Keresemese Nako ea Nyakallo ho Batho ba Bochabela
LIFATE tse khōlō tsa Keresemese, mabone a khanyang le liphatlalatso tse ngotsoeng ka litlhaku tse khōlō—li bonoa setsing se seng le se seng sa thekiso le lebenkeleng le leng le le leng le nang le mafapha a sa tšoaneng. Lipina tsa Keresemese li utloahala ka molumo o phahameng ka liholisa-lentsoe, ’me litsebiso li khothalletsa batho hore ba reke haholoanyane. Banna le basali ba apereng liaparo tsa Santa Claus ba nyolosa ba theosa literateng ba fana ka limpho ka mokhoa oa ho hohela bareki. Na pono ee e naheng ea “Bokreste?” Che, e bonoa Japane, moo karolo e ka tlaase ho 1 lekholong ea baahi e ipolelang hore ke Bakreste.
Ka ho tšoanang, sehleke-hlekeng se ahisaneng le seo sa Taiwan, “Bakreste” le bao e seng Bakreste ba keteka Keresemese ka ho fana limpho ha bona ha neano. ’Me metseng ea Machaena ea Malaysia, firecrackers li eketsa ho hong ho hocha menyakeng ea letsatsi la phomolo la “Bokreste.”
Ke hobane’ng ha batho baa ba keteka Keresemese? Na ba lumela Keresemeseng? Kapa ba lumela menyakeng ea Keresemese? Bopaki bo bontša hore “u je, u noe ’me u thabe” ke oona molaetsa oo ba o fumanang ho ketekeng Keresemese. Ba bangata ba sebelisa “Bokreste” ka la 24 le la 25 Tšitoe empa ba ikhutlellela tseleng ea bona—Bobuddha, Boshinto le Botaoise kapa leha e le eng feela—ka le latelang. Leha ho le joalo, e be ho tla joang hore batho ba limelo tse sa tšoaneng hakaalo tsa bolumeli ba nolofalloe ke ho kopanela letsatsing la phomolo la “Bokreste?”
Ha moshemane e monyenyane oa Japane a ne a botsoa hore na o lumela ho Santa Claus kapa che, o ile a arabela, ‘Ke lumela ho Santa hobane o mphile lintho tse ngata tsa ho bapala.’ Karabo ea hae e tšoana le tsa ba bangata ba Bochabela: ‘U be kelello e batsi. U be ea tenyetsehang bolumeling. Haeba ho e-na le hoo u ka ho fumanang ho bona, ho thabele. Empa u bo boloke sebakeng sa bona e le hore bo se ke ba ama litšobotsi tse ling tsa bophelo ba hao.’
Ho nahana ka tsela ena ho bonoa ka ho hlaka phuputsong e ileng ea etsoa ke koranta e ka sehloohong Japane. E ’ngoe ea lipotso tse ileng tsa botsoa e bile hore: “Japane, ho tloaelehile hore motho a le mong a kopanele meketeng e sa tšoaneng ea bolumeli e kang omiyamairi [mokete oa Shinto oa khōlo ea bana], ohigan [tšebeletso ea habeli ka selemo ea Bobuddha ea ho ikhopotsa bafu], le Keresemese. Na u nahana hore hoo ke ho hanyetsehang?” Ke karolo ea 19 feela lekholong e ileng ea arabela ‘hoa hanyetseha.’ Le har’a ba ipolelang hore ke Bakreste, karolo ea 60 lekholong e ile ea ikutloa hore ha ho letho le phoso ka ho keteka mekete ea malumeli a sa tšoaneng.
Monahano ona o fella ka phetoho e ikhethang ea bolumeli—ba bangata ba ipolela hore ke bakhomareli ba malumeli a fetang bo le bong. Ho latela Boemeli ba Litaba tsa Meetlo, kakaretso ea ba khomaretseng lihlopha tsa bolumeli Japane e ne e le 207 080 000 bofelong ba 1982, ha likhakanyo li ne li bontša baahi ba Japane ba ne ba le 118 600 000 feela ka 1982. Hona ho bolela hore bao e leng litho tsa bolumeli Japane e ne e le karolo ea 170 lekholong ea baahi bohle!
Batho ba lumelang ho Molimo o le mong ba ka ’na ba bolela hore, “hase ho ka etsahalang!” Empa ho hloka ’nete ho tšoanang bolumeling ho atile le tseleng eo ba Bophirima ba ketekang Keresemese ka eona. Hoo ho ka ba joalo joang? ’Me haeba ho joalo, na u lokela ho keteka Keresemese?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Kakaretso ea bao e leng litho tsa bolumeli Japane: 207 080 000
Kakaretso ea baahi ba Japane: 118 600 000