Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 12/15 leq. 26
  • Ho Ipolela ha Mojesuite

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ipolela ha Mojesuite
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Jesu o Tsoetsoe ka la 25 Tšitoe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1983
  • Jesu o Hlahile Neng?
    Tsoha!—2008
  • Letsatsi la Tsoalo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na ke Liphathi Tsohle Tse Thabisang Molimo?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 12/15 leq. 26

Ho Ipolela ha Mojesuite

BA BANGATA kajeno ba sa ntsane ba lumela hore la 25 Tšitoe ke letsatsi le halalelang, letsatsi leo Jesu a tsoetsoeng ka lona. Leha ho le joalo, ’nete ea hore ke khale baeta-pele ba bolumeli ba tseba tlhaloso ea letsatsi lena e bontšoa ke se latelang se qotsitsoeng bukeng ea Urbanus Holzmeister, seithuti sa Mojesuite:

“Kajeno ho tloaelehile ho lumela hore ketsahalo ea ho keteka letsatsi la la 25 Tšitoe e ne e le mokete oo bahetene ba neng ba o keteka ka letsatsi lena. Petavius [seithuti sa Lefora sa Mojesuite, 1583-1652] o ne a se a hlokometse hantle hore ka la 25 Tšitoe ho ne ho ketekoa ‘ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng.’

“Lipaki tsa mokete ona ke: (a) Calendar ea Furius Dionysius Filocalus, e qapiloeng ka selemo sa 354 [C.E.], eo ho hlokomelehang sena ho eona: ‘la 25 Tšitoe, L(etsatsi la ho tsoaloa) ha (Letsatsi) le sa hlōloeng.’ (b) almanaka ea molepi oa linaleli Antiochus (e qapiloeng hoo e ka bang ka 200 [C.E.]): ‘Khoeli ea Tšitoe . . . 25 . . . Letsatsi la ho tsoaloa ha Letsatsi; khanya ea motšehare ea eketseha.’ (c) Sesare Julian [Julian Mokoenehi, ’musisi oa Roma 361-363 C.E.] o ile a khothalletsa lipapali tse neng li sebelisoa bofelong ba selemo tlotlisong ea letsatsi, le neng le bitsoa ‘letsatsi le sa hlōloeng.’”—Chronologia vitae Christi (Kemiso ea nako ea bophelo ba Kreste), Pontificium Institutum Biblicum, Roma, 1933, leqephe 46.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela