Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Botšepehi bo Tlisa Thoriso ho Jehova
JEHOVA o batla hore bahlanka ba hae e be ba nang le ’nete, ba lokileng le ba tšepahalang. Ka mohlala, Moshe o ile a eletsoa hore bao a ba khethang e le balebeli e be “banna ba bohlale har’a sechaba, ba tšabang Molimo, banna ba sebele, ba ilang bokhonatha.” (Exoda 18:21) Joaloka banna bao ba khethiloeng, Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara li tsejoa ka hore lia tšepahala, joalokaha phihlelo e latelang e bontša.
◻ Paki e ’ngoe e sebetsang ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Ghana ka phoso molefi oa banka o ile a e fa [R8 250] ho feta eo a neng a lokela ho e fumana. Phoso ena ha e-ea ka ea hlokomeloa ke molefi kapa moena ka nako eo. Leha ho le joalo, ha moena a fihla hae, a bona hore o filoe chelete e ngata ’me ka potlako a khutlela bankeng ka chelete eo. Molefi, ha a bona moena, a hoeletsa: “Ke enoa! Kannete o khutlile! David, motho oa hao o khutlisitse chelete!” Chelete ea khutlisetsoa ho molefi. David, e mong oa Lipaki tsa Jehova ea sebetsang hona bankeng eo, o ile a tiisetsa molefi le ba bang ba tsebang ka phoso ena hore chelete eo e tla khutlisoa hang ha moena a fumana phoso eo.
Tlaleho e re: “Ha sena sohle se tsoela pele, mahlo ’ohle” a ne a le ho baena bana ba babeli. Ea khutlisitseng chelete a hlalosa: “Ke ne nke ke ka boloka chelete ena ka letsoalo le letle ka pel’a Molimo oa ka, Jehova.” Ketsahalo ena ea phaella tlhomphong eo ba boholong bankeng eo ba seng ba ntse ba e-na le eona ho Mokhatlo oa Watch Tower.
Botšepehi bo hlahisa tlhompho, haholo-holo lefatšeng le sa tšepahaleng hakana. Moena enoa o ne a tseba hore o ikarabella ho ea ka holimo ho motho, Jehova Molimo. Botšepehi bo joalo bo tlisa thoriso ho Jehova, kaha ke “Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo.”—Deuteronoma 32:4.
◻ Ho tšepahala le ho boloka letsoalo le letle ho Molimo li boetse li hlokomeloa phihlelong ea mohlankana e mong oa Thailand. O ne a entse peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! ’me o ne a qala ho sebelisa keletso ea Bibele eo a e fumanang likoranteng tsena. E ne e le mookameli oa bahlokomeli ba libuka tsa lichelete femeng eo a neng a e sebeletsa, ’me letsoalo la hae la qala ho mo khathatsa, kaha e ne e le tloaelo ho likhoebo tse ngata ho boloka lihlopha tse peli tsa libuka e le hore ba ka qoba lekhetho. Ha a atamela mookameli oa feme ka taba ena, mookameli a mo tšeha feela. ’Me ha hlaha sehlooho se seng ho e ’ngoe ea limakasine se hatisang hore botšepehi boa hlokahala. Ka letsoalo le tšoenyehileng, mohlokomeli enoa oa libuka tsa lichelete a rapela Jehova hore a mo thuse ho lokisa taba ena ea lekhetho le mookameli oa hae. Ho ne ho ameha chelete e ngata haholo. Hoseng ka le hlahlamang a kōpa mookameli hore a mo lumelle ho lefa makhetho a lokeloang ho lefshoa, ’me ho makaleng ha hae, mookameli a lumela ntle le ho mo etsetsa khang e tsoelang pele.
Hona joale monna enoa o thabile kaha o phela bophelo bo tšepahalang ka pel’a Molimo le motho. Tsela e joalo e bohlale e boetse e thabisa Jehova, hobane joalokaha Liproverbia 27:11 e bolela: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.”
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
“Ke ne nke ke ka boloka chelete ena ka letsoalo le letle”