“Tšireletso ea Bophelo ba ka”
Seo ke se builoeng ke ’meeletsi e mong oa makasine oa Tsoha! Senegal, Afrika Bophirimela. O ngotse:
“Ke ka thabo e khōlō ke balang Tsoha! kamehla ka lebaka la lihlooho tse babatsehang tseo e buang ka tsona, tse tšoanelehang hantle le tse hlokahalang bakeng sa lefatše la rōna la kajeno. Ke beelelitsi ka lilemo tse peli le halofo. Ka lengolo lena ke lakatsa ho leboha bangoli le baphatlalatsi ka tlatsetso ea bona bakeng sa tšireletso ea bophelo ba ka, ’me e seng ba ka feela empa le ba ba bang ba bangata ba khonneng ho hlōla tloaelo ea koae ’me ba sireletsa bophelo ba bona ka ho fumana matla a hlokahalang ka ho bala lihlooho ho Tsoha! Ka kōpo tsoelang pele le lokisetsa boitsebiso ka likotsi tsa koae, kaha ke fumana karolo tse tharo ho tse ’ne tsa bacha ba mpotapotileng e tsuba, e leng ho sa beeng bophelo ba bona le ba ba bang kotsing feela empa ho boetse ho senya chelete ea bona. Ke le leboha bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e balileng makasineng oa lōna.”
Re ikutloa hore le uena, u tla rua molemo ka ho bala Tsoha! Amohela peeletso ea selemo ka ho tlatsa le ho romela setlankane se mona le R3,25 feela.
Ka kōpo nthomelleng peeletso ea selemo ea Tsoha! Ke kentse R3,25 bakeng sa litokollo tse 12 tsa makasine ona (kopi e le ’ngoe ka khoeli).