Ho Balehela Hoa Bakreste Pella
KA 33 C.E., Jesu Kreste o lemositse balateli ba hae hore ‘ba qale ho balehela lithabeng’ ha ba bona Jerusalema e ‘teetsoe hare ke makhotla a lira.’ (Luka 21:20-24) Empa hantle-ntle ba ile ba balehela hokae? Seithuti sa Lefora sa mekhoa ea Bochabela e bile e le rahistori Joseph Ernest Renan sea arabela: “Sebaka se ileng sa khethoa ke lihlooho tsa phutheho [ea Bokreste] hore se sebeletse e le moo Kereke ea babalehi e ka balehelang teng ka bongata e bile Pella, o mong oa metse ea Dekapolise, o haufi le lebōpo le ka letsohong le letšehali ho Jordane se sebakeng se setle, ka lehlakoreng le leng se okametse lehoatata la Ghor, ’me se boetse se e-na le lilomo tse ling, tseo mosikong oa tsona ho nang le phororo. Ha ho khetho e bohlale e ka beng e entsoe. Judea, Idumea, Berea le Galilea li ne li le bofetoheling; Samaria le lebōpong la eona li ne li ferekane haholo . . . Kahoo Scythopolis le Pella e ne e le metse e sa nkang lehlakore e haufi le Jerusalema. Pella, ka lebaka la ho ba ka mose ho Jordane, e tlameha e be e ne e khutsitse haholo ho feta Scythopolis, e neng e fetohile e ’ngoe ea liqhobosheane tsa Baroma. Pella e ne e le motse o lokolohileng joaloka metse e meng ea Dekapolise . . . Ho balehela moo e ne e le ho bontša pepenene ho se nke lehlakore le bofetoheli ba [Bajode] . . . Ke motseng ona o hananang le Bajode moo kereke ea Jerusalema e ileng ea fumana setšabelo matsoalong a ho pateloa.”