Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 7/1 leq. 30
  • Merabe e Kopane Afrika Boroa!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Merabe e Kopane Afrika Boroa!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Bokreste ba ’Nete bo Kopanya Merabe Eohle!
    Tsoha!—1988
  • Ho Tšepa Jehova ho Sohle Seo re se Etsang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lenaneo la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso le Tsoela Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 7/1 leq. 30

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Merabe e Kopane Afrika Boroa!

IMBALI ke motse oa ba batšo kantle feela ho Pietermaritzburg, Natal, Afrika Boroa. Ha liphutheho tse peli tsa Imbali tsa Lipaki tsa Jehova li neoa setša, baholo ba liphutheho tsa ba basoeu le ba ’Mala Pietermaritzburg ba potlakela ho kopanela ho lokisetsa kamoo ba ka thusang baena ba bona ba batšo ho haha Holo ea ’Muso kapele kamoo ho ka khonehang. Le hoja mosebetsi oa ho haha o ile oa nka likhoeli tse robong, ha e le hantle-ntle o nkile matsatsi a 48 feela a tšebetso ho o phetha, ao boholo e neng e le Meqebelo.

Ho baahi ba Imbali, ho hahuoa hoa Holo ena ea ’Muso ho bontšitse ntho e ’ngoe eo e tlamehang hore ebe ba ne ba nahana hore e ke ke ea etsahala. Nahana ka Lipaki tse ngata tsa ba basoeu, ba ’Mala le Maindia li tšolohela motseng li tsoa Pietermaritzburg le Durban ’me li sebetsa hammoho le liphutheho tsa ba batšo tsa Maafrika! (Bapisa Sofonia 3:9.) Banna, basali le bana kaofela ba ne ba neheletsana thepa, le ho ja tafoleng e le ’ngoe. Bonngoe bo joalo ba merabe ke mohlolo motseng oa Maafrika, haholo-holo nakong ena ea merusu! Ka sebele, bona ke bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba bonngoeng ba hlokomelanang ka sebele.

Ha a hlalosa ka bonngoe bona, moahelani e mong o itse: “Ho bona ba basoeu, ba batšo, ba ’Mala le Maindia ba sebetsa hammoho ka kutloano hore makalitse. Ha re na phihlelo ea tšebelisano e joalo likerekeng tsa rōna.” Hlooho ea motse oa Imbali, monghali Pakkies o bile teng ha ho khakoloa holo ka la 10 Pulungoana, 1985, ’me a hlalosa ka ho makala hoa hae ka bonngoe le boikemisetso ba Lipaki tse entseng mosebetsi o moholo hakaalo ka botsona. A akaretsa hore na ba ho entse joang ka ho re, “Ho ka etsoa feela ka lerato.” Ke ’nete hakaakang! Hona na Jesu ka boeena ha a ka a re: “Seo bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana”?—Johanne 13:35.

Ha bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho bo atamela ka potlako, Lipaki tsa Jehova Afrika Boroa eohle lia hlokomela hore hoa hlokahala hore ho hahuoe Liholo tsa ’Muso metseng ea ba batšo le libakeng tse kathoko kapele kamoo ho ka khonehang. Holo ea ’Muso ea pele Soweto e khakotsoe ka Hlakola 1985. Tse ling tse ngata li ntse li hahuoa. Ka liphutheho tse 700 tšimong ea ba batšo le Liholo tsa ’Muso tse ka bang 70 tsa bona, ho na le sekheo se seholo se lokelang ho koaloa. Holo ea Imbali e thusitse ho koala sekheo seo. E fane ka sebaka sa batho ba 400, bao, ka ho khatholoha, ba ka amohelang lijo tsa bohlokoa tsa moea tse tekuoeng moo. E, litsing tse joalo tsa thuto ea Bibele, ba ratang ho loka ba ithuta kamoo ba ka pholohang bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ho fumana bophelo tsamaisong e ncha ea Molimo moo merabe eohle ea batho e tla phela ka ho sa feleng e le lelapa le le leng le momahaneng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela