Moepolli oa Lintho tsa Khale ea Ananetseng ’Nete ea Bibele
“MORALO oa ho qetela oa pelaelo leha e le efe ea hore Mangolo a tlile ho rōna hantle kamoo a neng a ngotsoe joale o tlositsoe.” Mantsoe ana a Sir Frederic Kenyon, a qotsitsoeng leqepheng la 289 la buka ea hae The Bible and Archæology (1940), a qotsitsoe leqepheng la 53 la buka ea Mokhatlo oa Watch Tower U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeising Lefatšeng. Ke hobane’ng ha Kenyon a fihletse qeto ee? Ke hobane meqolo e ngotsoeng ka letsoho e ngotsoeng nthong e ngollang e entsoeng ka loli e sibollotsoeng bocha e ne e e-na le nako ea ho ngoloa e haufi haholo le ho qaptjoa ha Mangolo hoo a neng a ka hlalosa nako e lipakeng e le “e sa reng letho.” Leha ho le joalo meqolo ena e bontšitse hore ha ho ho se tšoane hoa bohlokoa ho meqolo ea morao-rao. Hona hoa tiisa “bonnete le botšepehi bo akaretsang” ba meqolo ea moraonyana eo Bibele e fetoletsoeng ho tloha ho eona.
Ho khahlisang, e mong oa Lipaki tsa Jehova o’a ngola mabapi le moepolli enoa ea tummeng oa lintho tsa khale: “Sir Frederic Kenyon o ne a e-na le libuka tse ngata tsa Mokhatlo, hobane ka lilemo ke bile le tokelo ea ho mo siela libuka tse fapa-fapaneng le ho ngollana le eena. Ke tloaelane le eena mathoasong a 1936. . . . Ke buka ea Dr. Kenyon e ileng ea mpea leseling ka tšimoloho ea Bibele. Ka mo ngolla ’me ka mo bolella hoo. Kamorao ho nako ka amohela buka ea hae The Story of the Bible e ngotsoe, ‘Ka litakaletso tse mofuthu haholo tsa mongoli, F. G. Kenyon, la 1 Motšeanong, 1937.’
“Hoba a amohele buka ‘The Truth Shall Make You Free’, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa rōna, a ’ngolla: ‘Sepheo sa lōna se tšoana le sa ka, ho phehella batho ho bala le ho lumela Bibele; empa le ipiletsa ho batho ba bangata haholoanyane. Libuka tsa ka li ngoletsoe haholo-holo ba tšoenyehileng ke seo ba se bolelloang ka se fumanoeng ke bofuputsi ba kajeno le seo bo se sibollang, ha buka ea lōna e bua le babali ba mefuta eohle le ba lihlopha tsohle. Ke le lakaletsa katleho eohle mosebetsing oa lōna.’ . . .
“Ha a ngola mabapi le libuka tse ling hape tse peli tsa Mokhatlo oa rōna, o boetse a bua ka sepheo sa rōna se tšoanang, ‘ho khothalletsa batho ho bala Bibele, le ho e bala ka bohlale,’ ’me a phaella: ‘Ke thabela ho utloa hore libuka tsa lōna li tsamaea ka bophara le linaheng tse ngata.’
“Ka 1948 Sir Frederic a hatisa buka The Bible and Modern Scholarship, ho loantša maikutlo a buka ea Dr. Barnes, Mobishopo oa Birmingham, ea neng a hlalositse likarolo tsa Bibele, ho akarelletsa tse sebetsanang le topollo ka Kreste Jesu, e le ‘tšomo.’ Kenyelletsong ea hae Dr. Kenyon o re: ‘Tlhahlobo e qaqileng ea buka ea mobishopo e nkholisitse hore hase ho beha taba ea se fumanoeng ke boithuto ba morao-rao ka mokhoa o tsoetsoeng pele, empa, ho e-na le hoo, ke ho tsosolosa sekolo sa bofuputsi bo neng bo tloaelehile lilemong tse fetileng tse mashome a supileng, ’me bo hlokomoloha ho finyelletsoeng lilemong tse fetileng tse mashome a mahlano.’ Ka buka ea hae, Kenyon o itse: ‘Kea lumela hore nako e fihlile . . . ea ho tsosolosa tšepo Bibeleng e le tataiso ea ’nete le motheo oa boitšoaro bophelong. . . . Ke na le tšepo feela ea hore [buka ena] e ka ba le thuso e itseng ho ba shebang Bokreste e le eona tšepo feela ea lefatše la rōna le khelohileng, le Bibele e le motheo o tiileng oa tumelo ea Bokreste.’
“Seithuti sena sa Bibele se hlomphuoang ke lefatše, se neng se ngotse ka mosa hakana mabapi le mosebetsi le libuka tsa Lipaki tsa Jehova, e ne e le motho oa moikokobetsi, ea mosa kannete. . . . Ka 1889, hoba e be seithuti se hloahloa sa Oxford, o ile a kena Polokelong ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane e le mothusi Lefapheng la Meqolo e ngotsoeng ka letsoho. Hamorao a phahamisoa hore e be motlatsi oa ’moloki oa meqolo e ngotsoeng ka letsoho ’me ka 1909 Molaoli le Mohlokomeli ea ka Sehloohong oa Polokelo ea Libuka ea Ntlo ea Lintho tsa Khale ea Manyesemane. Karolong ea pele ea boemo boo a bileng ho bona ba tšebetso ka nako e telele, o ne a sebetsana haholo le meqolo e ngotsoeng ka letsoho ea Bibele le ho sibolloa hoa eona; hamorao, a ikarabella joaloka Molaoli oa maeto a khethehileng a ho epolla lintho tsa khale-khale Carchemish le Ure. Hoba a phomole tšebetsong o ile a kenya letsoho ho fumaneng Codex Sinaiticus le ho hatisoa hoa meqolo ea Chester Beatty e thusitseng ho netefatseng Mangolo a Segerike.
“Ha ke qetella, ho loketse ho qotsa bukeng ea hae The Story of the Bible ka mokhoa o latelang: ‘Bibele e na le histori ea batho hammoho le pululelo ea bomolimo. Ke histori e thahasellisang ka ho felletseng, ’me ke eo bohle ba nkang Bibele ea bona e le ea bohlokoa ba lokelang ho e tseba. . . . Ke ho fanang ka tšepo qetellong ho fumana hore phello e akaretsang ea bosibolli bona bohle le boithuto bona bohle ke ho matlafatsa bopaki ba bonnete ba Mangolo le ba kholiseho ea rōna ea hore matsohong a rōna, ka ’nete e tšepahalang, re na le Lentsoe la Molimo la sebele.’”