Keketseho ea ’Muso Naheng ea Babusi
HAEBA u talima ’mapa oa Europe Bohareng, mosikong oa Alps u tla hlokomela naha e nyenyane e lutseng hamonate ea Austria, e koahelang feela sebaka sa lik’hilomithara tse 83 850 ka nģa tsohle. Mona e ne e le habo Johann Strauss, morena oa motjeko oa waltz. Mona batho ba tla ho boha motjeko oa lipere tsa Lippizaner. ’Me mona, ka nako e ’ngoe, e ne e le setsi sa ’Muso o moholo oa Austria-Hungary, o neng o busa Bohemia le Moravia, likarolo tsa Italy, Poland, Romania le Yugoslavia.
’Musohali oo o se o setse likelellong feela kajeno, empa o ne o ntse o le teng ka 1911 ha Charles Taze Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, a chakela Vienna ’me mecha ea litaba ea moo e phatlalatsa puo ea hae a bophara. O ne o boetse o ntse o le teng lilemo tse tharo hamorao ha motho e mong hape e isa litaba tse molemo moo.
Max Freschel e ne e le Mojode eo hamorao a ileng a nka lebitsa Maxwell Friend. O’a ngola: ‘Ha J. F. Rutherford, eo e neng e tla ba mopresedente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, e re etela, mpotsa hore na nka rata ho romeloa Austria-Hungary ho ea jala litaba tse molemo tsa ’Muso oa Messia har’a Bajode ba bangata ba neng ba phela moo. Ka thabo ka amohela memo eo ’me ka ea Prague mathoasong a 1914. Kamor’a moo ka ea Vienna. Ho ne ho le teng babeeletsi ba bane feela ba The Watchtower Vienna. Ka ba chakela nako le nako ho hōlisa thahasello ea bona Lentsoeng la Molimo.’
Leha ho le joalo, hamorao selemong sona seo, mojalefa boreneng ba Austria a fenethoa ’me Europe ea tjebeloa Ntoeng ea I ea Lefatše. Mebuso e Bohareng, ho akarelletsa oa Austria-Hungary, ea hlōloa ntoeng, ’me ’Muso o moholo oa Austria-Hungary oa ranthanngoa. Mesaletseng ea oona, Riphabliki e nyenyane ea batho ba buang Sejeremane ea Austria ea hlaha.
Leha ho le joalo, ho latela boprofeta ba Bibele, “sechaba” se seng se ne se tšoanela ho hlaha ka nako eo, sechaba sa moea se neng se tla ba le litho ho pota lefatše. (Esaia 66:8) Ha “sechaba” sena se qala ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o joale o hlonngoeng har’a lichaba tsohle, tšusumetso ea sona ea utluoa kapele Austria.
Joseph Ehm, tichere ea ’mino Deutsch-Wagram, haufi le Vienna, a utloa molaetsa ’me a hlokomela molumo oa ’nete ea Bibele. Ha ho’a ka hoa nka nako pele a qala ho arolelana litaba tse molemo le ba bang. Selemong se latelang, ka 1921, motho e mong ea thabelang Austria, Franz Ganster, mohlokomeli oa libuka Klagenfurt, a amohela libuka tse tsoang Switzerland. Ka nako eona eo, sehoai sa Upper Austria, Simon Riedler, a fumana bukana ho motsoalle oa hae ea Linz. Ka hona, motheo o monyenyane oa etsoa. Ofisi ea pele ea lekala la Watch Tower Bible and Tract Society Austria ea hlongoa Vienna ka 1923. Peo ea ’nete e ne e oetse mobung o nonneng ’me ea qala ho mela. Ka 1937, ho ne ho na le basebetsi ba 549 ba hasa litaba tse molemo.
Tlokotsi ea Bobeli e Khōlō ea Lefatše
Leha ho le joalo, nakong eona ena makhotla a mang a neng a tla ba le phello e kotsi le a neng a tla boetse a lebisa Austria khubung ea liketsahalo tsa lefatše, a qala ho sebetsa. Ho hloka botsitso hoa lichaba le litlholisano tsa lipolotiki tsa lumella hore ka 1938 tona-khōlō ea Jeremane e tsoaletsoeng Austria, Adolf Hitler, a tlise naha ea habo tlas’a Reich kapa ’muso o moholo o mocha oa Majeremane. Sena sa ananeloa ka likhetho tse akaretsang tsa sechaba ’me sa tšehetsoa ke sehlopha se busang sa moo sa baruti ba K’hatholike. Empa sa tlisa mathata a tobileng ho Lipaki tsa Jehova tse Austria.
Ka lebaka la ho se nke lehlakore hoa tsona, Lipaki tse ngata tsa Austria joale tsa isoa likampong tsa mahloriso. Die Geschichte des Konzentrationslagers Mauthausen (The History of Mauthausen Concentration Camp), e nang le ketella-pele e ngotsoeng ke Franz Jonas, eo e neng e le mopresidente oa Austrian Federal Republic, e re: “Ho ne ho le teng sehlopha sa batho Kampong ea Mahloriso ea Mauthausen ba neng ba hlorisetsoa mabaka a bolumeli feela: litho tsa sehlotšoana sa ‘Liithuti tse Inehetseng tsa Bibele,’ kapa ‘Lipaki tsa Jehova’ . . . Ho hana hoa bona kano ea botšepehi ho Hitler le khanyetso ea bona ho etsa tšebeletso ea sesole ea mofuta ofe kapa ofe—qeto ea tumelo ea bona ka lipolotiki—e bile lebaka la tlhoriso ea bona.”
Keketseho ea Morao-rao
’Muso oa Hitler oa “lilemo tse 1 000” oa nka lilemo tse ’maloa feela, ’me ha o oela, mohlatsoana ona o tšepahalang oa bahlanka ba inehetseng ka ho feletseng ba Molimo oa fumana tokoloho ea oona hape. Alois Moser ea lilemo li mashome a robeli a metso e mene, ea qetileng lilemo likampong tsa mahloriso, o pheta ka tsa letsatsi la tokoloho ea hae ka 1945: “E ne e le ka morung o haufi le Schwerin, Mecklenburg, moo Lipaki tse 230 tse tsoang lichabeng tse leshome li ileng tsa bokana. Re ile ra bontša thabo ea lipelo tsa rōna tse tletseng teboho qetong ena: ‘Rōna bohle Lipaki tsa Jehova re romella litumeliso tsa rōna tse tsoang botebong ba lipelo ho batho ba tšepahalang ba selekane ba Jehova le ho metsoalle ea bona lefatšeng ka bophara . . . Re etsa qeto e tebileng ea hore re na le takatso e le ’ngoe feela, kamor’a ho latsoa letoto le lelelele la bopaki bo sa feleng ba tšireletso e makatsang le topollo mahlomoleng le mahlorisong ’ohle a likete nakong eo re e qetileng ka lemeneng la tau—e leng ho sebeletsa Jehova le Morena oa hae Jesu Kreste ho tloha tebohong e tsoang botebong ba maikutlo ka pelo e labalabelang le e thabileng le ka nako e sa feleng.’”
Selemo se latelang, barorisi ba 730 ba Jehova ba tlaleha tšebetso ea bona. Lilemo tse peli kamor’a moo ho ne ho le teng ba 1 551, ’me keketseho e ’nile ea tsoela pele e sa phetse haesale ho tloha ka nako eo. Mosebetsi oa boboleli har’a basebetsi ba likete li ’maloa ba tsoang linaheng tse fapaneng le oona o beile litholoana. Hona joale Austria e na le lihlopha tsa Bakreste ba buang Sehungary, Senyesemane, Sepolish, Seromania, Spanish, Seturkey le Searabia, ’moho le liphutheho tsa eona tse 229 tsa ba buang Sejeremane le tse 6 tsa ba buang Seserbia le Secroatia. Kajeno, Lipaki tsa Jehova li feta 15 000, empa batho ba bang ba bangata ba hoheloa ke matla a litaba tse molemo. Ka hona, ba 27 502 ba ile ba khobokana ka 1985 bakeng sa sehopotso sa selemo le selemo sa lefu la Jesu Kreste. Ka ’nete, ‘e monyenyane o atile ho isa seketeng.’—Esaia 60:22.
Pontšo ea Bonngoe ba Machaba
Mokhoa oo Austria e lutseng ka oona oa lumella Lipaki tse tsoang Greece, Yugoslavia, Poland, Hungary le Turkey ho tla mona lilemong tse sa tsoa feta bakeng sa ho kopana ho thabisang. Ka 1981 e bile pono e susumetsang ha, Kopanong ea Setereke ea “Botšepehi ’Musong,” Lipaki tsa Austria li ema litulong tsa tsona hammoho le baena ba tsona ba tsoang Yugoslavia, Poland le Hungary ho koala kopano ka pina e thabisang ea thoriso ho Jehova.
Ka 1982 Lipaki tsa Austria tsa boetse tsa fetoha baamoheli ba baena ba tsona ba tsoang Hungary kopanong ea Vienna. Eo e kileng ea e-ba semathi sa Vienna a bolella Lipaki tse khobokaneng hore o ile a ikoetlisetsa litlhōlisano tsa hae hona lebaleng leo la lipapali moo kopano e neng e tšoaretsoe teng, le hore tlhōlisano ea hae ea ho qetela eo a neng a e kenetse e neng e le khahlanong le sehlopha sa Hungary. Hamorao, Paki e tsoang Hungary ea ea ofising ea kopano ’me ea pheta hore le eona e kile ea e-ba semathi. Tlhōlisano ea ho qetela e le semathi e ne e le khahlanong le sehlopha sa Austria. Hona joale Bakreste bana ba babeli ha ba sa hlōlisana. Ba matha hammoho lebelong la Bokreste bakeng sa bophelo bo sa feleng.—Ba-Heberu 12:1.
Keketseho ea ’Muso e Tsoela Pele
Batho ba mehlobo e fapaneng, hammoho le ba lipono tse fapaneng tsa bopolotiki le bolumeli, ba hlokometse hore ha ho le e ’ngoe ea puso ea motho a le mong kapa ea bohatelli kapa ea batho bohle e ka tlisang tharollo e sa feleng mathateng a setho. Tlhokomelo ena e felletse ka khōlo e ntseng e eketseha ka linako tsohle sehlopheng sa bao ba hlokomelang ’Muso oa Molimo e le oa sebele ’me ba inehela ka lipelo tsa bona tsohle ’Musong ona e le bafo ba tšepahalang. Lipaki tsa Jehova tse Austria li tla tsoela pele li leka ka cheseho ho isa litaba tse molemo tsa ’Muso ho batho ba mefuta eohle. Ka nako e tšoanang, naheng ena ea babusi, tsona li eteletsa pele ’muso oo o puso ea oona e molemo e tla “nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:8.
[’Mapa o leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
JEREMANE BOPHIRIMELA
CZECHOSLOVAKIA
AUSTRIA
HUNGARY
YUGOSLAVIA
ITALY
LITHABA TSA ALPS
SWITZERLAND