Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 8/15 leq. 32
  • U Khalemela Bana ba Hao Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Khalemela Bana ba Hao Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 8/15 leq. 32

U Khalemela Bana ba Hao Joang?

MOHLOMONG batsoali ba bangata ba tla lumela hore ha ho bonolo. Batsoali ba bang ba bana ba lilemo tse leshome le tse supileng ba pheta kamoo libuka Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona e bileng thuso e khōlō.

Baa ngola: “Ha ho hlokahala hore re khalemele bana ba rōna, re buisana le bona me re lekanyetsa hore na ho bonahala bothata e le bofe, ka mohlala, mohlomong ke ho bontša ho hloka lerato bakeng sa ngoana e monyenyane kapa ho haelloa ke hlompho ho rōna joaloka batsoali. Joale boinotšing ba phaposi ea bona, re ba romela ho ea bala khaolo e loketseng ho e ’ngoe ea libuka tsena tse peli. Hape re ba abela hore ba phetle mangolo a itseng ’me ba a bale.”

Phello ke efe? “Ha ba e-tla ho tla re bolella hore ba qetile me ba loketse hore ba ka buisana ka khaolo le litemana le Ntate kapa ’Mè, phetoho e ba e khōlō hakaakang!” Ka ngoana oa bona ea lilemo li supileng, eo ho bonahalang a rata ho itaela, baa ngola: “Le hoja a ka ’na a tsoa a hoanta ka bohale ho ea phaposing ea hae, o tsoa a bososela ’me a re, ‘Kea bona hore ke ne ke le phoso. ’Me ke ikōpela tšoarelo!’”

Haeba u motsoali kapa u tseba batsoali ba hlokang thuso ea ho khalemela bana ba bona, ke eng ha u sa ba fumanele libuka tsee tse theko e tlaase? Ka sebele e ka ba thuso e khōlō khōlisong ea bana.

Ka kōpo, nthomelleng libuka tse sekoahelo se thata, tse maqephe a 192 Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Bocha ba Hao—ho Fumana se Molemohali ho Bona, poso e lefelletsoe. Ke kentse R3,00.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela