Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 5/1 leq. 3
  • Na Boprofeta Bohle bo Tsoa ho Molimo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Boprofeta Bohle bo Tsoa ho Molimo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boprofeta ke Eng?
  • Morero oa Boprofeta ke Ofe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na Hoa Tsotelleha Hore na U Rapela Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lebaka la Hore U Tšepe Boprofeta ba Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bolumeli Bo Qalile Joang?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 5/1 leq. 3

Na Boprofeta Bohle bo Tsoa ho Molimo?

“MOLIMO . . . o tlameha o be o nkoa o le moholo haholo, e le oa bokahohleng haholo hore o ka ikamahanya le bolumeli bo le bong, tsela e le ’ngoe kapa, kamoo ho leng kateng, sechaba se le seng feela.” Ke kamoo ho ngotseng rafilosofi e mong ho The Guardian, koranta ea Nigeria. O nahana hore Molimo o senotse malumeli a meetlo a Afrika bakeng sa boemo ba Maafrika ’me o etsa tlhahiso ea hore malumeli a mang a maholo a etselitsoe ho tšoanelana le maemo a libaka tseo.

Balumeli ba meetlo ba nka Bokreste e le bolumeli ba Europe ’me linohe e le baemeli ba ’nete ba boprofeta. Lengolo le neng le e-ea ho Daily Times ea Nigeria le itse: “Molimo o Matla ’Ohle o itšenola ka linako tse sa tšoaneng ho batho ba sa tšoaneng . . . banna ba bohlale ba lefatše ba seba hore Ea Holimo-limo hona joale o itšenola Afrika.” Ba bang ba bile ba na le tšepo ea hore ho tla ba le moprofeta oa Moafrika, ea tšoanang le Jesu, ’me ba bang ba re, ea tšoanang le Muhammad.

Maikutlo ana a hlahisa lipotso tse kang tsena: Na boprofeta bohle bo tsoa ho Molimo? Na ke oona o senotseng maikutlo a sa tšoaneng a bolumeli a arotseng lefatše? Na o na le litlhokahalo tse sa tšoaneng tsa bolumeli bakeng sa merabe e sa tšoaneng? Kapa na ho na le baprofeta ba ’nete le ba bohata, le malumeli a ’nete le a bohata? Hantle-ntle boprofeta ba ’nete ke eng, hona morero oa bona ke ofe?

Boprofeta ke Eng?

Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa boprofeta e le “polelo e bululetsoeng ea thato ea bomolimo le morero oa bomolimo 2: polelo e bululetsoeng ea moprofeta 3: polelo e etsoang pele ho nako ea ho hong ho tlang.” Hona ho fana ka maikutlo a hore ho ka ba le mehloli e fapa-fapaneng ea boprofeta.

Ha a sireletsa malumeli a meetlo, tichere ea univesithi ea lithuto tsa bolumeli, E. Bolaji Idowu, o bua ka “maikutlo a motsoebere ka Molimo Afrika.” Buka ea hae African Traditional Religion e hlalosa hore “hangata matla a bona le sebopeho sa bona li ea ka libaka.” Ka mohlala, o bolela hore “ha karolong e khōlō ea Afrika ho nkoa hore Molimo ke motho e motona, ho na le libaka tse ling [haholo-holo metseng e busoang ke basali] moo o nkoang e le motho e motšehali.” Na maikutlo a joalo a libaka ka bomong le a hanyetsanang a ka bululeloa ke Molimo? Tichere Idowu o lumela hore “ha ho letho le ka thibelang . . . moloko . . . leha e le ofe oa Afrika hore o be le maikutlo a oona ka Molimo.” Hona ho fana ka maikutlo a hore maikutlo a joalo a bolumeli a hlaha likhopolong tsa batho le temohong ea bona ho e-na le tšenolong ea bomolimo.—Bapisa Ba-Roma 1:19-23.

Linohe le lilaoli tsa meetlo ha li senole botho ba ’nete ba Molimo kapa thato ea oona le morero oa oona. Li sebetsana le meetlo le litšebeletso tse hlokoang ke “melimo” e fapa-fapaneng ea libaka ka bomong. Boprofeta ba tsona bo theiloe tsebong ea mehlolo le bonoheng. Ka baka leo, boprofeta bo joalo hase lipolelo tse bululetsoeng tsa thato ea bomolimo. Mohloli oa tsona hase Molimo o Matla ’Ohle, o bululelang boprofeta ba ’nete.—2 Petrose 1:20, 21; Deuteronoma 13:1-5; 18:20-22.

E be joale mohloli oa boprofeta bo joalo ke ofe? Bakeng sa karabelo ea potso ena le tse ling tse hlahisitsoeng pejana puisanong ena, ak’u bale sehlooho se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela