea Molimo.’ (Liketso 20:28) Ba sehla ka thata ho sebeletsa uena le ba bang. Mohlomong ba ka ’na ba lokela ho khalemela batho ba bang ba itseng ha litaelo tsa Morena li hlokomolohuoa kapa li tlōloa—hase mosebetsi o thabisang ’me ke o ka ’nang oa khopisa ba bang. Ho ka ’na hoa hlokahala hore ho fanoe ka keletso ka moaparo kapa ka boitšoaro eaba ha e ratehe. Leha ho le joalo lintho tsena kaofela li etsoa molemong oa boiketlo ba moea ba phutheho. Baholo ba lokela ho hlomphuoa le ho bontšoa tlotla.

14. (a) Ka lebaka la Jakobo 14:2, likahlolo tse entsoeng ke baholo e ka ba tse loketseng joang feela? (b) Ke neng kahlolo e ka nyehlisoang ’me ke neng mohau o ka phahamelang kahlolo?

14 Ka linako tse ling baholo ba tlameha ho sebeletsa komiting ea boahloli le ho ahlola—ka nako e ’ngoe ka likahlolo tse sa rateheng. Kahlolo ee e tsamaisana joang le Jakobo 4:12? E re: “’Mei oa molao o mong, ke eena ea nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; uena u mang, ha u ahlola ba bang?” E, batho ka bomong ha baa tšoanela ho ahlolana. Le hona likahlolo tseo baholo ba li etsang ha lia lokela ho ea ka maikutlo a bona empa li lokela ho ea ka maikutlo a Lentsoe la Jehova. Hlokomela kamoo Morena Josafate a ileng a hlokomelisa baahloli bao a ileng a ba khetha: “Ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova; . . . Le ke le tšabe Jehova ho qala joale, le etse ka kelello, hobane Jehova, Molimo oa rōna, ha a na bokhopo, ha a ee ka tšobotsi ea batho, ’me ha a amohele limpho.” (2 Likronike 19:6, 7) Mokhatlo o hlophisitsoeng o tlameha ho bolokoa o hloekile. Empa baholo ha baa lokela hore e be ba thata, ‘ba otlang.’ Mohau le tšoarelo li ka bontšoa ha tšoabo e le e tebileng ’me pako e le ea ’nete. Joale, ‘mohau o tla ithorisa ka kahlolo, e le o phahametseng kahlolo.’—1 Timothea 3:3; Jakobo 2:13, bona NW Ref. Bi., botlaaseng ba leqephe.

15. Ke litšebeletso life tse etsoang ke baholo tse ba etsang ba tšoaneloang ke tlhompho le tlotla?

15 Kahoo hangata litšoanelo tsa baholo li thata li bile li boima, empa baholo ba hlokomelang boikarabelo bona ka lerato le ka botšepehi e ka ba mohloli oa khatholoho le tšireletso moeeng. “E mong le e mong oa bona o tla ba joale ka tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla, joale ka molatsoana oa metsi naheng e omileng, le joale ka moriti oa lefika le phahameng naheng e nyoriloeng.” (Esaia 32:2) Ke mosireletsi ea mosa le ea lerato—hase monģosi ea thata kapa mokhalemeli ea bohale—ke ea thabisang bohle, ea ithuelang tlhompho le tlotla, ’me o amoheloa ke Jehova.

Le Mamellane

16. (a) Ba bang ba itšoara joang ka liphoso tsa ba bang, ’me ke eng e ka ba etsang hore e se be ba nyatsang haholo e mpe e be ba utloisisang haholoanyane? (b) Jehova o talima bahlanka ba hae ba tšepahalang ba etsang liphoso joang?

16 Hangata mathata a tla hlaha ha batho ba sebetsa hammoho. Liphoso lia etsoa. Ha hona ho etsahala, ba bang ba tšoenyeha haholo. Ba bang ba bile ba sebelisa liphoso tsa ba bang e le lebaka la ho etsa phoso e kholohali—ba khaotsa ho sebeletsa Jehova! Leha ho le joalo, ha ba ka nyakurela liphoso tsa bona joalokaha ba nyakurela tsa ba bang, mohlomong ba tla tlohela ho nyatsa-nyatsa haholo ’me e be ba utloisisang haholoanyane. Moshe o ile a fosa. Ho joalo le ka Davida. Ho joalo le ka Petrose. Ho joalo le ka rōna kaofela. Empa Jehova o ’nile a sebelisa banna bana ba tšepahalang ba boholo-holo, ’me o ntse a re sebelisa. Ka hona, “u mang, ha u ahlola mofo oa e mong? Leha a ka ema, leha a ka oa, ho na le monghali oa hae; athe o tla ema, hobane Molimo o na le matla a ho mo emisa.”—Ba-Roma 14:4.

17. Tabeng ena ea ho etsa liphoso le ho ahlola ba bang, ke lintlha life tse ling tseo re lokelang ho li hopola?

17 A re hopoleng hape hore: Lefatšeng mona, Jehova o sebelisa batho ba sa phethahalang—ke phetho seo a nang le sona hona joale. Ha e le hantle, hona ho etsa hore Jehova a rorisoe. O finyella ho hongata haholo ka ho honyenyane hakana! Mefokolo ea rōna e hōlisa matla a hae: “Mohau oa ka oa u lekana; hobane matla a ka a iphetha mefokolong.” (2 Ba-Korinthe 12:9) Mosebetsi oa bopaki lefatšeng lohle o atleha ka lebaka leo Jehova ka boeena a fanang ka lona: “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!” (Zakaria 4:6) Kahoo a re beng ba tšoarelang liphosong tsa ba bang le ho se phethahaleng hoa bona e le hore re ka tšoareloa tsa rōna. Hopola: “Ha le tšoarela batho litlōlo tsa bona, Ntat’a lōna ea maholimong o tla le tšoarela le lōna.”—Mattheu 6:14, 15.

Ho Hlophisetsoa ho Latela Taelo ea Morena ea ho Bolela

18. Hore liphutheho li tataisoe ka mokhoa o momahaneng boboleling, ho ne ho e-na le tokisetso efe mehleng ea baapostola ’me e le teng mehleng ea rōna?

18 Baapostola le baholo ba neng ba le Jerusalema e ne e le sehlopha se busang se neng se etsa liqeto tse neng li momahanya tsamaiso ea liphutheho tsa pele tsa Bokreste. (Liketso 15:1-31; 16:1-5) Kajeno lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova, “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” li na le Sehlopha se Busang ntlo-khōlō ea tsona e Brooklyn, New York. (Mattheu 24:45-47) Se tsamaisa mosebetsi o moholo oa lefatše lohle oa ho paka ka ’Muso o etsoang hona joale lefatšeng lohle phethahatsong ea taelo ea ho tsebahatsa ka ’Muso oa Jehova. (Mattheu 24:14) Mosebetsi ona o ne o ke ke oa etsoa ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng. Motho ka mong a ke ke a o etsa.

19. Ke mosebetsi ofe oo batho ka bomong ba neng ba ke ke ba o etsa oo Lipaki tsa Jehova li o etsang ka katleho ka ho latela litaelo tsa Morena ka hloko?

19 Ha ho motho le ea mong ’me ha ho lihlopha ka bomong tsa batho ba hasaneng hohle tse sa hlophisoang tse neng li ka bolela ka lipuo tse fetang 190 linaheng tse 205, tsa tsamaisa kamehla lithuto tsa mahae tsa Bibele tse fetang limillione tse peli le kotara, ’me tsa kolobetsa selemo le selemo basebeletsi ba bacha ba litaba tse molemo tsa ’Muso ba ka bang 190 000. Che, ho ile hoa hloka Lipaki tse fetang limillione tse tharo lihora tse ka bang limillione tse makholo a tšeletseng tsa ho bolela ho etsa mosebetsi ona o moholo ka selemo se le seng sa 1985. Li ho entse feela hobane li ne li hlophisitsoe hamolemo liphuthehong tse ka bang 50 000, kaofela li le tlas’a tsamaiso ea Sehlopha se le seng se Busang sa tsona. Ho ntse ho le joalo, ho ne ho ka etsoa feela hobane Sehlopha se Busang, makala a 94, liphutheho tse 50 000 le Lipaki ka bomong tse 3 000 000 li ne li momahane kaofela ho latela litaelo tsa Morena ka hloko.

Na U Sa Hopola?

◻ Jehova o ile a hlophisa sechaba sa lseraele joang?

◻ Jesu o siile mohlala ofe o phethahetseng bakeng sa ho finyella mosebetsi oa ho tsebahatsa ’Muso oa Jehova?

◻ Ke litšebeletso life tse ngata tse etsoang ke baholo tse lokeloang ke hore re ba hlomphe?

◻ Ke hobane’ng ha lihlopha ka bomong kapa batho ka bomong ba ne ba ke ke ba etsa mosebetsi oa ho paka?

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

’Mōpi o kentse litaelo kahare ho liphoofolo hore li pholohe

Batho ba lokela ho ikenya litaelo tsa hore ba pholohe ka ho ithuta litaelo tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela