Thoriso ho Molimo, Mohloli oa Bophelo le Khōlo
Kamoo ho boletseng Eduard Warter
MAHLO a sheba ka thabo mokoloko oa lithaba tse khōlō tse nang le likhohlo tse tebileng, le tse tšesaane tseo ho tsona ho phallang linōka mona le mane. Melatsoana e phalla mangopeng, e nosetsa lirapa, masimo a merara, le masimo a leng mahoatateng a beang. Empa na motho ea bohileng o nahana ka Mohloli oa bophelo’ ea etsang hore khōlo e joalo e be teng, ea tšoaneloang ke thoriso?—Pesaleme ea 36:9.
Naha ena e lithaba-thaba e chabeloang hamonate ke letsatsi e Rephabliking ea Kirghiz—rephalibiki e tsebahalang ea Soviet Asia Bohareng. Baahi ba likete-kete ba Soviet bao e leng Majeremane ka tlhaho ba lula mona. Lelapa la heso le lona le kile la lula ka nakoana sebakeng sena se beang, ’me re ne re tsota Molimo o etsang hore khōlo e tsotehang e be teng. E, re ne re o rorisa ’me re bua phatlalatsa ho ba bang ka liketso tsa oona tse khōlō.
Ho Mamela Mohloli oa Bophelo
Ha ke ne ke tsoaloa ka 1901, batsoali ba ka ba ne ba lula Memelland (eo hajoale e leng Klaipėda), ka nako eo e ne e le karolo ea Prussia e ka Bochabela, lebopong la Baltic, lik’hilomethara tse ka bang leshome ho tloha moeling oa Russia. Ha ke ne ke ntse ke kena sekolo, ntoa ea pele ea lefatše ea qhoma, ’me re bile lipaki tse boneng ka mahlo matšabeho a polao e khōlō. Rōna batho ba neng ba lula moeling oa Jeremane re ne re le likamanong tse ntle le baahisani ba rōna ba Russia ’me re ipotsa: ‘Ke phoso ea mang? Molimo o lehlakoreng la bo-mang?’ Leha ho le joalo, sekolong mapetjo a kang “Bakeng sa Molimo, ’Musisi, le Naha” a fuluoa boikutlo ba ho rata naha le ho e shoela.
Hamorao, kamor’a ntoa, ka hlōloa ke tšusumetso ena, ’me ka ithaopela mosebetsi oa ho lebela moeling ’me hamorao ka kenela Lebotho la Jeremane Königsberg, eo hajoale e leng Kaliningrad. Mona ka fihlela qeto ea hore lesole le tloaelehileng ke motho feela, ea leng tlas’a taolo ea ba bang. Kapelenyana kamor’a hore Lithuania e hape Memelland ka Pherekhong 1923, ’mè a ’ngolla: “U ne u sa lokela ho ea ntoeng, joaloka ha molao oa bohlano o re, ‘U se ke ua bolaea.’ Liithuti tsa Bibele [Lipaki tsa Jehova] ha li ee ntoeng.” Ke ne ke maketse. Liithuti tsee tsa Bibele ke bo-mang? Ha ke le nakong ea phomolo hae, ka ithuta ka linnete tsa bona tsa motheo. Li bile le phello e matla ho ’na—tsela eo ke shebang bolumeli le lipolotiki ka eona ea fetoha haholo.
Joale ka ithuta hore bofelo ba tsamaiso ea joale e khopo ea lintho bo haufi, bo hleka tsela bakeng sa ’Muso oa Molimo. Hobane’ng ke senya nako e ngata ho thusa Jeremane ho tsoha hape? Ka ntle ho tšenyo ea nako ka etsa litokisetso tsa ho tlohela mosebetsi ona, ’me ka khutlela toropong ea heso ho ithuta ho eketsehileng ka linnete tsena. Kolobetso e ile ea latela ka 1924, ’me ntho e le ’ngoe eo ke neng ke e utloisisa ka ho hlakileng ke ena: Bohato bona bo bolela ho sebeletsa Molimo e seng feela ho fihlela ka nako e itseng empa ka ho sa feleng boemong bofe kapa bofe. Pelo ea ka e ne e tletse thabo. Tokelo e phahameng e neiloeng rōna batho ba fokolang—ho sebeletsa Ea Phahameng le ho isa molaetsa oa hae bathong—e ne e fuoe ’na.
Ke ne ke ikemiselitse ho ipaka ke tšoaneleha. Re ne re e-na le libaka tse khōlō tsa mapolasi tse nang le matlo a qalikaneng le matlo a mapolasi ao re neng re lokela ho a koahela. Kahoo, ka Lisontaha ho ne ho sa makatse ha re tsamaea lihora tse 10 ho ea ho tse 12 re etela batho ka molaetsa. Balumeli ’moho le rōna ba neng ba e-na le matlo a maholo ba ne ba re bulela ’ona bakeng sa liboka tsa Bokreste. Ho ne ho se leeto le lelelele, kapa boemo ba leholimo bo sefefo bo neng bo le bobe haholo ho re etsa hore re se tle libokeng tsena tsa bohlokoa. Li ne li re matlafatsa bakeng sa linako tsa liteko tse ka pele.
Ho Mo Rorisa le ka Tlas’a Maemo a Mabe
Mosebetsi oa ’Muso oa qala ho hōla linaheng tsa Baltic, ’me oa oela ka tlas’a taolo ea Ofisi ea Europa Leboea ea Mokhatlo oa Watch Tower Denmark. Ka 1928, ka nyala, ’me ’na le mosali oa ka Ruth ra kopanela le Phutheho ea Hydekrug. Ha baena ba rōna ba mamella hloriso e khopo Nazi Jeremane, re ne re bolokiloe ho eona—ho fihlela ka 1939. Hoseng ha la 22 Tlhakubele ha hasoa litabeng: “Memelland e lokolloe! Führer o’a tla!”
Molumo oa lifofane tse tletseng tšokelo ea ntoa oa utloahala litsebeng tsa rōna hoseng kaofela. Taolo ea Hitler e qalile. Letsatsi le latelang matlo ’ohle a Lipaki tsa Jehova a ile a phenyekolloa, ’me Lipaki tse ling tsa kenngoa teronkong. Re ile ra amohuoa lingoliloeng tsa rōna, le Libibele, ’me tsa chesoa phatlalatsa ’marakeng. Haufinyana litšebeletso tsa rōna li ile tsa thibeloa ’me ra qala ho sebetsa ka sekhukhu, ho hasa lingoliloeng le ho etela batho ba thabelang.
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, ke ile ka bitsetsoa mosebetsing oa bosole. Ke ile ka phehella ho ea, ’me Lekhotla la Molao la Sesole la Reich Berlin la nkahlolela lefu ka la 10 ’Mesa, 1940. Mosali oa ka o ile a latoa lapeng hore a tl’o mphehella hore ke kenele bosole. Le eena, a lula a sa sisinyehe ’me a ikhapela tlhompho ea moofisiri ea tsofetseng, ea itseng: “Kea lumela hore, boikutlo ba lōna bo nepahetse. Ntoa ke bobatana.” Mosali oa ka o ne a siuoa a se na ea ka mo thusang, ka bana ba rōna ba bane, le ’mè oa hae ea tsofetseng. Na Ruth o kile a belaela? Mangolong a seng makae ao a ileng a lumelloa ho a ngola, o ile a nkhothaletsa ho lula ke tšepahetse ’me ke sa fokole ka baka la baratuoa ba ka bao ke ba siileng.
Ka Mphalane 1940 kahlolo ea ka ea tlosoa. Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke le teronkong, ho fihlela qetellong ke fihla kampong ea mahloriso Stutthof, haufi le Danzig (eo kajeno e leng Gdansk). Lipaki tse tšepahalang tse neng li se ntse li le kampong, joaloka Joseph Scharner, Wilhelm Scheider, Herman Raböse, le Hermine Schmidt, e ne e tl’o ba metsoalle ea ka e haufi, ’me ba matlafatsa tumelo ea ka.a Hona moo, har’a batšoaruoa ba 30 000, e mong le e mong a ahlotsoe ’me a amohuoe tšepo, re bile le tokelo ea ho hlalosa tšeliso ea ’Muso oa Jehova.
Ho Leboha Molemo oa Jehova
Ka Pherekhong 1945, ha ntoa e ntse e atamela moeling o ka bochabela, kampo ea qala ho tlosoa. Boema-kepeng ba Danzig, sekepe sa Wilhelm Gustloff se ne se eme ho re nkela bophirimela. Ra fihla kamor’a nako—hobane mokoloko oa rōna o ile oa hlaseloa ke lifofane—re ile ra pholoha leeto le malimabe, hobane ke ba seng bakae ba ileng ba sala ba phela ha sekepe seo se teba.b Joale re ile ra bolokoa ka har’a ntlo e khōlō le batšoaruoa ba bang ba ka bang 200. Ka lebaka la boemo bo seng botle ba matloana a kathoko, ke ile ka kenoa ke feberu ea mala. Joale ha hlaha taelo: “Khutlelang kampong ea Stutthof!” Ka hobane ’mele oa ka o ne o chesa haholo, ke ne ke tsamaea ka thata, ’me ke tsamaile tsela e telele ho boela morao ka thuso ea moena e mong, Hans Deike. Feberu e nkile matsatsi a leshome ho kokobela sepetleleng sa kampong.
Letsatsi la la 25 ’Mesa, 1945, le re chabetse re le tseleng e khutlelang lebopong. Ke ne ke ntse ke kula haholo, ’me bo-khaitseli ba ne ba loantšana le ho nthusa. Ho ntse ho le joalo, ba bang ba bona ba ne ba bina lipina tsa rōna. Re ile ra palamisoa seketsoaneng se senyenyane ho qalisa leeto la rōna le ka ’nang la ba kotsing neng kapa neng. Sekepe se palamisitseng batho ba kaholimo ho 400, se ne se tsamaea ka thata. Ka ho batla ho boloka sekepe se le boemong bo nepahetseng ka leoatleng, batšoaruoa ba ile ba shapuoa ’me ba isoa moo ho lulang liphahlo. Moo, batho ba ne ba robetse holim’a ba bang. Ba shoang ba ne ba lahleloa ka ntle ho sekepe. Ebile lehlohonolo hore sehlotsoana sa rōna sa Lipaki tse 12 se ile sa lumelloa ho lula karolong e kaholimo ea sekepe, ’me re leboha Molimo ka sena.
Re tsitsipane ke serame, hoseng ha tsatsi le latelang ra theoha Sassnitz sehlekehlekeng sa Rügen. Batho ba moo ba hana ho re amohela, ba re nea metsi feela. Bosiung ba la 29/30 ’Mesa, sekepe sa rōna sa hanella majoeng a mangata a ka tlas’a metsi haufi le sehleke-hleke sa Eulenbruch. Seketsoana se re hutseng moo re neng re emisitse bosiu se ne se re kentse sebakeng se tletseng majoe. Na ena e ne e le tsela ea ho re bolaea kaofela? Ha re utloa majoe a ka tlas’a metsi a ngoapa sekepe sa rōna, ra tšepela ho Molimo hore o se re lahle.
Balebeli ba lebopo ba re tlisa lebopong ka liketsoana. Sehlopha sa rōna se ile sa qobelloa ho tsoela pele ka leeto ka sekepeng se seng re khannoa ka lithunya. Boema-kepe bohle ba Jeremane bo ne bo tletse ka masole a Selekane, kahoo re ile ra a qoba ’me ra emisa sehlekehlekeng sa Møn Denmark. Re lokolohile qetellong, ra botsa bashebelli haeba ho e-na le e mong oa Lipaki tsa Jehova sehlekehlekeng. Ka lihora tse peli re ne re amohetsoe ka mofuthu ke bo-khaitseli ba babeli. Ba neng ba shebelletse ba ile ba makala hakaakang. Hamorao ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower ea utloa ka ho fihla ha rōna, Filip Hoffman o ile a romeloa ho tla fana ka tlhokomelo e lerato. Re ne re leboha Jehova hakaakang!
Molimo o Fana ka Bophelo le Khōlo
Kapele re ile ra lebala phihlelo ea rōna e bohloko ’me ra thabela ho ea kopanong ea Lipaki tsa Jehova Copenhagen ka Loetse. Baroetsana ba babeli, oa Latvia le oa Ukraine, ba ithutileng ’nete kampong ea Stutthof ba kolobetsoa. Ba khutlela Soviet Union e le likhaitseli tsa rōna tsa moea. ’Me Molimo o ne o ntse o tla re fa khōlo e eketsehileng!
Joale Memelland e ne e se e le karolo ea Rephabliki ea Soviet ea boSocialist ea Lithuania. Ho fapana le lipolelo tse phehellang tsa baphaphathehi ba Russia, ka tsamaella bochabela ka Phupjane 1946, ho ea kopana le lelapa la ka. Ka tsamaea le seshoba sa lingoliloeng tsa Bibele. Ha ke tšela moeli, balebeli ba hlahlobang liphahlo ba hlokomoloha seshoba sa ka, ba lebisa tlhokomelo haholo limeleng tse ngata tsa sefotha-fotha tseo ke neng ke li nkile. Baena ba ne ba thabile hakaakang ho fumana lijo tse bohlokoa tsa moea!
Ke ne ke tletse ka teboho ho Jehova ka ho boloka lelapa la ka hantle nakong ea ntoa le linakong tse boima e le hore hamorao re ka tsoela pele ka mosebetsi oa rōna. Ha re e-so emise ho rorisa Molimo!
Masoabi a Maholo
Leha ho le joalo, ka Loetse 1950 Lipaki tsohle sebakeng sa rōna li ile tsa koalloa teronkong ’me tsa isoa sebakeng se seng. Ba bang ho rōna ba ahloleloa lilemo tse pakeng tsa 10 le 25 kampong ea basebetsi. Litho tsohle tsa malapa a rōna li ile tsa lelekeloa Siberia.c
Ana e bile masoabi a maholo ho rōna, empa kapele ra hlokomela hore le naheng ena e khōlō, molaetsa oa ’Muso o lokela ho boleloa. Ebile tokelo ea ka, le Lipaki tse ling tse ka bang 30, ho bolela ho batšoaruoa ba 3 000 ba kampo ea Vorkuta Europa ka leboea la Russia. Ba bangata ba ileng ba amohela ’nete, ba kolobetsoa, ’me ha ba lokolloa ba tsoela pele ka mosebetsi linaheng tse e-song ho tsebe letho ka molaetsa.
Kamor’a lilemo tse ka bang hlano, ka 1957, ke ile ka fuoa tumello ea ho ea sebakeng sa Tomsk, ’me sena sa kopanya lelapa la rōna. Baena Siberia ba lokela ho sebeletsa ho tloha hoseng ho fihla mantsiboea, ba se na letsatsi la phomolo. Qetellong, hoo e ka bang kaofela ba neng ba lelekiloe ba lokolloa, ’me ha latela ho falla ha lichaba tse ngata tsa Jeremane ho ea boroa. Joaloka ho boletsoe qalehong, re ile ra lula Rephabliking ea Kirghiz ea Asia Bohareng ka 1960. Mona, toropong ea Kant haufi le Frunze, re ile ra fumana malapa a mangata a Lipaki tsa Jehova a fihlileng pele ho rōna.
Lilemo tse seng kae tsa pele tsa feta li tletse khotso. Ha metsi a ’nete a qala ho ba le liphello, paradeise ea moea ea qala ho hōla mona le libakeng tse ling tsa naha ena. Leha ho le joalo, thoriso ea rōna e chesehang ho Jehova, ha ea ka ea tsoela pele e sa lemohuoe. Likoranta tsa hatisa lihlooho tse re senyang. Baofisiri ba baetapele ba ngolla malumeli ho re thibela ho etela “linku” tsa bona, ba re tšosa ka hore ba tla nka khato khahlanong le rōna. Ka 1963, ka tšohanyetso baena ba supileng ba khethoa har’a rōna ’me ba ahloleloa lilemo tse pakeng tsa tse supileng le tse leshome kampong ea basebetsi. Boemo bo se nang tšabo le bo sa koeneheng ba baena ba rōna ka pel’a lekhotla la molao ba makatsa batho. Ba bona hore ho na le batho ba ikemiselitseng ho ‘utloa Molimo ho e-na le batho.’—Liketso 5:29.
Ha ke fihla nakong ea ho tlohela mosebetsi, re ile ra bolelloa hore re tla lumelloa ho fallela Rephabliking e Kopaneng ea Jeremane. Pele re tloha, baena le bo-khaitseli ba Kirghiz le Kazakhstan Boroa ba re kōpa hore re fetisetse lerato la bona le mofuthu le litumeliso ho Lipaki tsohle tsa Jehova lefatšeng lohle, ka Jobo 32:19-22 le Jeremia 20:9, 10. Hajoale ’na le Ruth re phetse Bremerhaven ho tloha ka 1969. Ho sa tsotellehe ho atamela ha botsofali, re tsoela pele ho rorisa Jehova, Mohloli oa bophelo le khōlo, bakeng sa mosa oa hae. Re sheba pele ka tšepo letsatsing leo lefatše lohle le tlang ho ba paradeise ea sebele, ’me tse phefumolohang kaofela li tlang ho mo rorisa!—Pesaleme ea 150:6.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa la 15 Mphalane, 1968, maqephe 463-67.
b Bona Awake! ea la 22 Motšeanong, 1978, maqephe 16-20.
c Bona The Watchtower, ea la 15 ’Mesa, 1956, maqephe 233-6.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Eduard le Ruth Warter kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sehlopha sa Lipaki se tsoang kampong ea mahloriso Stutthof kamor’a hore se fihle Denmark ka 1945, Eduard Warter o qetellong ka letsohong le letšehali