Seboka sa Selemo le Selemo—La 4 Mphalane, 1986
SEBOKA SA SELEMO LE SELEMO sa litho tsa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania ka la 4 Mphalane, 1986, se tla tšoareloa Holong ea Kopano ea Lipaki tsa Jehova, 2932 Kennedy Boulevard, Jersey City, New Jersey. Seboka sa pele e tla ba sa litho feela ka 9:30 a.m., ’me se tla lateloa ke seboka sa akarelletsang ka 10:00 a.m., Moqebelo la 4 Mphalane, 1986.
Ho tla ananeloa haholo haeba litho tsa Mokhatlo ’ona li ka tsebisa Ofisi ea Mongoli ka phetoho leha e le efe e bileng teng nakong ea selemo se fetileng e le hore mangolo a tsebiso le liforomo tsa litho li ka romeloa ho bona kapele kamor’a la 15 Phato.
Liforomo tsa litho, li tla romelloa litho tsa Mokhatlo ’ona hammoho le tsebiso ea seboka sa selemo le selemo, ’me li khutlisetsoe Ofising ea Mongoli oa Mokhatlo e seng kamor’a la 1 Loetse. Setho se seng le se seng se tlameha ho tlatsa foromo eo le ho e romela kapele-pele, se bontše hore na se tla ba teng ka seqo sebokeng seo kapa che. Boitsebiso bo tlatsoang foromong eo bo tobe taba, hobane ho tla itšetlehoa ka bona mabapi le litokisetso tsa ba tla ba teng.
Ho tšepjoa hore lenaneo lohle, ho akarelletsa le seboka sa khoebo le litlaleho, le tla phethoa ka 1:00 p.m. kapa kapele kamor’a moo. Ho ke ke ha e ba le lenaneo la motšehare oa mantsiboea. Ka baka la sebaka se lekanyelitsoeng, ho tla kena ba nang le litikete feela. Ha hoa etsoa litokisetso tsa hore seboka sene sa selemo le selemo se hokanngoe le libaka tse ling ka mela ea lifonofono.