Balaame—Pale Kapa Tšomo?
HO ea ka Buka ea Bibele ea Numere, Balaame mor’a Beore e ne e le moprofeta ea rekoang ka chelete. (Numere likhaolo 22-24) Ha e le hantle, lebitso la hae le hlaha libukeng tse robeli tse fapaneng tsa Bibele, ho kopanyeletsa le mangolo a bangoli ba Bakreste Petrose le Juda. Balaame o phetse lekholong la bo15 B.C.E. karolong e kaholimo ea Khohlo ea Eufrate. O ile a ithekisa ho Balake, morena oa Moabe, ea neng a ’matlela ho rohaka sechaba sa Iseraele. Joale, na Balaame e ne e le motho oa sebele kapa e ne e le motho ea inahaneloang oa Bajode?
Joalokaha ho tlalehiloe ho Biblical Archaeology Review (September/October 1985), baepolli ba mesaletsa ea lintho tsa khale ba ntseng ba sebetsa bohareng ba Khohlo ea Jordane ba fumane bopaki bo matla ba hore ruri Balaame o kile a phela. Ba ne ba epa sebakeng sa Tell Deir Alla, ka leboea ho nōka e tsejoang e le Jabboke ka Bibeleng, ’me ba fumana likotoana tsa lejoe tse nang le mongolo oa boholo-holo oa Semiti. Lilemong tse ’maloa tse fetileng, likotoana tsena tsa ngoloa ka hloko, tsa bokeletsoa, ’me tsa fetoleloa mongolong o utloisisehang.
Mofuputsi oa Lefora André Lemaire o hlalosa hore likotoana li ile tsa isoa libakeng tseo ho hlahlojoang mesebetsi ea khale ho fumantša lilemo tsa eona ’me oa bolela: “Ho ea ka liteko tsena, mongolo o lokela ebe ke oa 800 B.C., lilemo tse ka bang 70 kapa ho feta.” Mongolo o re’ng? Ho ea ka tsosoloso ea Lemaire, litemana li baleha ka likaroloana (mantsoe a ngotsoeng ka masakaneng a ngotsoe bakeng sa mantsoe a haellang):
“1. Mongolo oa [Ba]laame [mor’a Beo]re, monna eo e neng e le senohe sa melimo. Melimo ea Lo, ea tla ho eena bosiu ’me [ea buisana] le eena. 2. Ho ea ka mant[s]oe ana, ’me ea re ho [Balaa]me, mor’a Beore . . . ’me a lla 4. Haholo ’me batho ba hae ba tla ho eena ’me [ba] re ho Balaame, mor’a Beore: ‘Ke hobane’ng ha u itima lijo ’me ke hobane’ng ha u lla?’”
Ka ho hlakileng mantsoe ana a ne a ka baloa ke batho bohle lilemong tse 2 800 tse fetileng, kaha e ne e le karolo ea mantsoe a ngoliloeng leboteng. Le hoja ho na le likheo mongolong, Balaame o boletsoe ka ho hlakileng. Le hoja mongolo ona o ngotsoe lilemong tse 700 kamor’a liketsahalo, Balaame ka ho utloahalang o ile a amoheloa e le motho oa sebele historing hape e le moprofeta.
Mangolo ana a leboteng a atametse haufi-ufi ka makholo a itseng a lilemo le liketsahalo tse hlalositsoeng ka Bibeleng ho feta buka leha e le efe e fumanehang ha joale. Ke sekotoana sa bopaki bo bong bo tlatsetsang ’neteng ea hore Bibele e fana ka tlaleho e tšepahalang ea histori ea boholo-holo.—2 Timothea 3:16, 17.