Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Davida ka boomo a ile a bea moprista e moholo Akimeleke kotsing e lebisitseng lefung la moprista, joalokaha Davida a ipolela ho 1 Samuele 22:22?
Ha e le hantle, 1 Samuele 22:22 ha e bontše hore Davida o tsebile esale pele hore tsela ea hae e tla lebisa lefung la Akimeleke. Temana e re: “Davida a re ho Abiathare [mor’a Akimeleke]: Ke tsebile mohlang oo ha ke bona mo-Edomo Doege a le teng, hobane o tla bolella Saule; ke ’na eo bohle ba ntlo ea ntat’ao [Akimeleke] ba timelitsoeng ka lebaka la hae.”
Davida ha a ne a balehela Morena Saule ea halefileng, o ile a ea Nobe, moo moprista e moholo Akimeleke a neng a le teng. Mohlomong a tšaba hore moprista e moholo o tla ikutloa a tlamehile ho bolella Morena moo Davida a leng teng, Davida ha a ka a hlahisa lebaka le tobileng la ho ba sieo ha hae Jerusalema. Leha ho le joalo, ha hlokomeloa hore o teng Nobe. Mo-Edomo ea bitsoang Doege a bona Davida ’me hamorao a tlaleha sena ho Saule ea halefileng.
Leha ho le joalo, ha ho tlaleho e pakang hore Davida o tsebile esale pele hore Doege o teng moo. “Tsatsing leo, Doege o na a le teng a thibetsoe pel’a Jehova.” (1 Samuele 21:7) Mohlomong, Davida o ne a maketse, ebile a tšohile, hore Doege ea hlokang boitšoaro o ’mone a e-na le Akimeleke. Leha ho le joalo, ho ne ho etsahetse. Davida o ne a ke ke a fetola seo; kapa ho thibela liphello tse tšosang tseo khalefo ea Saule e li tliselitseng moprista e moholo le polao ea baprista ba bang ba bangata, esita le basali, bana, le liphoofolo Nobe.—1 Samuele 22:9-19.
Ho ntse ho hopotsoe sena, hlokomela hape mantsoe a Davida a tšabo ho Abiathare, ea phonyohileng polao e sehlōhō: “Ke tsebile mohlang oo ha ke bona mo-Edomo Doege a le teng. . . .” Re ka utloisisa hore ntlha e ne e le hore, ‘Ke tsebile mohlang oo, hang feela ha ke bona hore Doege o mpone ke na le Akimeleke . . .’ Empa ho ne ho se thuso. Ho sa lebelloa Doege o ne a le teng ’me a bona ha Davida a kopana le moprista e moholo. Ka potlako Davida a qeta ka hore Doege o tla bolella Saule taba. Ke kahoo hamorao Davida a ileng a bolella Abiathare hore o na le boikutlo bo itseng ba molato, le hoja Davida a tlatselitse ka tsela e sa tobang polaong e sehlōhō. Davida a phehella Abiathare ho lula le eena, hobane o ne a tšepile tataiso ea Jehova le tšireletso.—1 Samuele 22:22, 23.
◼ Na ho loketse hore baena ba babeli kapa ba bararo ba thusane qoelisong ea motho nakong ea kolobetso ea Bokreste?
Ka tloaelo ho hlokahala feela mosebeletsi a le mong e motona ho kolobetsa motho.
Le hoja Bibele e sa fane ka melao e ka lateloang mabapi le kolobetso ea Bokreste, re ka ithuta litlalehong tsa Bibele. Kolobetso ea metsing ea Jesu ka ho khethehileng ke mohlala.
Bibele e-ea tlaleha: “Mohlang oo, Jesu a tsoa Galelia, a tla Jordane ho Johanne [Mokolobetsi] ho kolobetsoa ke eena.” (Mattheu 3:13) Hlokomela hore e re “ke eena” e seng ke bona. Litlaleho tsa Evangeli ha li fane ka pontšo ea hore motho o ile a thusa Johanne ho kolobetsa Jesu. Ha e le hantle, ho bonahala ho ne ho se bashebelli kolobetsong eo, hobane ke Johanne feela ea tsebahalitseng Jesu joaloka “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29, 33, 34) Kahoo, kolobetso ea Jesu e beha mohlala oa qoeliso e feletseng ka metsing, empa hape e hlahisa hore mosebeletsi a le mong e motona oa Molimo o lokela ho kolobetsa.
Mohlomong ho ne ho na le paki e le ’ngoe kapa ho feta ha Filipi a kolobetsa leqhalaha la mo-Ethiopia “moo metsi a le teng,” empa Filipi o ne a le mong ha a mo kolobetsa. (Liketso 8:36-39) Ho feta moo, litlaleho tsa Bibele ka likolobetso tse ling ha li bontše hore baena ba babeli kapa ba bararo ba ile ba thusana ho qoelisa motho metsing ebe joale ba ntša moena kapa khaitseli e mocha metsing. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata, ho bonahala hore ho bile le bashebilli, kapa lipaki tsa bakolobetsuoa.
Koana, lilemong tse ngata ho bile le maemo a khethehileng a neng a hloka ho nahaneloa ha ho etsoa likolobetso tse ling. Ka mohlala, haeba metsi a fumanehang e le molatsoana o phallang ka sekhahla le o kotsi bakeng sa polokeho ho ka buelloa hore baena ba babeli ba thusane. Kapa boemo ba ’mele ba mokolobetsuoa, joaloka motho ea holofetseng kapa ea fokolang haholo, bo ka hloka hore baena ba ’maloa ba kolobetse motho eo. Leha ho le joalo, ana ke maemo a sa tloaelehang a lokelang ho sebetsoa ka bohlale. Tloaelo har’a Lipaki tsa Jehova ke hore monna a le mong feela a qoelise mokolobetsuoa.