Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/15 maq. 26-29
  • Ho Bona Bahamas—Ka Mahlo a Mosebeletsi ea Tsamaeang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bona Bahamas—Ka Mahlo a Mosebeletsi ea Tsamaeang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lihlekehleke tsa Out
  • Kamoo ke Tsamaileng
  • Ho Thoe’ng ka Batho?
  • Likho, Menoang le “Likatse tse Halikiloeng”
  • Meputso ea ho Tsamaea
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/15 maq. 26-29

Ho Bona Bahamas—Ka Mahlo a Mosebeletsi ea Tsamaeang

BAHAMAS. Ho ne ho e-na le nako eo lebitso lena le ’nahanisang litoro tsa ho robala lebopong le letle la lehlabathe ka tlas’a lipalema tsa coconut tse ntseng li foka butle kapa ho tola ka har’a metsi a leoatle a hlakileng joaloka kristale, a maputsoa. Ho baeti ba matsatsi a phomolo ba fihlang Bahamas khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, lipono tse joalo li fetoha ’nete. Boemo ba leholimo sehleke-hlekeng sena sa libaka tse chesang boa thabisa, mocheso o fihla ho likhato tsa centigrade tse 21 mariha le tse 29 lehlabula!

Hona joale Bahamas e bolela ho hongata ho ’na ho feta feela ho thabela mofuthu oa letsatsi la sebaka se chesang ke le moeti matsatsing a phomolo. E fetohile kabelo ea ka ke le mosebeletsi ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova. Tloo le ’na ’me u bohe Bahamas ka mahlo a ka.

Lihlekehleke tsa Out

Ke feela lihlekehleke tse ka bang 20 ho tse 700 tse nang le baahi, ’me batho ba bangata ba Bahamas ba lula motse-moholo oa Nassau sehleke-hlekeng sa New Providence. Nassau e tsebahala e le kou eo likepe li fapohelang ho eona ’me e na le lihotele tse ngata tsa baeti ba tlang matsatsing a phomolo. Mohlomong u kile ua lula ho e ’ngoe ea tsona. Empa na u kile ua etela lihlekehleke tse ling?

Batho ba bangata ba Bahamas ba lula Lihlekehlekeng tsa Out, tse bitsoang hape Lihlekehleke tsa Family. Lihlekehleke tsena li pota-potile Nassau, ’me se hōle haholo ka lik’hilomethara tse 480. Ho tse ’maloa tsa lihlekehleke tsena tsa Out u ka thabela boiketlo bohle ba sejoale-joale ba Nassau, empa tse ling ha li e-s’o ntlafatsoe. Ka mohlala, tse ling ha li na motlakase kapa metsi. Ha tse ling, u ka ’na ua bona batho ba ntseng ba phehela mollong oa patsi ka likichineng tsa bona tse ruletsoeng ka joang kapa ba sila poone ka leloala la letsoho.

Kamoo ke Tsamaileng

Lihlekehleke tsa Out li ka finyelloa ho tsoa Nassau ka seketsoana kapa sefofane, empa ho arohana ha tsona ho ka tlisa phephetso bathong ba nang le mosebetsi o tšoanang le oa ka. Ka mokhoa o tšoanang le oa Bakreste lekholong la pele la lilemo, mosebeletsi ea tsamaeang, kapa molebeli oa potoloho, o etela liphutheho le lihlopha tse nyenyane tsa Lipaki tsa Jehova ho li matlafatsa le ho li khothatsa moeeng.—Liketso 15:36; 16:4, 5.

Ke hopola sehlopha sa Lipaki tse tharo seo ke neng ke lokela ho se etela Sehlekehlekeng sa Out. Sehlopha sena se ne se e-s’o eteloe ke molebeli oa potoloho ka lilemo tse tharo. Ke ile ka ba ngolla ke le Nassau, ke ba tsebisa ka matsatsi a ho eta ha ka. Empa ha ke fihla ka seketsoana, ha ho Paki e ileng ea tla ho nkhahlanyetsa boema-kepeng. Ka hona, ka botsa haeba ho na le ea ka nthusang ho fumana e mong oa Lipaki. Ka isoa ho mosali e mong, ’me ha ke itsebisa ke le molebeli oa potoloho, a thaba hoo a ileng a matha ho bolella ba bang ka ho fihla ha ka. A ntšiea ke eme moo ka liphahlo tsa ka. Lipaki tseo li ne li sa amohela lengolo la ka, ’me li ne li maketse, li thabetse ho eta ha ka.

Leeto la ho khutlela Nassau le bile ka seketsoana sa liphahlo le poso. Leeto le nkile lihora tse fetang 30 har’a maoatle a matla, empa bonyane ho ’na nako e ne e tsamaea kapele. Ka fumana nako ea ho bua le bapalami ba bang. Hamorao, e mong oa litho tsa basesisi a qalisa ho ithuta Bibele ’me hona joale o tla libokeng phuthehong e ’ngoe Nassau.

Tsela e ’ngoe ea ho etela Lihlekehleke tsa Out ke ka sefofane. Leha ho le joalo, ke lifofane tse nyenyane feela tse ka emisang litselaneng tsa boemo-fofane ba sehlekehleke sena. Hangata boema-fofane bona bo sireletsehile, empa ka linako tse ling ho ba le liphihlelo tse tšosang. Ka nako e ’ngoe, ke ile ka tšoha haholo ha ke bona mosi o tlala ka kamoreng ea bakhanni ba sefofane nakong eo se phahamang. Sefofane sa theohela boema-fofane. Lebaka la mosi? Khoto e ne e ahile ntloana ea eona peiping ea moea o chesang haufi le enjine!

Ho Thoe’ng ka Batho?

Ha ke ntse ke tsamaea Lihlekehleke tsa Out, ka fumana batho ba bangata ba ratang lingoliloeng tsa Bibele. Empa ba bang, esita le monehelo o monyenyane oa lingoliloeng o kaholimo haholo ho matla a bona. Ka mohlala, ka letsatsi le leng le chesang haholo, re ne re le bahlano re bolela sehleke-hlekeng se seng se hōle ha ke kopana le mosali ea neng a thahasella haholo Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. O ne a se na chelete ea moneelo, empa seo a neng a na le sona ka sehatsetsing e ne e le seo re neng re se hloka—linomapholi tse hlano. Ka buka ka bapatsa linomapholi, tse ileng tsa khatholla e mong le e mong.

Batho ba Bahamas ba na le lerato la ’nete la Bibele. Sena se etsa hore ho ba tlisetsa “litaba tsena tse molemo” tsa ’Muso oa Jehova e be thabo. (Mattheu 24:14, NW) Hangata ha u etela lapeng, u tla fumana mong a ntlo a ntse a bala Bibele. Ntlong e ’ngoe eo ke neng ke e etetse, ’mè oa teng a thabela hore morali oa hae ea lilemo tse tharo a mpalle libuka tse 66 tsa Bibele ka hlooho ka tatellano ea tsona e nepahetseng.

Ka lilemo tse seng kae tse fetileng, batho ba Sehlekehleke sa Out ba thabela ho bona linehelano tsa li-slide tsa lihlooho tsa Bibele tse lokiselitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Sehlekehlekeng se seng, ho ne ho se na holo, ra etsa litokisetso tsa ho bontša li-slide ka ntle ho lebenkele le lenyenyane la lijo le sa tsoa ferefuoa ka bosoeu. Ha bokana batho ba ka bang 60—ba bang ba eme ha ba bang ba lutse.

Ka nako e ’ngoe, ha bokana ba 120. Ba thabela lenaneo la li-slide haholo hoo eitseng ha ho khantšoa mabone, ho sa kang ha ema le ea mong ho tsamaea. Ka hopola hore ke tšoere sete e ’ngoe ea li-slide ea sehlooho se fapaneng sa Bibele. Kahoo, ha tingoa mabone hape, ’me sehlopha sa bontšoa sete ea bobeli eo se e thabetseng.

Ka linako tse ling ho ka ’na ha hlaha mathata. Sehlehlekeng se seng sehlopha sa batho sa bokana ntlong ea sekolo ho tla shebella lenaneo la rōna la li-slide la Bibele. Ha ke sotha mochine ho bontša litšoantšo, bulb ea mochine ea cha. Ke ne ke se na bulb e ’ngoe, ’me ho ne ho se moo nka e fumanang Sehlekehlekeng sa Out. Mokhopi o ne o soabile. Leha ho le joalo, ka bula mochine le ho etsa litokiso tse seng kae, ka tseba ho sebelisa bulb e tloaelehileng ea ntlo, ea sebetsa, le hoja khanya ea eona e ne e fokola. Bashebelli ba ne ba sa khathalle hoo. Ba thabela lenaneo ho ntse ho le joalo.

Likho, Menoang le “Likatse tse Halikiloeng”

Ho etela kamehla Lihlekehlekeng tsa Out ho biletsa ho lumela ho ineela maemong a libaka tse chesang. Ke hopola ka lekhetlo la pele ha ke qala ho bona sekho se seholo. Sekho sena se ne se tsamaea fatše, ’me se le boholo bo lekanang le ba letsoho la ka! Ka tsitsipana—ke tšohile. Ka lehlohonolo, mong a ntlo a mpholosa. Ka ho se otla hang feela ka thipa ea hae e khōlō, “sera” sa shoa. Mong a ntlo e ne e le monna ea lilemo li 82. Pele, o ne a hanyetsa mosali oa hae ho sebeletsa Jehova. Empa hamorao, a qalisa ho fihla Holong ea ’Muso le ho ithuta Bibele le eena.

Ka lebaka la boemo ba leholimo bo futhumetseng, menoang e ka ’na ea hlahisa bothata. Ka linako tse ling e ka ba mengata hoo ha u bua o mong o ka fofelang ka hanong. Koana, lintho tse ling tse phelang lia thabisa, joaloka li-flamingo tse pinki tse lulang har’a matlo a tsona a tlhaho a tletseng ka limela le lifate tsa litholoana.

Ho ithuta ka lijo tsa moo ho senola lintho tse ngata. Sehlekehlekeng se seng, ka bona ntho e kang sefate sa lilamunu se tletseng ka litholoana tse mathe-maloli. Ka botsa mosali oa moo haeba nka kha lamunu e le ’ngoe kapa tse peli. Empa a ntemosa. A re ha se lilamunu empa e le litholoana tse bolila. Leha ho le joalo, a lumela hore nka kha. Koana, ke ne ke nahana hore ke tseba lilamunu ka ho li bona sefateng. Ka kha e ntle e tenya ’me ka e loma. Mohlolo! Mesifa ea molomo oa ka ea funyella. Tholoana e ne e baba haholo, joaloka lemon. Mosali a tšeha, empa ka hlokomela hore leha tholoana ea sefate sa “lamunu” e bonahala joaloka lamunu, ha e latsoehe joaloka eona!

Ke ne ke nahana hore ke se ke tseba bophelo ba lihlekehleke hantle ho fihlela ke ea sehleke-hlekeng se seng. Ke ne ke lula le monna-moholo oa mohlolohali ha ke sebeletsa phutheho ea bona. Ha ke tsoha hoseng ha letsatsi la pele, a ’memela ho kopanela le eena lijong tsa hoseng. Molomo oa ka oa lutlisa mathe—empa boemo ba fetoha ha a mpolella lijo tseo re tla li ja. “Likatse tse halikiloeng!” Ha ke kena ka kichineng ’me ke se ke tla hana lijo, ka ’mona a fetola likuku tsa pane. Ka ’motsa, “likatse tse halikiloeng li kae?” A supa likuku tsena tsa pane. Ka liha matšoafo, ’me ra qhalana ka litšeho. O ne a nahana kea tseba hore likuku tsa pane li bitsoa likatse tse halikiloeng sehleke-hlekeng seo.

Meputso ea ho Tsamaea

Ka lebaka la ho arohana haholo ha libaka tse ling tsa lihlekehleke, ho na le tlhokahalo e khōlō ea basebeletsi ho thusa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Tlhokahalo ena ha e har’a ba buang Senyesemane ba Bahamas feela empa hape le ho bafalli ba Haiti ba buang Sefora.

Ho ba mosebeletsi ea tsamaeang Bahamas ke phephetso e hlasimollang e hlokang ho tenyetseha le mokhoa oa bophelo oa lihlekehleke tsena. Empa ho boetse ho na le meputso e meholo. O mong ke thabo e se nang ho lekanngoa ea ho bona batho ba arabelang molaetseng oa Bibele. O mong ke tokelo e ntle ea ho khothatsa moeeng liphutheho tse qhalakaneng le lihlopha tse arohaneng.

Rōna mona Bahamas re ithabela botleng ba mabopo a phatsimang le lehlabathe le lesoeu le mafika a hohelang a hlophisitsoeng hantle ka lihlapi. Empa re thaba haholo ka se etsahalang lefatšeng ka bophara. Re le Lipaki tsa Jehova, re bona Pesalame ea 97:1 e phethahatsoa. E re: “Jehova oa busa. Lefatše a le ke le thabe; lihlekehleke tse ngata a li ke li nyakalle!”—Kamoo ho boletseng Anthony Reed.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Ke ile ka tšoha haholo ha ke bona mosi o tlala ka kamoreng ea bakhanni ba sefofane nakong eo se phahamang

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Batho ba Bahamas ba na le lerato la ’nete la Bibele. Sena se etsa hore motho a thabele ho ba tlisetsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Jehova

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Ke hopola ka lekhetlo la pele ha ke qala ho bona sekho se seholo. Se ne se tsamaea fatše, se le boholo bo lekanang le letsoho la ka!

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 29]

Ka ’motsa, “‘Likatse tse halikiloeng’ li kae?”

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 26]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

FLORIDA

BAHAMAS

LEOATLE LA ATLANTIKI

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela