Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/15 maq. 15-20
  • Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Rahaba le ba Ntlo ea Hae
  • Jeriko—Nakong eo le Hona Joale
  • Phethahatso ea Kahlolo
  • Mokoenehi oa Hlōleha
  • Ho Ile ha “Boleloa Hore o Lokile ka Mesebetsi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Rahaba—O Ile a Boleloa a Lokile ka Mesebetsi ea Tumelo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Rahaba o Pata Lihloela
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Rahaba o ne a Lumela ho Jehova
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/15 maq. 15-20

Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!

“Jehova, Morena oa rōna, lebitso la hao le bokhabane hakakang lefatšeng lohle.”—PESALEME EA 8:1, 9.

1. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a etsa hore naha e “hlatse” Bakanana?

QETELLONG, ka 1473 B.C.E., Iseraele ea ema lefatšeng la pallo. Empa ka pele ho ne ho sa larile lilemo tse itseng tsa lintoa tsa puso ea Molimo, hobane ba ne ba tlameha ho hleka naha baahi ba eona ba boitšoaro bo hlephileng. Na Bakanana bao ba ne ba hlile ba le babe hakaalo? Ba ne ba le babe ruri! Borapeli ba bona ba litšoantšo le tsela ea boitšoaro bo bobe eo ba neng ba phela ka eona li ne li le manyala mahlong a Jehova ’me li le kotsi ho batho ba Molimo. Kahoo, Molimo oa etsa hore Moshe a tsebise hore o ne o tla sebelisa sechaba sa oona se halalelang, Iseraele, e le moahloli oa oona. Kahoo, Jehova o ne a tla etsa hore naha e “hlatse” lichaba tseo tse silafetseng.—Levitike 18:1-30; Deuteronoma 12:29-32.

2. Ke “litholoana” life tse ’nileng tsa beoa ke litsamaiso tsa lefatše tsa bolumeli?

2 Le kajeno re ka ’na ra botsa potso, Na lefatše lee le lebe hoo le lokelang ho timetsoa? Ho thoe’ng ka litsamaiso tsa bolumeli tsa lefatše? Ka masoabi, tsena li sitoa ho hlompha ’Mōpi, Jehova Molimo. Batho ba Bokreste-’mōtoana ba mo hlobohile, “seliba sa metsi a kollang, ’me ba icheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.” (Jeremia 2:13) Litumelo tsa bona tsa lihlotšoana tsa bokhelohi ha li na “metsi” a ’nete. Ba iponahalitse hore ke karolo ea lefatše ka ho tšehetsa lintoa le lipolotiki tsa lona le ka ho thooletsa boitšoaro bo bobe ba lona ba botona le botšehali. Joalokaha Jesu a boletse, ba tla lemohuoa ka ho “bea ha bona.”—Mattheu 7:16, 17; bapisa Ba-Galata 6:7, 8.

3. Phello ea hore lefatše le tlōle molao oa Molimo e bile efe?

3 Ho thoe’ng ka boitšoaro ba lefatše? Lilemong tsa morao tjena, ho ntšoa ha limpa, kemaro ea bana ba tlaase lilemong, le malapa a qhalaneng, li eketsehile, ka ho hlokomelehang linaheng tseo ho thoeng ke tsa Bokreste. Linaheng tse ling, hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong ea manyalo ’ohle a fella ka tlhalano. “Maikutlo a fetohileng ka botona le botšehali” a bo-1960 a bile le liphello tse ling tse senyang. E ’ngoe ea tsona e ile ea qotsoa ho The New York Times ea la 13 Phuptjane, 1986, tlas’a sehlooho se seholo se ka pele: “HO LEBELLETSOE KEKETSEHO E IMENNENG HALESHOME EA MAFU A AIDS KA ’91.” Sehlooho sa bontša hore ka 1991, palo ea bakuli ba AIDS (lefu le sitisang ’mele oa motho ho itšireletsa mafung) United States feela e ka ’na ea feta 100 000, ka keketseho ea selemo le selemo ea litšenyehelo tsa meriana e ka fihlang ho liranta tse limillione tse likete tse 40. Lefu lena le bolaeang le neeletsanoa haholo-holo ka ho jana maotoana, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le ka litšelo tsa mali—tseo kaofela ha tsona e leng tlōlo ea molao oa Molimo.—1 Ba-Korinthe 6:9, 10; Ba-Galata 5:19-21; Liketso 15:19, 20.

4. (a) Ntoa ea rōna e fapana joang le ea Iseraele mehleng ea Joshua? (b) Re lokela ho tloaelana le batho ba lefatše ho fella kae, hona hobane’ng?

4 Mehleng ea Joshua, Jehova o ile a romela sechaba sa Hae se halalelang hore se hloekise Lefatše la Pallo ka lintoa tsa sebele. Kajeno, ntoa ea rōna ke ea moea. (2 Ba-Korinthe 10:3, 4) Rōna Lipaki ha re nke bohato bo mabifi ho tlosa ba hlokomolohang Lentsoe la Molimo. Jehova o tla ba tlosa ka nako ea hae e tšoanelang le ka tsela ea hae. (Deuteronoma 32:41, 43) Ha re kenye batho ba se nang mekhoa setsoalleng sa rōna se haufi, le hoja re ka bontša lerato la ’nete ka ho ba tsebisa litaba tse molemo tsa ’Muso. (1 Ba-Korinthe 15:33) Re ka ithuta Lentsoe la Molimo le bona le ho ba khothaletsa ho ‘baka le ho sokoloha e le hore ba ka hlakoleloa libe tsa bona.’—Liketso 3:19; Mattheu 21:31, 32; Luka 5:27-32.

Rahaba le ba Ntlo ea Hae

5, 6. (a) Ke hobane’ng ha lihloela li ile tsa ea Jeriko le tlung ea Rahaba? (b) Kajeno, Jehova o ’nile a araba mehoo ea thuso joang? (c) Rahaba o iponahalitse joang hore ke ‘motsoalle oa khotso’?

5 Le pele Iseraele e tšela Nōka ea Jordane, Jehova o ile a hlokomelisa ka motse oa Jeriko. Joshua a roma lihloela tse peli, tse emelang Iseraele eohle, ’me a re ho tsona: “E-eang le lekole lefatše la Jeriko.” Ho lekoloa Jeriko ka mabaka afe? Le hoja motse o ne o le monyenyane ’me kahoo e se letho bakeng sa lebotho la Iseraele, e ne e le oona o qalong ea Kanana. Kamoo lintho li bileng kateng, ho fihla ha lihloela Jeriko ha nea ba bang moo monyetla oa ho itsebahatsa ka ho hlakileng hore ke ba emelang Jehova kapa ba khahlanong le eena. ‘Eaba [lihloela] li ea ea, ’me tsa kena tlung ea mosali oa sehlola, bitso la hae e le Rahaba, tsa robala teng.’ (Joshua 2:1-7) Ha ho pelaelo hore tataiso ea bomolimo e ile ea lebisa banna bao tlung ea Rahaba, joalokaha tataiso ea mangeloi kajeno e atisa ho lebisa Lipaki tsa Jehova ho batho ba rapellang thuso ea moea! “Mahlo a Jehova a ntse a talimile ba lokileng, litsebe tsa hae li bulehetse mehoo ea bona.”—Pesaleme ea 34:15; bona le 2 Likronike 16:9.

6 Ke hobane’ng ha lihloela tseo li ne li ka kena tlung ea seotsoa? E seng ka merero ea boitšoaro bo bobe empa mohlomong ho timeletsa Bakanana ba shebeletseng mehlala. Mantsoe a Rahaba ho lihloela a ile a supa hore ha a na thahasello ea boitšoaro bo bobe ho tsona. A tseba hore ke bahlanka ba Jehova, o ne a ka li bolella takatso ea hae e matla ea ho fetoha morapeli oa Jehova. O bile a bea bophelo ba hae kotsing ka ho li pata marulelong a ntlo ea hae. O ne a tšoana le “linku” tsa setšoantšo sa Jesu, tse bontšang mosa ho “baena” ba Morena. (Mattheu 25:31-46) Ha Lipaki tsa Jehova li ntse li etsa ka bohlale kajeno, ha li tsila-tsile ho etela le ho ithuta Bibele le ‘metsoalle e joalo ea khotso’ e thahasellang.—Luka 10:5-7.

7. (a) Rahaba o bonahalitse tumelo ea hae ho Jehova joang? (b) Ba bacha ba lokela ho bontša boikutlo bofe kajeno, hona ba lokela ho itšoara joang?

7 Rahaba o ne a tsebile ka liketso tse matla tsa Jehova. O ne a ka bolela tumelo ho lihloela tse ipatileng, a re: “Kea tseba hobane Jehova o le neile lefatše, ’me letsoso la lōna le re oetse holimo, ’me bohle ba ahileng lefatšeng lena ba tepeletse pel’a lōna.” Hoba a phete seo a se utloileng ka liketso tse matla tsa Jehova, Rahaba a tsoela pele: “Jehova, Molimo oa lōna, ke Molimo holimo leholimong, le tlase lefatšeng. Joale, ha le ke le ntlhapanyetse ka Jehova hore, joale ka ha ke le entse hantle, le lōna le tla etsa ntlo ea ntate hantle. Le ’nee pontšo ea ’nete.” (Joshua 2:9-13) Joaloka Rahaba, ba bacha ba ithutang ’nete ea Molimo kajeno ha ho sa hlokahala hore ba ikutloe ba tšaba ka lebaka la kahlolo e tla phethahatsoa ka “letsatsi la Jehova.” (Sofonia 1:14-18) Ho e-na le hoo, ba furalla litsela tsa lefatše ’me ba batla thuso ea Lipaki tsa Jehova hore ba fumane poloko.—Pesaleme ea 3:6-8; Liproverbia 18:10.

8. (a) Ho leketlisa ha Rahaba ‘khoele ea lesika le lefubelu’ fenstereng ea hae ho tšoantšetsa eng? (b) Ke hobane’ng ha Rahaba a ile a boleloa a lokile, hona e le ka phello efe?

8 Pontšo eo lihloela li ileng tsa e fa Rahaba e ne e le ea ‘khoele ea lesika le lefubelu’ eo a neng a tla e tlamella fenstereng eo lihloela li balehileng ka eona. (Joshua 2:17-21) Ka hore Rahaba a bontše pontšo ena, ntlo ea hae e ne e tla bolokoa ha Jeriko e timetsoa. Ka ho tšoanang kajeno, ba bontšang tumelo joaloka Rahaba ba tsebahatsoa bakeng sa topollo e le barapeli ba ineetseng le ba kolobelitsoeng ba Jehova. Tšenolo 7:9, 10, 14 e ba hlalosa e le “bongata bo boholo ba batho” bo ‘hlatsoitseng liaparo tse telele tsa bona bo li soeufalitse maling a Konyana.’ Bo lumela maling a sehlabelo a Jesu ’me bo ho tšehetsa ka mesebetsi ea Bokreste. (Ba-Roma 10:9, 10) Ho Jakobo 2:24, 25 rea bala: “Ke moo le bonang hobane motho o beoa ea lokileng ke mesebetsi ea hae, e seng ke tumelo e ’notši. Na le eena Rahaba, mosali oa moetsalibe, ha a ka a beoa ea lokileng ke mesebetsi, mohla a amohelang lihloela, ’me a li khutlisa ka tsela esele na?”

9. (a) “Mesebetsi” ea Rahaba e ne e entsoe ka’ng? (b) Ho paka ntle ho tšabo ho felletse ka eng kajeno?

9 “Mesebetsi” ea Rahaba e ne e akarelletsa ho sireletsa lihloela tse peli le ho bokella ba bang ka tlung ea hae bakeng sa poloko. Ka tsela e tšoanang, “bongata bo boholo ba batho” ba mehleng ea kajeno bo tšoarehile ka ho tšehetsa ka botšepehi “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ea tlotsitsoeng ha sehlopha sena se fana ka ‘lijo tsa moea ka nako ea teng’ ’me se laola mosebetsi oa lefatše lohle oa ho bolela ka ’Muso. (Mattheu 24:45-47) Karolong ea hae, Rahaba o ne a sa tšabe ho pakela ntlo ea ntat’ae—mosebetsi o neng o tletse kotsi, hobane o ne a ka ’na a ekoa. (Bapisa Mattheu 10:32-36.) Ka ho tšoanang, linaheng tse ngata moo khanyetso e leng teng kajeno, Lipaki tsa Jehova li tlameha ho hloka tšabo ha li fana ka bopaki. Hona ho felletse ka pokello e khōlō, ’me hangata malapa kaofela a ’nile a tloha Babilona e Moholo ho emela borapeli bo hloekileng ba Jehova.—Pesaleme ea 73:28; 107:21, 22.

Jeriko—Nakong eo le Hona Joale

10. Jeriko e ne e lokela ho neoa tlhokomelo efe e khethehileng?

10 A re shebeng liketsahalo tsena tsa bohlokoa ka lehlakoreng le leng. “Motse oa Jeriko o no o koetsoe, o hahelelitsoe ke ho tšaba bana ba Iseraele, ho no ho se motho ea tsoang, leha e le ea kenang.” Ona e ne e le motse oa pele oa Bakanana o neng o tla oela lerumong la kahlolo la Jehova. Ka lebaka leo, joaloka lilopotsiea tse neng li neeloa ho Molimo, o ne o lokela ho fumana tlhokomelo e khethehileng. Joshua a hlalosa: “Motse o tla etsoa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho oona.”—Joshua 6:1, 17; bapisa Exoda 22:29; Levitike 27:26.

11. (a) Ke ho tšoana hofe ho ikhethang hoo re ho hlokomelang kajeno? (b) Bolela mohlala oa “letsoso” la Babilona e Moholo.

11 Hona ho lumellana hantle hakaakang le Babilona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata e fihlileng sehlohlolong sa bokhopo ba eona lekholong lena la bo20 la lilemo le maqaphaqapha a mali! E lekile ho koala likhoro tsa eona khahlanong le hore Lipaki tsa Jehova li ka kena-kenana le eona. Ka mantsoe a Rahaba, “letsoso” la batho ba Molimo le e oetse holimo. Ka mohlala, koranta ea Setaliana La Repubblica ea la 12 Pulungoana, 1985, e ne e e-na le sehlooho “MOHOO OA TŠABO O TSOANG LIKEREKENG KHAHLANONG LE LIPAKI TSA JEHOVA.” Sehlooho sa tlaleha ka seboka, seo mok’hadinale oa Roma e K’hatholike a neng a kopanetse ho sona, se neng se tšoaretsoe Bologna ho thulana le ‘tšokelo’ ea Lipaki tsa Jehova. Mopapa a romela mohala oa ho khothatsa le ho tšehetsa. Mohoo o ile oa utloahala: “Li se li nyeunya lefatšeng lohle,” ’me ha boleloa hore “joale kereke e tla iketsa khokanyan’a-phiri” ho thulana le “kotsi” ena. Empa na e tla atleha?—Jeremia 1:17-19.

12. (a) Khopolo ea Babilona e moholo ka “molimo” e fapana joang le ’nete? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a tla loanela lipaki tsa hae?

12 Babilona e Moholo e amohela melimo e mengata-ngata e ferekanyang, e qalang ka Boraro-bo-bong ba mohlolo ba Bokreste-’motoana ho ea melimong e limillione ea malumeli a Bochabela. Pele Moshe a roma Joshua, o ne a itse: “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” Kajeno, Lipaki tsa Jehova li ema li ’notši ho phahamiseng ‘Ntate a le mong le Molimo o ’notši’ ona. (Deuteronoma 6:4; Ba-Efese 4:6) Jehova o tla re loanela joalokaha a ile a etsa mehleng ea Joshua le baeta-pele ba bang ba tšepahalang Iseraeleng.—2 Likronike 20:15, 17; 32:7, 8; Esaia 54:17.

Phethahatso ea Kahlolo

13. (a) Ke liketsahalo life tse ileng tsa isa ho thibelloeng ha Jeriko? (b) Ke ho tšoana hofe hoo re ho hlokomelang kajeno?

13 Joshua o ile a lokisetsa ka ho phethahetseng bakeng sa ho futuheloa ha Jeriko. Banna ba neng ba hōletse lefeelleng ba bolotsoa. Hona ha tšoantšetsa ho lahla ha bona sohle se neng se ka ’na sa sitisa boineelo ba pelo eohle ho Jehova. (Deuteronoma 10:16; 30:5, 6) Paseka ea boetse ea bolokoa hape. Batho ba qala ho matlafatsoa ka lijo tse beoang ke naha ha manna e fanoeng ka mohlolo e emisa ho ba teng. Ho feta moo, “molaoli oa makhotla a Jehova,” ntle ho pelaelo e le Logos ea phetseng pele e e-ba motho oa nama, a itlhahisa ho Joshua, a mo khothatsa. ’Me Joshua ka boikokobetso a amohela boteng ba Eo. Ho sena sohle, re ka hlokomela ho tšoana phihlelong ea lipaki tsa kajeno tsa Jehova ha li ineetse mosebetsing o teng. Lijo tsa rōna tsa moea li fetohile tse sa tšoaneng haholoanyane le tse enneng haholoanyane ho seo li se jereng ha “mohlanka ea khabane, ea bohlale” a tsoetse pele tlas’a boeta-pele ba Morena Jesu Kreste.—Joshua 5:1-15.

14. Jehova o laela mekhoa efe ea ho loana bakeng sa ho thibelloa ha Jeriko?

14 Joale ak’u talime ntoeng. Ka sebele Jehova o tlisitse mekhoa e sa tloaelehang ea ho loana! Hang ka letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a tšeletseng, baprista ba Iseraele ba potoloha Jeriko, ba jere Areka, e tšoantšetsang boteng ba Jehova. Ba etelletsoe pele ke baprista ba supileng ba letsang literompeta tse tlerolang, ka masole a Iseraele a le ka pele le ka morao ho bona. Empa ka letsatsi la bosupa ba tsoha e sa le ‘hosasa ha mafube a hlaha,’ ’me ba pota motse ka makhetlo a supileng. Bajeriko bao ba tlameha ho thothomela hakaakang!—Joshua 6:2-15.

15. Ke ho tšoana hofe ho bonoang mosebetsing oa Lipaki tsa Jehova kajeno?

15 Re fumana ho tšoana ho tsotehang ha sena ho seo Lipaki tsa Jehova li se etsang kajeno lefatšeng ka bophara. Haufinyane, ho bile le keketseho e hlokomelehang ea mosebetsi oa rōna oa ’Muso. Ka lilemo tse hlano ho fihlela ka 1985, bo-pula-maliboho ba ile ba eketseha ka karolo ea 134 lekholong. Lebotho la bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba bang ba tšepahalang ba ’Muso le tsoha e sa le “hosasa,” hangata e le ka kutloisiso ea sebele, ’me le kopanela ka cheseho ho bolela likahlolo tsa Jehova. Ho baeta-pele ba malumeli a Bokreste-’mōtoana, Lipaki tsena li bonahala e le “sechaba se seholo, se matla.” Baruti baa “tlakasela” ha ba lemoha kamoo ho boleloa ha ’nete ho etsang hore batho ba bangata ba lipelo li tšepehang ba ba tlohele ’me ba emele Jehova.—Joele 2:1-3, 6.

16. (a) Ke mehlolo efe e tšoaeang ho oa ha Jeriko? (b) Tumelo ea Rahaba e putsoa joang?

16 Qetellong Joshua o laela batho: “Hlabang litlatse, hobane Jehova o le neetse motse.” Ho utloahala mokhosi o moholo oa ntoa. Lefatše lea reketla ’me—mohlolo oa mehlolo—marako a Jeriko a oa putla. Baiseraele ka kutlo ba potlakela ho ea timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang motseng. Ba o chesa ka mollo. Empa bonang! Karolo e le ’ngoe e nyenyane ea lerako le ka ntle e sa ntsane e eme, ’me fenstereng ea eona ho na le khoele ea lesika le lefubelu. Rahaba le ntlo ea ntata’e ba ntšoa ba sa tsoa kotsi. Ka nako ea teng, tumelo ea Rahaba e putsoa hape ka hore o fetoha mosali oa Moiseraele Salmone ’me e ba e mong oa bo-nkhon’oa Jesu Kreste.—Joshua 6:16-26; Mattheu 1:5.

17. Mehlolo ee e tšoantšetsa eng?

17 “Jehova a ’na a ba le Joshua, ’me a tuma lefatšeng lohle.” Ka mokhoa o tšoanang, lebitso le bokhabane la Jehova le tla tumisoa ha Babilona e Moholo e senngoa le ho hlakoloa matlotlo a eona le khanya ea eona ha ho qaleha ‘mahlomola a maholo.’—Joshua 6:27; Tšenolo 17:16; 18:9, 10, 15-17; Mattheu 24:21, 22.

Mokoenehi oa Hlōleha

18. (a) Ke hobane’ng ha ‘batho ba ile ba tepella lipelo’? (b) Joshua o ile a itšoara joang tlokotsing eo?

18 Nakoana kamor’a tlhōlo e khōlō Jeriko, ha etsahala ntho e makatsang. Lebotho le hlaselang leo Joshua a ileng a le roma ho ea liha motse o haufi oa Ai le ile la hlōloa habohlasoa. “Ebile sechaba se nyahama lipelo, tsa e-ba joale ka metsi.” Joshua ea ferekaneng a hooa ka thapelo: “Oho, Morena Jehova . . . u tla etsa’ng ka lebitso la hao le leholo?”—Joshua 7:2-9.

19, 20. (a) Jehova o ile a senola booatla ba Akane joang, hona e le ka khothatso efe ho Joshua? (b) Ke ho tšoana hofe ha kajeno ho ka hlokomeloang?

19 Jehova joale a senolela Joshua hore ho entsoe “manyala” Iseraeleng. Akane oa leloko la Juda a tsebahatsoa e le motlōli oa molao. Thepeng e hapiloeng Jeriko o ne a utsoitse seaparo “se setle” sa Babilona, hammoho le gauda le silevera. Jehova a “ferekanya” Akane, ’me eena le lelapa la hae ba tlepetsoa ka majoe. Joale ba chesoa ka mollo le matlotlo a bona. E le bopaki ba ho qetela ba phethahatso ea kahlolo eo ea Jehova, ha bokelloa qubu e khōlō ea majoe holim’a Akane, ’me sebaka seo sa bitsoa “sekhutlo sa Akore,” lebitso le bolelang “Pherekanyo; Khathatso.” Hape, Jehova a re ho Joshua: “Se tšohe, ’me u se ke ua tepella.” Lebitso la Jehova le ile la phahamisoa ka hore Joshua ha ho mohla a kileng a hlōloa hape ntoeng.—Joshua 7:10–8:1.

20 Na kajeno ho na le ho tšoanang le sebe sa Akane? E, ho teng. Moapostola Pauluse o lemositse ka “liphiri tse bohale” tse neng li tla hlokomoloha taolo ea puso ea Molimo ’me li phehelle tsela ea tsona ea boikhabi. Ho tloha ka 1919, nako le nako ba meharo joalo ba ’nile ba hlaha har’a batho ba Molimo. Mohlala oa haufi tjena, bohareng ba bo-1970 baholo ba bang ba tsebahalang ba ile ba tletleba. E ne e le ho ba “theolang” ho paka ka ntlo le ntlo, ba bolela molaetsa oa ’Muso ba etsisa mohlala oa baapostola ba Jesu. (Liketso 5:42; 20:20, 21, 29, 30) Ho bona ho ne ho bonahala ho le molemo ho khutlela lithutong tsa Bobabilona. Ka bomenemene ba leka ho hlahisa lipelaelo ka ‘mehla ea qetello’ le ho liehisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. (2 Petrose 3:3, 4) Qetellong, ba ile ba tlameha ho khaoloa.—2 Johanne 10, 11; bapisa Ba-Filippi 1:15-17; Ba-Heberu 6:4-8.

21. (a) Ke eng e bonahalang e bile lebaka le leng la ho theoha qetellong ea bo-1970? (b) Ke eng eo e ka ’nang eaba e thusitse ho ‘potlakisa’ mosebetsi ho tloha nakong eo?

21 Molula-Qhooa oa la 15 Pherekhong, 1980, oa tsoa o sa tsila-tsile ho bontša motheo oa Mangolo oa tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo le bohlokoa ba eona. Lipaki tse tšepahalang tsa kena ka matla ho bo-1980! Ho bonahala boteng ba palo e nyenyane ea bakoenehi bo ne bo tlatselitse ho theoheng ha mosebetsi oa Jehova lilemong tse hlano tsa ho qetela tsa bo-1970—ha karolelano ea keketseho ea selemo le selemo ea Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo e theohela ka tlaase ho karolelano ea 1 lekholong. Leha ho le joalo, keketseho ea selemo le selemo lilemong tse hlano tse fetileng e fihlile karolelanong e ka holimo ho karolo ea 6 lekholong. Baboleli ba ’Muso ba fihlile tlhorong ea lefatše ka bophara ea 3 024 131 ka 1985, ha ho bapisoa le 2 179 256 ka 1975. Jehova o tsoela pele ho ‘potlakisa’ mosebetsi oa hae!—Esaia 54:2, 3; 60:22.

22. Ha re sheba ho ea pele ka bukeng ea Joshua, re tlameha ho ananela eng ka lebitso la Jehova?

22 Kannete, lebitso la Jehova le fetohile le khabane lefatšeng lohle! Empa joalokaha re tla bona hona joale, o re ‘bolella’ ho ho ngatanyana ka buka ea Joshua.—Esaia 42:8, 9.

Bukeng ea Joshua—

◻ Kajeno re fumana lefatše le le boemong bofe?

◻ Re ithuta eng ka tlaleho e buang ka Rahaba?

◻ Re fumana eng e tšoanang le tšebetso ea rōna e nyolohileng?

◻ Ho oa ha Jeriko ho tšoantšetsa eng?

◻ Tsela eo sebe sa Akane se ileng sa sebetsoa ka eona e bontša eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela