Na Jesu o Tsoetsoe ka la 25 Tšitoe?
MOHLOMONG batho ba bangata ba lumela hore ho joalo. Bopaki bo supa eng?
Ke eng ha u sa ithute ka taba ea “Keresemese” bukeng ea tsebo e fumanoeng ka lipatlisiso? Ho bonolo hore e ka supa tšimoloho ea Keresemese, le hore na letsatsi la la 25 Tšitoe le ile la khethoa joang e le letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu. Selemo le selemo lingoliloeng tse ngata li bua ka taba ena. Litlhaloso tse latelang li tsoa limakasineng tse hatisitsoeng ngohola-kola ka Tšitoe.
Frontier, buka ea Lifofane tsa Frontier, e ile ea hlokomela: “Ho Bakreste ba pele, matsatsi a tsoalo e ne e le mokhoa oa bohetene. Ho keteka letsatsi la motho la tsoalo e ne e se ntho e nahanoang, re se re sa re letho ka letsatsi la ho tsoaloa ha Kreste. E ne e le nyeliso ho nahana le ka hore Boleng ba Bomolimo bo na le letsatsi leo bo tsoetsoeng ka lona.
“Lilemong tse latelang tse 300 boikutlo bona ba qala ho fetoha, ’me ka 354 A.D., Mobishopo oa Roma a bolela hore la 25 Tšitoe ke letsatsi la ho ikhopotsa ho tsoaloa ha Kreste.”
These Times, buka ea Masabbatha, e-ea hlokomela: “Nakoana pele ho fihla Bokreste, la 25 Tšitoe e ne e le nako ea mokete oa bohetene . . . Morena Aurelian (A.D. 270-275) a potlakela ho hapella borapeli ba bohetene ba letsatsi ’me, ka selemo sa A.D. 274, a bolela ka molao hore la 25 Tsitoe ke letsatsi la ho tsoaloa ha Letsatsi le sa Hloloeng ke Letho . . . Ka A.D. 354, lilemo tse peli kamorao ho ho fela ha puso ea Mohalaleli Julius, mobishopo e mocha oa Roma, Liberius, a laela batho bohle ba hae hore ba keteke la 25 Tšitoe e le letsatsi le nepahetseng la ho tsoaloa ha Kreste.”
E, la 25 Tšitoe la nkuoa e le letsatsi la ho tsoaloa ha Jesu le nkiloe meketeng ea bohetene, joalokaha U.S. Catholic e hlalosa: “Mokete o ratehang haholo oa Baroma e ne e le Saturnalia, o neng o qala ka la 17 Tšitoe ’me o felella ka ‘ho tsoaloa ha letsatsi le sa hlōloeng ke letho’ (Natalis solis invicti) ka la 25 Tšitoe. Kae-kae karolong e qetellang ea lekholo la bone la lilemo, baholo ba kereke ea Roma ba tsebang hantle ba rera hore la 25 Tšitoe e ka ba letsatsi le letle haholo la ho keteka ho tsoaloa ha ‘letsatsi la ho loka.’ Eaba ke ho tsoaloa ha Keresemese.” Taba e tsoela pele: “Ho thata ho arohanya Keresemese le tšimoloho ea eona ea bohetene.”
Ha re ithuta linnete tsena ka Keresemese, ba bang ba ile ba angoa joang? The World Book Encyclopedia e hlokomela sena tlas’a “Keresemese”: “Ka bo-1600 ka lebaka la maikutlo ana, Keresemese ea thibeloa ka molao England le likarolong tsa eona tsa likoloni tsa Manyesemane tse Amerika.”
Ka baka leo, ha se ho ka makatsang hore Bakreste ba nang le tsebo ea litaba kajeno ha ba keteke Keresemese.