Letsatsi Calcutta—Ho Fihla ho ‘Batho ba Mefuta Eohle’ Ka Litaba tse Molemo
CALCUTTA, India, ke motse oa litletle o phetheselang ka ‘batho ba mefuta eohle.’ Har’a baahi ba eona ba fetang limillione tse leshome, Lipaki tsa Jehova li tšoarehile ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho hlokahala masene a mangata le mamello e ngata ho fihla ho batho bana kaofela ka limelo tsa bona tse sa tšoaneng tsa morabe, boemo bophelong, meetlo, bolumeli le moruo. Empa joaloka moapostola oa Mokreste Pauluse, eo maeto a hae a boromuoa a neng a mo isa lipheletsong tsa lefatše la nako eo, Lipaki tsa Jehova Calcutta le tsona li “ikentse ntho tsohle ho bohle” e le hore mohlomong li ka ‘pholosa ba bang.’—1 Ba-Korinthe 9:22; Ba-Kolosse 1:23.
Lipaki tsa moo li etsa mosebetsi oa tsona oa ho bolela joang, ’me tšebeletsong ea tsona li teana le batho ba mofuta ofe le ba maemo afe? Haufinyane, ke le moeti, ke ile ka qeta letsatsi Calcutta le pula-maliboho, kapa ’moleli oa nako e tletseng. Na u ka lakatsa hore heli phihlelong eo e ikhethang?
Tšimo e Khōlō le e Ikhethang
Mantsiboea letsatsing leo la ho phathahana le le thabisang la ho bolela ka ntlo le ntlo, ’na le motsoalle oa ka re ne re loketse ho ea hae. Ha re ntse re emetse bese, ra qala ho buisana ka liphephetso tseo eena le bo-pula-maliboho ba bang ba talimaneng le tsona motseng ona oa litletle.
A arabela, “Botsa mang kapa mang ea mosebetsing oa ho bolela oa nako e tletseng mona hore na e be o lakatsa ho fallela kabelong e ’ngoe e bonolonyana. Ha ke bone eka a ka ho thahasella.”
O ne a nepile. Bo-pula-maliboho ba Calcutta ba talima mosebetsi oa bona e le o mong oa mesebetsi e meng e thahasellisang ka ho fetisisa lefatšeng. Ba na le tšimo e khōlō le e ikhethang motseng ona oa litletle oa lintho tse ngata tse sa tšoaneng.
Le hoja bolumeli ba Hindu bo rena motseng ona, likereke le matlo a thapelo a Masolomone li ngata, ’me motho o fumana litempele tse seng kae tsa Buddha mona le mane. Libakeng tse ling, matlong a mang a maholohali a boemo ho lula ba bang ba baruihali ba lefatše. Sebakana ho tloha moo ke litakana tsa basebetsi ba tlohang libakeng tse ka ntle ba ka lebellang ho lefuoa moputsonyana oa 150 rupees (hoo e ka bang R27) ka khoeli. Meetlo ea bona, puo ea bona le ponahalo ea bona, li fapane joalokaha malumeli a bona le maemo a bona a bophelo.
Har’a tsena tsohle ho hōla ka katleho phutheho ea Lipaki tsa Jehova e nang le baboleli ba mafolo-folo ba ’Muso ba ka bang lekholo. Le hoja phephetso e le matla, Lipaki li fumana thabo le khotsofalo tse khethehileng ke ho khona ho tenyetseha le maemo e le hore li ka arabela litlhoko tsa batho.
Ka eona nako eo, Bese No. 45 ea fihla ea ema ka ho kherehla ka pel’a rōna. E ne e tletse hoo boikutlo ba ka ba kapele e bileng hore: “Ha ke kholoe hore ke tla khona ho kena!” Ka sutumetsoa ka botsoalle ’me ka pele ka bobeli ba rōna ra be re le ka hare ho bese ka baka la ho khannoa ke ba tlang ka morao. Bonyane batho ba bang ba leshome ba ile ba kena hoba re kene. Ba ne ba eme moo ho kenoang le teng, ba leketlile monyako joaloka linotši. Ka hare ho koloi, e lokiselitsoeng hore ho lule batho ba 46, ke ile ka bala lihlooho tse fetang lekholo pele ke tlohela ho bala hore ke tsoelepele ho qoqa le motsoalle oa ka.
“Na libese li ba tjee ka mehla?”
A hlalosa, “Hangata li tlala ho feta-feta mona, empa ha li lefelloe haboima, e leng ho bolelang hore re ka khona ho palama [lik’hilomithara tse 10 ho ea ho tse 15] letsatsi le leng le le leng ho ea likarolong tse hojana tsa motse ho ea bolela.”
“Na ho ke ke ha e-ba molemo ho sebetsa haufi le hae hangata haholoanyane?”
“E, empa ba bang ho rōna basebetsi ba nako e tletseng re entse qeto ea hore re etse boiteko ba ho fihla ho batho ba libakeng tse ling. Litlaleho tsa rōna li bontša hore libaka tse ngata tse pota-potileng Calcutta e sa le li eteloa ka litaba tse molemo bonyane lilemong tse fetileng tse 50!”
Empa leha ho le joalo ho fihla ho e mong le e mong sebakeng se itseng ke phephetso ea sebele ka lebaka la bongata bo boholo ba batho. Ka nako e ’ngoe phuputso e kile ea bontša hore palo ea baahi ba Calcutta ka nako eo e ne e ka feta ea baahi ba motse oa New York ka makhetlo a mararo, ’me palo eo e eketsehile lilemong tsa morao tjena.
Bonyane karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea batho ba Calcutta e phela litakaneng tse bitsoang bustees moo. Li-bustee tsa sebele ke letoto la litakana tseo hangata li arotsoeng ke sebaka sa ha u otlolla letsoho. Ntloana e ’ngoe le e ’ngoe ea teng ea liloa fatše, ’me mabota ke a lithupa tse pharuoeng ka mobu o tsoakuoeng le bolokoe, hona hohle ho ruletsoe ka mopharo oa letsopa. Setakana se seng le se seng, se e-na le lesobana le lenyenyane kapa le le sieo ho hang, ke moo ho robalang batho ba bangata hoo e ka bang ba supileng kapa ba robeli. Hangata ho na le pompo e le ’ngoe e hlonngoeng tseleng bakeng sa batho ba bang le ba bang ba ka bang 150, ’me litakaneng tsa khale, ’muso o ahile matloana a boithuso a ’maloa bakeng sa motse.
Ha motho a qala ho etela setakana, ho tloaelehile hore letšoele la batho ba ka bang lekholo, boholo e le bana ba itlaletseng bohele-hele, le tsamaee le uena. Paki e ’ngoe, e batla e khopehile ke mocha ea neng a phehelletse ho phatlalatsa e sa le pele ka boeti ba eona lapeng le leng le le leng, e ile ea kōpa mohlankanyana enoa hore na le eena a ka rata hore a tsoele pele ka puo. Eare ha ho bonahala hore eka oa mengoa, mocha ea nang le botho bo botle, a nka pampitšana ho Paki ’me a fana ka puo a etsisa lentsoe le leng le le leng, a bile a nehelana ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Ho Sebetsana le Limelo tse sa Tšoaneng tsa Bolumeli
Hoo e ka bang halofong ea li-bustee tsa motse ho lula balateli ba Islam. Leha ho le joalo, boikutlo ba mamello bo teng motseng oo, bo nolofatsa ho bolela ka ntlo le ntlo libakeng tse joalo, tokelo e sa thabeloeng hangata linaheng tse ling moo ho nang le metse e meholo ea Masolomane. Ke ile ka botsa hore na e be bo-pula-maliboho ba Calcutta ba na le katamelo e khethehileng ho batho ba bolumeli bona.
Motsoalle oa ka a arabela, “Ba bang ba sebelisa mathata a sebaka sena ho phahamisa ho hlōleha ha motho ho rarolla malimabe a hae, ha ba bang ba leka ho hlōla khethollo ea bolumeli ka ho bua ka lintlha tse tloaelehileng, tse kang ho lumela ho Molimo o le mong (e seng boraro-bo-bong) kapa tumelo ea rōna e tloaelehileng ea hore Bibele ea pele e ne e bululetsoe ke Molimo.”
Ka botsa, “E be phello e ba efe?”
“Ke ba seng bakae feela ba thahasellang hoo ba ka batlang thuto ea Bibele. Ho phela le ho ntlafatsa boemo ba bona bophelong ho bonahala e le tsona lintho feela tse likelellong tsa bona. Hoo, hammoho le thuto e nyenyane, haeba e le teng, ho ba thatafaletsa ho amohela litaba tse molemo haholo.”
Motseng ona ho thulanoa hangata le maikutlo a Mahindu. Batho ba Bengali haholo-holo, ba rata ho qotsa polelo ea Ramakrishna, ea phetseng a ba a bolela bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo. “Jotto moth, totto poth,” ha e fetoleloa ka mokhoa o lokolohileng haholo, e bolela hore, malumeli a mefuta eohle e mpa e le feela litsela tse fapaneng tse isang pakaneng e le ’ngoe.
Ka botsa, “Na ho thata ho hlōla ntlha ee?”
“E seng ha motho a rata ho bea mabaka. Ka bohlale re ka hlalosa ho se tšoane ho totobetseng, ho kang tšepo ea rōna e theiloeng Bibeleng ea ho phela ka ho sa feleng phethehong ea botho lefatšeng. Kapa re ka supa hore ha ho bonolo hore maikutlo a hananang e be ’nete ka nako e tšoanang. Ka mohlala, hore ho na le moea o shoang kapa o sa shoeng.”
“Hoo ke lebaka le utloahalang.”
“E, empa hangata batho ba hana ho nka ka botebo seo re se buang. Ba tiisa hore ba tseba seo re se lumelang le hore ba lumela ntho e tšoanang. Boikutlo bona bo sekamela ho thibela puisano leha e le efe e hahang. Ka hona re leka ho ba siela lingoliloeng tse itseng e be re ea ho motho ea latelang.”
“Na ho na le ba bang har’a batho ba Mahindu ba batlang kutloisiso e tebileng haholoanyane ka Molimo le merero ea oona?”
Motsoalle oa ka a pheta, “E, bo-pula-maliboho ba bang ba ile ba teana le mohlankana ea neng a nyahame ke ho kopanela ha hae le balateli ba Ramakrishna. O ile a amohela limakasine ’me o ne a se a li balile nakong ea ha a eteloa hape matsatsi a mararo hamorao. Kamor’a lipuisano tse ngata, a qala ho ithuta ka bukana The Path of Divine Truth Leading to Liberation. O ne a ee a ngole likarabelo le litlhaloso tsa hae tsa lipotso tsa ho ithuta bukeng ea ho ngolla. Ka likhoeli tse hlano feela, mohlankana enoa o ne a kolobelitsoe ’me a sebeletsa e le pula-maliboho ea thusang e le hore a ka arolelana tsebo ea hae le ba bang ba bangata.”
“Eo ke phihlelo e monate! Empa lelapa labo le ile la itšoara joang?”
“O ne a phela le ’m’ae oa mohlolohali le nkhon’oae, ka bobeli e le Mahindu a ineetseng. Le bona, ba qala ho bontša thahasello ’me ba qala ho ithuta Bibele. Kapele baahelani ba hlokomela phetoho basaling bana, ka baka leo ba bang ba bararo ba thahasella. ’Mè enoa o se a kolobelitsoe hona joale ’me nkhono ea batlang a lieha ho tšoara ka lebaka la lilemo tsa hae tse 70, o na le tšepo ea ho kolobetsoa haufinyane.”
Thabong ea motsoalle oa ka ha a pheta pale ena, ke ne ke bona hore liphihlelo tse joalo ke khothatso ea sebele ho bo-pula-maliboho. Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala tsoelopele e le nyenyane, empa joale motho e mong o ba le thahasello e khethehileng. Ka hona bo-pula-maliboho ba khothaletsoa ho tsoela pele ho batla ba bang ba ka ’nang ba thahasella.
Ho Tlōla Mekoallo ea Puo
Letšoele le ka beseng le ne le qala ho khoehla, ’me ka qala ho utloa mantsoe a itseng a Senyesemane. Monna e mokhutšoaane, ea sa aparang seaparo, ea neng a tšoere chelete ea lipampiri e mebala-bala ’me a khoaetse mokotlana oa letlalo oa chelete e leoana a bontša hore ke motsamaisi, o ne a hoeletsa, “Ticket, apnar ticket.” Ka ithaopela ho lefa, empa motsoalle oa ka ka botsoalle ba hae ba India ba ho amohela batho a hana ho utloa. A lahlela mokotlana oa hae oa libuka letsohong ho ’na ’me a phopholetsa ka pokothong ea hae ea hempe hore a fumane chelete e leoana.
Ka khotsa: “E ka ba ke eng eo u e kentseng ka moo? Boima bo ka mona e tlameha e be ke tone!”
“E, Libibele tsa puo ea Seindia li batla li le kholoanyane. Ho hlomella hantle mona Calcutta, ho hlokahala hore re nke Libibele tsa lipuo tse tharo—Sebengali, Sehindi le Senyesemane—hammoho le lingoliloeng tsa Bibele.”
“Ka sebele u ne u ka nka Bibele ea Senyesemane eaba u fetolela litemana.”
“Ke nahana hore re ka ’na ra etsa joalo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba balang Sebengali feela kapa Sehindi feela ha ho mohla ba kileng ba bona Bibele e feletseng ka lipuo tsa habo bona. Re thaba haholo haeba re ka ba bontša eona ’me ra ba balla ho eona. Boiteko le boima tse eketsehileng lia tšoaneleha.”
Ho tenyetseha le litlhoko tsa lihlopha tse fapa-fapaneng tsa lipuo mona ho boloka bo-pula-maliboho ba tšoarehile. Boholo ba bona ba ithuta hore ba pake hamolemo ka lipuo tse khōlō tse tharo. Ba bohlale ka ho ikhethang ba ithutile ho bua lipuo tse hlano kapa tse tšeletseng. Batho ba moo ba ananela boiteko ba baeti ha ba leka ho bua le bona ka maleme a libaka tsa habo bona, ’me karabelo ea bona e hlokolosi e ka ba moputso o lekaneng lihora tse telele tsa ho ithuta puo.
Ho Fumana Thabo Tšimong e Phephetsang
Hoo e ka bang ka nako eo bese ea rōna ea boetse ea kherehla ho ema ka mariki ao e leng khale e felile, ’me ka fohlisoa hore ke tsoe.
Ka botsa, “Re theoha moo hobane’ng? Mona hase moo u lulang teng.”
“Che, ke tikolohong ea Punjabi. Batho bana ba etsa tee e monate ka ho fetisisa. Ke ile ka nahana hore mohlomong u ka rata ho noa kopi e le ’ngoe.”
Tee e ne e le monate haholo.
Ka botsa, “U tsebile sebaka see joang?”
“Ka lebaka la ho sebetsa sebaka se seng le se seng, rōna bo-pula-maliboho re tseba lintho tse khethehileng tsa sebaka ka seng, le hore na mabenkele a molemohali le a theko e tlaase haholo a hokae. Haeba moholu oa hao o le matla ka ho lekaneng, re ka ea ’me ra leka tse ling tsa lijo tse monate haholo mantsiboeeng ana.”
Ka lebaka la ho hopola keletso ea metsoalle e meng ea ka e seli haholoanyane, ka hana memo. Empa ka thabela tee eo. Ke ne ke bona hore bo-pula-maliboho ba leka-lekane ’me ba ithutile ho sebelisa maemo a bona hamolemohali. Le lintho tseo qalehong ho bonahalang e le litšitiso li ka hlōloa ’me tsa thabeloa.
Qetellong ka botsa, “Na ho na le ntho e ’ngoe eo u sa e thabelang mosebetsing oa hao?”
Motsoalle oa ka a naha-nahana potso ena ka nakoana. “Ke nahana hore lehlabula le boemo ba leholimo ba monsoon ke tse ling tsa lintho tseo ho seng mohla re tla ke re li tloaele. Empa, boo ke bothata boo u nang le bona ho sa tsotellehe hore na u pula-maliboho kapa che. Mocheso le mongobo li phahama hoo hangata mofufutso o rothang nkong ho rothela Bibeleng ea hao ha u ntse u bala. Le teng, re ithuta ho ho mamella. E, le ka Motšeanong, mohlomong khoeli e chesang ka ho fetisa ea selemo, re bona palo e phahameng ka ho fetisisa ea bo-pula-maliboho ba thusang e ikopanya le rōna mosebetsing oa boboleli.”
Ha ke hetla morao letsatsing la puisano ea ka le motsoalle oa ka oa pula-maliboho, ke khahliloe ke bohlale ba bo-pula-maliboho ba Calcutta ba hore ba tenyetsehe le maemo a mangata hakana a sa tšoaneng le batho e le hore ba ka fihla ho bona ka litaba tse molemo. Ha e le hantle, kea hlokomela hore bo-pula-maliboho lefatšeng lohle ba etsa ho tšoanang. Ka sebele ba thabetse ho ba ‘ntho tsohle ho batho ba mefuta eohle.’—Tlatsetso.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 26]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
INDIA
Calcutta