Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 leq. 19
  • Tsoho ea Jesu Kreste—Hase Tšōmo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsoho ea Jesu Kreste—Hase Tšōmo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoho ea Jesu​—⁠Kamoo e re Amang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • “Kannete Morena o Tsositsoe!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Tsoho ea Jesu—Na Kannete e Etsahetse?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Re Kholisehile Hore Tsoho e Tla ba Teng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 leq. 19

Tsoho ea Jesu Kreste—Hase Tšōmo

NA e be tlaleho ea Bibele ea tsoho ea Jesu e ka ’na ea e-ba ntho feela e entsoeng ka mano? Haufinyane International Herald Tribune e tlalehile ka phuphutso e entsoeng ke sengoli sa Mojode se bitsoang Pinchas Lapide. Qeto ea hae e bile efe? Tsoho e ne e se tšōmo.

Lintho li ngata tse entseng hore Lapide a fihlele qeto ena. Taba ke hore, litlaleho tsa Molaetsa li bolela hore basali ba bararo ba ile ba etela lebitla la Jesu ’me ba bona hore le feela. Empa mehleng ea boholo-holo, basali ba ne ba nkoa e se “batho ba ka fanang ka bopaki ba ’nete,” kamoo ho bolelang tlaleho ea Tribune. Ka sebele, barutuoa ba Jesu ka bobona ha baa ka ba kholoa basali bana! Ke ka lebaka leo e leng ho ke keng hoa etsahala hore e be taba e joalo e ne e ka qaptjoa ka bolotsana.

Lapide o boetse o qotsa liphello tse susumetsang tseo tsoho ea Jesu e bileng le tsona ho barutuoa ba Hae. Ho qala ka sehlopha sa banna ba boi ba neng ba ile ba baleha Jesu ha a tšoaroa, ba fetoha “ka ho panya hoa leihlo ho ba mokhatlo oa basebeletsi ba nang le tšepo, ba kholisehileng ka polokeho.” Tribune e tlaleha tjena ka monahano oa Lapide: “Ha ho pono ea bohata kapa toro e lekaneng ho hlalosa phetoho e matla hakaalo.”

Qetellong, ho teng qoso ea hore barutuoa ba Jesu ba mpile ba utsoa setopo sa hae feela. Ho sena, Mong. Lapide o arabela ka hore: “Na balotsana ba ka itlohella hore ba hlorisoe le ho hlokofatsoa ka lebaka la ntho e se nang ’nete, ho fihlela moo ka thabo ba ka bang ba shoela tumelo?” Ha Mong. Lapide a ntse a sa re o lumela hore Jesu ke Messia, ho hang ha a belaele hore tsebiso ea lengeloi ea lilemo tse fetileng tse likete tse peli e ne e le ’nete: ‘Kreste o tsohile.’—Mattheu 28:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela